Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 4

Jesu Kreste ke Mang?

Jesu Kreste ke Mang?

1, 2. (a) Na u ka re u tseba motho ea tummeng haeba u tseba lebitso la hae feela? (b) Batho ba lumela eng ka Jesu?

HO NA le batho ba bangata ba tummeng lefatšeng. Mohlomong u tseba lebitso la motho e mong ea tummeng. Empa ho tseba lebitso la hae ha ho bolele hore u mo tseba hantle le hore u tseba sohle ka eena kapa hore na ke motho oa mofuta ofe.

2 Ho ka etsahala hore ebe u kile oa utloa ka Jesu Kreste, le hoja a phetse lefatšeng lilemong tse ngata tse fetileng. Empa batho ba bangata ha ba tsebe hore na Jesu e ne e le motho oa mofuta ofe. Ba bang ba re e ne e le motho ea lokileng, ba bang ba re e ne e le moprofeta, ha ba bang ba lumela hore ke Molimo. Uena u re’ng?—Sheba tlhaloso ea 12 lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.

3. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ithuta seo e leng ’nete ka Jehova le Jesu?

3 Ho bohlokoa hore u ithute seo e leng ’nete ka Jesu hobane Bibele e re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Ha e le hantle, u ka phela ka ho sa feleng Paradeiseng ha u tseba ’nete ka Jehova le Jesu. (Johanne 14:6) Ho tseba Jesu ho tla boela ho u thuse, kaha o re behetse mohlala o motle oa hore na re lokela ho phela joang le ho tšoara ba bang joang. (Johanne 13:34, 35) Khaolong ea pele, re ithutile ’nete ka Molimo. Joale re tl’o ithuta seo Bibele e se rutang ka Jesu.

RE FUMANE MESIA

4. Mantsoe “Mesia” le “Kreste” a bolela’ng?

4 Lilemo tse ngata pele Jesu a tla lefatšeng, Jehova o ne a boletse ka Bibeleng hore o tla romela Mesia, kapa Kreste. Lentsoe “Mesia” le tsoa puong ea Seheberu ha lentsoe “Kreste” le tsoa puong ea Segerike. Mantsoe ana ka bobeli a bolela hore Molimo o ne a tla khetha Mesia ’me a mo fe boemo bo phahameng. Mesia o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa Molimo. U tla boela u ithute kamoo Jesu a ka u thusang kateng hona joale. Empa pele Jesu a tsoaloa, batho ba bangata ba ne ba ipotsa: ‘Ke mang eo e tla ba Mesia?’

5. Ke’ng e bontšang hore barutuoa ba Jesu ba ne ba lumela hore ke Mesia?

5 Barutuoa ba pele ba Jesu ba ne ba kholisehile hore Jesu ke Mesia. (Johanne 1:41) Ka mohlala, Simone Petrose o ile a re ho Jesu: “U Kreste.” (Matheu 16:16) Ke’ng e re kholisang hore Jesu ke Mesia?

6. Jehova o ile a etsa’ng ho thusa batho ba lipelo li ntle hore ba lemohe Mesia?

6 Nako e telele pele Jesu a tsoaloa, baprofeta ba Molimo ba ile ba ngola lintlha tse ngata tse neng li tla thusa batho hore ba hlalohanye Mesia. Li ne li tla ba thusa joang? Nka hore u lokela ho lata motho eo u sa mo tsebeng setopong se phetheselang sa libese. U tla khona ho mo fumana haeba motho e mong a u hlaloselitse ka eena hantle. Ka ho tšoanang, Jehova o ile a sebelisa baprofeta ba hae ho bolela lintho tseo Mesia a neng a tla li etsa le hore na ho ne ho tla etsahala’ng ka eena. Ho phethahala ha boprofeta boo ho thusa batho ba lipelo li ntle ho lemoha hore ka sebele Jesu ke Mesia.

7. Ke lintho life tse profetiloeng tse ileng tsa paka hore Jesu ke Mesia?

7 Bo bong ba boprofeta boo ke bona: lilemo tse 700 pele Jesu a hlaha, Mikea o ile a profeta hore Mesia o ne a tla hlahela motseng o monyenyane oa Bethlehema. (Mikea 5:2) Jesu o ile a fela a hlahela moo. (Matheu 2:1, 3-9) Daniele le eena o ile a profeta hore Mesia o ne a tla hlahella ka selemo sa 29. (Daniele 9:25) Ntle ho boprofeta bona bo boletsoeng, ho na le boprofeta bo bong bo pakang hore Jesu ke Mesia.—Sheba tlhaloso ea 13 lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.

Ha Jesu a kolobetsoa, e ile ea e-ba Mesia kapa Kreste

8, 9. Ho ile ha etsahala’ng ha Jesu a kolobetsoa e ileng ea paka hore ke eena Mesia?

8 Jehova o ile a etsa hore ho hlake hore Jesu ke Mesia. Molimo o ile a tšepisa Johanne Mokolobetsi hore o ne a tla mo fa pontšo e tla mo thusa ho lemoha Mesia. Johanne o ile a bona pontšo eo ka selemo sa 29 ha Jesu a tla ho eena hore a mo kolobetse nokeng ea Jordane. Bibele e re bolella se ileng sa etsahala: “Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe kapele-pele a nyoloha a tsoa ka metsing; ’me, bonang! maholimo a buleha, ’me a bona moea oa Molimo o theoha joaloka leeba o tla holim’a hae. Bonang! Hape, ha e-ba le lentsoe le tsoang maholimong le reng: ‘Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.’” (Matheu 3:16, 17) Ha Johanne a bona sena ’me a utloa mantsoe ao, o ile a lemoha hore Jesu ke Mesia. (Johanne 1:32-34) Jesu e ile ea e-ba Mesia hona letsatsing leo ha Jehova a mo fa moea o halalelang. Ke eena eo Molimo a ileng a mo khetha hore e be Moeta-pele le Morena.—Esaia 55:4.

9 Ho na le bopaki ba hore Jesu ke Mesia. Taba ena e tiisoa ke boprofeta ba Bibele, litšepiso tseo Jehova a neng a li entse le seo a ileng a se etsa ha Jesu a ne a kolobetsoa. Empa Jesu o ne a tsoa hokae, hona e ne e le motho oa mofuta ofe? A re ke re utloe seo Bibele e se buang.

JESU O NE A TSOA HOKAE?

10. Bibele e re Jesu o phetse hokae pele a tla lefatšeng?

10 Bibele e re Jesu o phetse leholimong nako e telele pele a tla lefatšeng. Lengolo la Mikea le re ke khale Mesia a le teng. (Mikea 5:2) Jesu ka boeena o boletse ka makhetlo hore o phetse leholimong pele a tsoaloa e le motho. (Bala Johanne 3:13; 6:38, 62; 17:4, 5.) Le pele Jesu a tla lefatšeng, o ne a e-na le kamano e ikhethang le Jehova.

11. Ke hobane’ng ha Jehova a rata Jesu haholo?

11 Jehova o rata Jesu haholo hobane o mo bopile pele ho lintho tse ling tsohle. Kahoo, Jesu o bitsoa “letsibolo la pōpo eohle.” * (Bakolose 1:15) Lebaka le leng le etsang hore Jehova a rate Jesu haholo, ke hobane ke eena feela eo a mo bopileng ka ho toba. Ke kahoo a bitsoang ‘Mora ea tsoetsoeng a ’notši.’ (Johanne 3:16) Jesu ke eena feela eo Jehova a ileng a mo sebelisa ho bopa lintho tse ling tsohle. (Bakolose 1:16) Hape ke Jesu feela ea bitsoang “Lentsoe,” hobane ke eena eo Jehova a ileng a mo sebelisa ho fetisetsa melaetsa le litaelo ho mangeloi le ho batho.—Johanne 1:14.

12. Ke bopaki bofe bo bontšang hore Jesu le Molimo ha se motho a le mong?

12 Batho ba bang ba lumela hore Jesu le Molimo ke motho a le mong. Leha ho le joalo, Bibele eona e re Jesu o bopiloe, e leng hore ho na le nako eo a neng a le sieo. Empa Jehova eena haesale a ntse a le teng. (Pesaleme ea 90:2) Kaha Jesu ke Mora oa Molimo, ha ho mohla a kileng a leka ho iketsa Molimo. Bibele e ruta ka ho hlaka hore Ntate o moholo ho Mora. (Bala Johanne 14:28; 1 Bakorinthe 11:3) Jehova ke eena feela “Molimo ea Matla ’Ohle.” (Genese 17:1) Ke eena ea moholo le ea matla ka ho fetisisa.—Sheba tlhaloso ea 14 lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.

13. Ke hobane’ng ha Bibele e re Jesu ke “setšoantšo sa Molimo”?

13 Jehova le Jesu ba sebelitse hammoho ka lilemo tse libilione pele maholimo le lefatše li boptjoa. E tlameha ebe ba ne ba ratana haholo! (Johanne 3:35; 14:31) Jesu o ne a etsa lintho hantle joaloka ntate oa hae, hoo Bibele e mo bitsang “setšoantšo sa Molimo.”—Bakolose 1:15.

14. Ho tlile joang hore Jesu a tsoaloe e le motho?

14 Jesu o ile a ithaopela ho tloha leholimong e le hore a tl’o tsoaloa e le motho lefatšeng. Mohlolo oo o ile oa etsahala joang? Jehova o ile a fetisetsa bophelo ba Mora oa hae popelong ea moroetsana ea bitsoang Maria. Taba ena e bolela hore ho ne ho sa hlokahale hore ho be le motho oa ntate e le hore Jesu tsoaloe. Kahoo, Maria o ile a tsoala mora ea phethahetseng, eaba o mo reha Jesu.—Luka 1:30-35.

JESU E NE E LE MOTHO OA MOFUTA OFE?

15. U ka etsa’ng hore u tsebe Jehova hantle?

15 U ka ithuta ho hongata ka Jesu, bophelo ba hae le hore na e ne e le motho oa mofuta ofe ha u bala libuka tsa Bibele tse kang Matheu, Mareka, Luka le Johanne. Libuka tsena li bitsoa Likosepele. Ha u ithuta ka Jesu u tla tseba Jehova hantle hobane Jesu o tšoana le Ntate oa hae. Ke kahoo Jesu a neng a ka re: “Ea mponeng o bone le Ntate.”—Johanne 14:9.

16. Jesu o ne a ruta eng? Lintho tseo Jesu a neng a li ruta li ne li tsoa ho mang?

16 Batho ba bangata ba ne ba bitsa Jesu “Mosuoe.” (Johanne 1:38; 13:13) Ntho e ka sehloohong eo a neng a e etsa ke ho ruta batho “litaba tse molemo tsa ’Muso.” ’Muso oo ke eng? Ke puso ea Molimo e tla busa lefatšeng lohle e le leholimong ’me batho ba mamelang Molimo ba tla hlohonolofatsoa. (Matheu 4:23) Lintho tsohle tseo Jesu a neng a li ruta li ne li tsoa ho Jehova. Jesu o ile a re: “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ea nthomileng.” (Johanne 7:16) Jesu o ne a tseba hore Jehova o batla hore batho ba utloe litaba tse molemo tsa hore ’Muso oa Molimo o tla busa lefatše lohle.

17. Jesu o ne a rutela hokae? Ke hobane’ng ha a ile a sebetsa ka thata hakaale hore a rute batho?

17 Jesu o ne a rutela hokae? Hohle moo a neng a fumana batho. O ne a rutela libakeng tse ka thoko le metseng, limmarakeng, libakeng tsa borapeli le malapeng a batho. O ne a sa emele hore batho ba tle ho eena. O ne a ea ho bona. (Mareka 6:56; Luka 19:5, 6) Jesu o ne a sebetsa ka thata ’me a qeta nako e ngata a ruta batho. Hobane’ng? Hobane o ne a tseba hore ke sona seo Molimo a batlang hore a se etse ’me kamehla o ne a mamela Ntate oa hae. (Johanne 8:28, 29) Jesu o ne a boetse a ruta batho hobane a ba utloela bohloko. (Bala Matheu 9:35, 36.) O ne a hlokomela hore baruti ha ba rute ’nete ka Molimo le ka ’Muso oa hae. Kahoo, o ne a batla ho bolella batho ba bangata kamoo a ka khonang litaba tse molemo.

18. Jesu o na le makhabane afe ao u a ratang?

18 Jesu o ne a rata batho a bile a ba tsotella. O ne a le mosa ’me ho le bonolo ho buisana le eena. Esita le bana ba ne ba mo rata. (Mareka 10:13-16) Jesu o ne a se leeme. O ne a hloile bobolu le ho hloka toka. (Matheu 21:12, 13) Mehleng ea hae, batho ba bo-’mè ba ne ba sa hlomphuoe ’me ba tšoaroa hampe. Empa eena o ne a ba hlompha a bile a ba siela seriti. (Johanne 4:9, 27) Jesu o ne a ikokobelitse e le kannete. Ka mohlala, mantsiboeeng a mang o ile a hlatsoa baapostola ba hae maoto, e leng ntho eo ka tloaelo e neng e etsoa ke lekhoba.—Johanne 13:2-5, 12-17.

Jesu o ne a ruta batho hohle moo a neng a ba fumana teng

19. Ke mohlala ofe o bontšang hore Jesu o ne a tseba seo batho ba se hlokang ’me a batla ho ba thusa?

19 Jesu o ne a tseba seo batho ba hlileng ba se hlokang, ’me a batla ho ba thusa. Sena se ile sa totobala ha a sebelisa matla ao Molimo a mo fileng ’ona ho phekola batho. (Matheu 14:14) Ka mohlala, monna e mong ea neng a tšoeroe ke lepera o ile a tla ho Jesu ’me a re: “Haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.” Jesu o ile a hauhela monna eo ka lebaka la bohloko boo a neng a bo utloa. O ne a mo qenehela ebile a batla ho mo thusa. Kahoo Jesu a otlolla letsoho, a ama monna eo, eaba o re ho eena: “Kea batla. Hloeka.” Eaba monna eo oa fola. (Mareka 1:40-42) U nahana hore monna eo o ile a ikutloa joang?

KAMEHLA O NE A TŠEPAHALLA NTATE OA HAE

20, 21. Jesu o re behetse mohlala o motle joang tabeng ea ho mamela Molimo?

20 Jesu o re behetse mohlala o motle ka ho fetisisa oa ho mamela Molimo. O ne a tšepahalla Ntate oa hae ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng kapa hore na lira tsa hae li etsa’ng. Ka mohlala, Jesu ha aa ka a etsa sebe ha Satane a mo leka. (Matheu 4:1-11) Beng ka eena ba bang ba sa lumele hore ke Mesia ’me ba re “o lahlehetsoe ke kelello,” empa Jesu o ile a tsoela pele ho etsa mosebetsi oo Molimo a mo fileng ’ona. (Mareka 3:21) Jesu o ile a lula a tšepahalla Molimo leha lira tsa hae li mo tšoara hampe, hape ha aa ka a iphetetsa.—1 Petrose 2:21-23.

21 Le nakong eo Jesu a hlekefetsoang le ho bolaoa ka sehloho, o ile a tsoela pele a tšepahalla Jehova. (Bala Bafilipi 2:8.) Nahana feela bohloko boo a ileng a tlameha ho bo mamella letsatsing leo a bolailoeng ka lona. O ile a tšoaroa, lipaki tsa bohata tsa mo qosa ka hore oa nyefola, baahloli ba leeme ba mo ahlolela lefu, matšoele a mo tšeha ’me masole a mo hlokofatsa a ba a mo khokhothela thupeng. Pele a shoa o ile a re: “Ho phethehile!” (Johanne 19:30) Jehova o ile a tsosa Jesu ka mor’a matsatsi a mararo, a ba a mo fa ’mele oa moea. (1 Petrose 3:18) Libeke tse seng kae hamorao, Jesu o ile a khutlela leholimong, a “lula ka letsohong le letona la Molimo,” ’me a emela hore Molimo a mo etse Morena.—Baheberu 10:12, 13.

22. Kaha Jesu o ile a tšepahala, re na le monyetla ofe?

22 Kaha Jesu o ile a lula a tšepahala, o re file monyetla oa ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng, feela joalokaha Jehova a ne a rerile. Khaolong e latelang, re tla tšohla hore na ke hobane’ng ha lefu la Jesu le re bulela monyetla oa hore re fumane bophelo bo sa feleng.

^ ser. 11 Jehova o bitsoa Ntate hobane ke ’Mopi. (Esaia 64:8) Jesu o bitsoa Mora oa Molimo hobane o bopiloe ke Jehova. Mangeloi hammoho le Adama, le bona ba bitsoa bara ba Molimo.—Jobo 1:6; Luka 3:38.