Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 4

Jesu Kreste ke Mang?

Jesu Kreste ke Mang?

1, 2. (a) Na ka sebele o tseba motho ya tummeng haeba o tseba lebitso la hae feela? Hlalosa. (b) Keng seo batho ba se dumelang ka Jesu?

HO NA le batho ba bangata ba tummeng lefatsheng. E ka nna yaba o tseba e mong wa batho bana. Ka hobane o tseba lebitso la hae feela, ha ho bolele hore o tseba motho eo ka botlalo. Hape, ha ho bolele hore o tseba ntho e nngwe le e nngwe ka bophelo ba hae le hore na ke motho ya jwang.

2 E ka nna yaba o ile wa utlwela ka Jesu Kreste, le hoja a ile a phela dilemong tse 2 000 tse fetileng. Empa batho ba bangata ha ba tsebe hore Jesu e ne e le motho ya jwang. Ba bang ba re e ne e le monna ya lokileng, ba bang bona ba re e ne e le moprofeta athe ba bang ba dumela hore Jesu ke Modimo. Wena o reng?—Sheba Ntlha ya 12 e hlahang qetellong ya buka.

3. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore o tsebe Jehova Modimo le Jesu Kreste?

3 Ke ha bohlokwa hore o tsebe nnete ka Jesu. Hobaneng? Bibele e re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tswela pele ba rua tsebo ka wena, Modimo a le mong feela wa nnete, le ka eo o mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Ka sebele, haeba o tseba nnete ka Jehova le Jesu, o ka phela ka ho sa feleng lefatsheng le letjha. (Johanne 14:6) Ho tseba ka Jesu ho tla boela ho re thuse, hobane o re behela mohlala o motle haholo mabapi le ho phela le batho le ho ba tshwara hantle. (Johanne 13:34, 35) Kgaolong ya 1, re ithutile seo e leng nnete ka Modimo. Jwale a re ithute ka seo Bibele e se rutang ka Jesu.

RE FUMANE MESIA!

4. Mantswe “Mesia” le “Kreste” a bolelang?

4 Dilemo tse ngata pele Jesu a hlaha, Jehova o ile a tshepisa ka Bibeleng hore o ne a tla romela Mesia kapa Kreste. Lentswe “Mesia” le tswa puong ya Seheberu mme lentswe “Kreste” lona le tswa puong ya Segerike. Ditlotla tsena tse pedi di bua ka motho eo Modimo a neng a tla mo kgetha, a be a mo fe boemo bo kgethehileng. Motho eo ke Mesia ya tshepisitsweng. Mesia o tla etsa hore ditshepiso tsohle tsa Modimo di phethahale. Jesu a ka o thusa le hona jwale. Empa pele Jesu a hlaha, batho ba bangata ba ne ba ipotsa hore na Mesia e ne e tla ba mang?

5. Na barutuwa ba Jesu ba ne ba dumela hore Jesu ke Mesia?

5 Barutuwa ba Jesu ba ne ba sa belaele hore Jesu e ne e le Mesia ya tshepisitsweng. (Johanne 1:41) Ka mohlala, Simone Petrose o ile a re ho Jesu: “O Kreste.” (Matheu 16:16) Empa rona re ka kgodiseha jwang ka seo?

6. Jehova o thusitse batho ba dipelo di ntle jwang ho fumana Mesia?

6 Nako e telele pele Jesu a hlaha, baprofeta ba Modimo ba ile ba ngola dintlha tse ngata tse neng di tla thusa batho ho fumana Mesia. See se ne se tla thusa jwang? A re re o ne o lokela ho ya seteisheneng ho lata motho eo o neng o sa mo tsebe. Haeba motho e mong a ne a ka o bolella ka ho hlakileng hore motho eo o shebahala jwang, o ne o tla nolofallwa ke ho mo fumana. Ka tsela e tshwanang, Jehova o sebedisitse baprofeta hore bolella hore Mesia o ne a tla etsang le hore ho ne ho tla etsahalang ka yena. Ho phethahala ha boprofeta boo ho thusa batho ba dipelo di ntle ho tseba hore Jesu ke yena Mesia.

7. Ke boprofeta bofe bo bontshang hore Jesu ke yena Mesia?

7 Bo bong ba boprofeta boo ke bona. Mikea o ile a bolela dilemo tse 700 pele Jesu a hlaha, hore o ne a tla hlahela motsaneng wa Bethlehema. (Mikea 5:2) Ho ile ha feela ha ba jwalo! (Matheu 2:1, 3-9) Daniele le yena o ile a profeta hore batho ba mehleng ya Jesu ba ne ba tla lemoha hore Mesia ke mang ka selemo sa 29. (Daniele 9:25) Bona ke bo bong ba boprofeta bo bongata bo bontshang hore Jesu ke yena Mesia ya tshepisitsweng.—Sheba Ntlha ya 13 e hlahang qetellong ya buka.

Jesu e ile ya ba Mesia kapa Kreste ha a ne a kolobetswa

8, 9. Ho ile ha bonahala jwang hore Jesu ke Mesia ha a ne a kolobetswa?

8 Jehova o ile a bontsha ka ho hlaka hore Jesu ke Mesia. Modimo o ile a tshepisa Johanne Mokolobetsi hore o ne a tla mo fa pontsho ya hore Mesia ke mang. Ha Jesu a ne a ilo kolobetswa Nokeng ya Jordane ka selemo sa 29, Johanne o ile a bona pontsho eo. Bibele e re bolella sena: “Ka mora hore Jesu a kolobetswe kapelepele a nyoloha a tswa ka metsing; mme, bonang! mahodimo a buleha, mme a bona moya wa Modimo o theoha jwalo ka leeba o tla hodima hae. Bonang! Hape, ha eba le lentswe le tswang mahodimong le reng: “Enwa ke Mora wa ka, ya ratwang, eo ke mo amohetseng.” (Matheu 3:16, 17) Eitse ha Johanne a bona le ho utlwa pontsho eo, o ile a tseba hore Jesu ke Mesia. (Johanne 1:32-34) Jesu e bile Mesia letsatsing leo Jehova a faneng ka moya wa hae ho yena. Ke yena eo Modimo a mo kgethileng hore e be Morena le Moetapele.—Esaia 55:4.

9 Boprofeta ba Bibele, mantswe a Jehova le pontsho eo a faneng ka yona ha Jesu a ne a kolobetswa, kaofela di paka hore Jesu ke Mesia. Empa Jesu o ne a tswa kae mme e ne e le motho ya jwang? A re utlwe seo Bibele e se rutang.

JESU O NE A TSWA HOKAE?

10. Keng seo Bibele e se rutang ka bophelo ba Jesu pele a tla lefatsheng?

10 Bibele e ruta hore Jesu o phetse lehodimong ka nako e telele pele a tla lefatsheng. Mikea o ile a re Mesia e ne e le wa “dinakong tsa pele” kapa dinakong tsa kgale. (Mikea 5:2) Jesu o ile a bua ka makgetlo a mangata hore o phetse lehodimong pele a tla lefatsheng. (Bala Johanne 3:13; 6:38, 62; 17:4, 5.) Le pele a tla lefatsheng, Jesu ha esale a na le kamano e kgethehileng le Jehova.

11. Ke hobaneng ha Jesu e le wa bohlokwa hakaale ho Jehova?

11 Jesu ke wa bohlokwa haholo ho Jehova. Hobaneng? Hobane Modimo o bopile yena pele a bopa dintho tse ding tsohle. Ka hoo, Jesu o bitswa “letsibolo la popo yohle.” * (Bakolose 1:15) Jesu ke wa bohlokwa ho Jehova hobane ke yena feela eo Jehova a mo bopileng ka boyena. Ka hoo o bitswa “Mora wa [Modimo] ya tswetsweng a nnotshi.” (Johanne 3:16) Jesu o sebedisitswe ke Jehova ho bopa dintho tse ding tsohle. (Bakolose 1:16) Ke Jesu feela ya bitswang “Lentswe,” hobane Jehova o mo sebedisitse ho fetisetsa ditaelo ho mangeloi le ho batho.—Johanne 1:14.

12. Re tseba jwang hore Jesu le Modimo ha se motho a le mong?

12 Batho ba bang ba dumela hore Jesu le Modimo ke motho a le mong. Empa Bibele ha e rute seo. Bibele e re Jesu o bopilwe, ka hoo Jesu o na le qalo. Empa Jehova, Mmopi wa dintho tsohle ha a na qalo. (Pesaleme ya 90:2) Jwalo ka ha Jesu e le mora wa Modimo, ha a ka a leka ho iketsa Modimo. Bibele e ruta hore Ntate o moholo ho mora. (Bala Johanne 14:28; 1 Bakorinthe 11:3.) Ka hoo, ke Jehova feela “Modimo ya Matla Ohle.” (Genese 17:1) Ke motho ya moholo le ya matla ka ho fetisisa mahodimong le lefatsheng.—Sheba Ntlha ya 14 e hlahang qetellong ya buka.

13. Ke hobaneng ha Bibele e re Jesu ke “setshwantsho sa Modimo ya sa bonahaleng”?

13 Jehova le Mora wa hae Jesu, ba sebeditse hammoho ka nako e telele, pele ho thehwa mahodimo le lefatshe. Ba ne ba ratana haholo! (Johanne 3:35; 14:31) Jesu o ne a etsisa makgabane a ntate wa hae ka botlalo hoo Bibele e reng ke “setshwantsho sa Modimo ya sa bonahaleng.”—Bakolose 1:15.

14. Ho tlile jwang hore Mora ya ratwang wa Jehova a tswalwe e le motho?

14 Mora ya ratwang wa Jehova o ne a ikemiseditse ho tloha lehodimong mme a tswalwe e le motho lefatsheng. Seo se ne se tla etsahala jwang? Ka mohlolo Jehova o ile a fetisetsa bophelo ba Mora wa hae ho tloha lehodimong ho kena popelong ya morwetsana ya bitswang Maria. Ka tsela eo, Jesu o ne a sa hloke ho ba le ntate wa lefatsheng. Ka hoo Maria o ile a tswala mora ya phethahetseng mme a mo reha lebitso la Jesu.—Luka 1:30-35.

JESU E NE E LE MOTHO YA JWANG?

15. O ka etsang hore o tsebe Jehova haholwanyane?

15 O ka ithuta ho hongata ka bophelo ba Jesu le makgabane a hae ka ho bala dibuka tsa Bibele tse kang Matheu, Mareka, Luka le Johanne. Dibuka tseo di bitswa Dikosepele. Ka ha Jesu o tshwana le Ntate wa hae, seo o se balang ka yena se tla o thusa hore o tsebe Jehova haholwanyane. Ke ka hoo Jesu a ileng a re: “Ya mponeng o bone le Ntate.”—Johanne 14:9.

16. Jesu o ne a ruta kang? Dintho tseo Jesu a neng a di ruta di ne di tswa hokae?

16 Batho ba bangata ba ne ba bitsa Jesu “Mosuwe.” (Johanne 1:38; 13:13) E nngwe ya dintho tsa bohlokwa tseo a neng a di ruta ke “ditaba tse molemo tsa mmuso.” Mmuso keng? Ke puso ya Modimo e tla busa hodima lefatshe lohle e le lehodimong mme e tla etsetsa batho ba mamelang Modimo dintho tse ntle. (Matheu 4:23) Dintho tsohle tseo Jesu a neng a di ruta di ne di tswa ho Jehova. Jesu o ile a re: “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ya nthomileng.” (Johanne 7:16) Jesu o ne a tseba hore Jehova o batla hore batho ba utlwe ditaba tse molemo tsa hore Mmuso wa Modimo o tla busa lefatshe.

17. Jesu o ne a ruta hokae? Ke hobaneng ha a ne a sebetsa ka thata ho ruta batho ba bang?

17 Jesu o ne a ruta hokae? Hohle moo a neng a fumana batho. O ne a ruta dibakeng tse thoko le ditoropong, mahaeng, dimmarakeng, dibakeng tsa borapedi le malapeng a batho. O ne a sa lebella hore batho ba tle ho yena. Hangata o ne a ya ho bona. (Mareka 6:56; Luka 19:5, 6) Jesu o ne a sebetsa ka thata a bile a qeta nako e ngata a ruta batho. Hobaneng? Hobane o ne a tseba hore ke seo Modimo a se batlang mme kamehla o ne a mamela Ntate wa hae. (Johanne 8:28, 29) Jesu o ne a ruta batho hobane o ne a ba qenehela. (Bala Matheu 9:35, 36.) O ne a bona hore baruti ba bona ba ne ba sa ba rute nnete ka Modimo le ka Mmuso wa hae. Ka hoo o ne a batla ho thusa batho ba bangata ho utlwa ditaba tse molemo.

18. Ke makgabane afe a Jesu ao o a ratang?

18 Jesu o ne a rata batho a bile a ba kgathalla. O ne a le mosa a bile a atameleha. Le bana ba ne ba rata ho tla ho yena. (Mareka 10:13-16) Jesu o ne a se na kgethollo. O ne a hloile bobodu le ho ba leeme. (Matheu 21:12, 13) O phetse nakong eo basadi ba neng ba se na ditokelo tse ngata ebile ba sa hlomphuwe. Empa kamehla Jesu o ne a tshwara basadi ka hlompho le ka seriti. (Johanne 4:9, 27) Jesu o ne a boetse a ikokobeditse. Ka mohlala, bosiung bo bong o ile a hlatswa maoto a baapostola ba hae, e leng ntho eo ka tlwaelo e neng e etswa ke mohlanka.—Johanne 13:2-5, 12-17.

Jesu o ne a ruta batho ka Mmuso hohle moo a neng a kopana le bona

19. Ke mohlala ofe o bontshang hore Jesu o ne a tseba seo batho ba se hlokang le hore o ne a batla ho ba thusa?

19 Jesu o ne a tseba seo batho ba se hlokang mme o ne a batla ho ba thusa. Sena se ile sa bonahala ka ho hlaka ha a ne a sebedisa matla a Modimo ho fodisa batho ka mohlolo. (Matheu 14:14) Ka mohlala, monna ya neng a tshwerwe ke lepera o ile a tla ho Jesu a re: “Haeba feela o batla, o ka ntlhwekisa.” Bohloko ba monna eo bo ile ba susumelletsa Jesu hore a mo thuse. O ile a mo hauhela mme a batla ho mo thusa. Ka hoo Jesu o ile a otlolla letsoho la hae, a ama monna eo yaba o re: “Ke a batla. Hlweka.” Monna eo o ile a fola! (Mareka 1:40-42) O ka inahanela feela hore na o ile a ikutlwa jwang!

O NE A TSHEPAHALA KAMEHLA HO NTATE WA HAE

20, 21. Ke jwang Jesu a re behelang mohlala o motle wa ho mamela Modimo?

20 Jesu o re behela mohlala o motle wa ho mamela Modimo. Ho sa tsotellehe hore dira tsa hae di mo etsang, o ile a dula a tshepahalla Ntate wa hae. Ka mohlala, Jesu ha a ka a etsa sebe ha Satane a mo leka. (Matheu 4:1-11) Ba bang ba bana babo Jesu ba ne ba sa dumele hore ke Mesia mme ba re “o lahlehetswe ke kelello,” empa Jesu o ile a tswela pele ka mosebetsi wa Modimo. (Mareka 3:21) Ha dira tsa Jesu di ne di mo utlwisa bohloko, o ile a dula a tshepahalla Modimo mme ha a ka a iphetetsa.—1 Petrose 2:21-23.

21 Le hoja Jesu a ile a bolawa ka sehloho, o ile a dula a tshepahalla Jehova. (Bala Bafilipi 2:8.) Nahana ka bohloko boo a ileng a bo mamella ha a shwa. O ile a tshwarwa, dipaki tsa bohata tsa mo qosa ka hore o rohaka Modimo, baahlodi ba kgopo ba re a bolawe, batho ba mo tsheha mme masole a mo kokotella thupeng. Ha a ne a shwa o ile a re: “Ho phethehile!” (Johanne 19:30) Jehova o ile a tsosa Jesu ka mmele wa moya ka mora matsatsi a mararo a shwele. (1 Petrose 3:18) Ka mora dibeke tse mmalwa, Jesu o ile a kgutlela lehodimong, “yaba o dula ka letsohong le letona la Modimo,” mme a emela hore Modimo a mo etse Morena.—Baheberu 10:12, 13.

22. Botshepehi ba Jesu ho Ntate wa hae bo re buletse monyetla ofe?

22 Ka ha Jesu o ile a tshepahalla Ntate wa hae, re na le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng lefatsheng, jwalo ka ha Jehova a ne a rerile. Kgaolong e latelang re tla tshohla hore ke jwang lefu la Jesu le etsang hore re fumane bophelo bo sa feleng.

^ par. 11 Jehova o bitswa Ntate hobane ke Mmopi. (Esaia 64:8) Jesu o bitswa Mora wa Modimo hobane o bopilwe ke Jehova. Ka tsela e tshwanang, mangeloi hammoho le Adama le bona ba bitswa bara ba Modimo.—Jobo 1:6; Luka 3:38.