Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 7

Bafu ba Tla Tsoha

Bafu ba Tla Tsoha

1-3. Kaofela ha rona re boemong bo joang, hona Jehova o tšepisa eng?

U NE u ka ikutloa joang haeba u ne u ahloletsoe ho hlola bophelo bohle teronkong ka phoso eo u sa e etsang, ebile u bona eka ha ho mohla u tla ke u lokolloe? U bona bokamoso ba hao bo le lerootho, ’me ha ho letho leo u ka le etsang. Empa u ne u tla ikutloa joang ha motho ea nang le matla a tla ho uena ’me a tšepisa ho u thusa?

2 Kaofela ha rona re boemong bo tšoanang le bo hlalositsoeng serapeng se ka holimo kaha lefu le re kentse teronkong. Ha ho letho leo re ka le etsang ho le qoba. Empa Jehova o na le matla a ho re lokolla lefung, ebile o tšepisitse hore o tla le felisa.—1 Bakorinthe 15:26.

3 Ak’u nahane hore na bophelo bo tla ba monate hakaakang ha u se u sa tšoenyehe ka ho shoa. Jehova o tla felisa lefu a be a tsose bafu. Ka nako eo, bophelo bo tla ba monate haholo. O tšepisa hore bafu ba tla boela ba phele. (Esaia 26:19) Sena ke sona seo Bibele e se bitsang tsoho ea bafu.

U KA TŠELISOA KE’NG HA U HLOKAHALLETSOE?

4. (a) Ke mang ea re tšelisang ha re hlokahalletsoe? (b) Metsoalle e meng ea Jesu e ne e le bo-mang?

4 Re utloa bohloko haholo ha motho eo re mo ratang a hlokahala. Jehova o re tšelisa haholo ha re le boemong bona le hoja rona re ke ke ra khona ho tsosa motho eo re mo ratang. (Bala 2 Bakorinthe 1:3, 4.) Nahana ka mohlala o mong o bontšang hore Jehova le Jesu ba ikemiselitse ho tsosa bafu. Ha Jesu a le lefatšeng, e ne e le motsoalle oa Lazaro le likhaitseli tsa hae, e leng Maretha le Maria. Ebile o ne a tloaetse ho ba chakela. Bibele e re: “Jesu o ne a rata Maretha le morali’abo le Lazaro.” Empa joale Lazaro o ile a hlokahala.—Johanne 11:3-5.

5, 6. (a) Jesu o ile a etsa’ng ha a bona Maria a lla? (b) Tsela eo Jesu a ikutloang ka eona ka lefu e u ama joang?

5 Jesu o ile a tšelisa Maretha le Maria. Ha Maretha a utloa hore Jesu oa tla, o ile a mo khahlametsa. O ne a thabetse ho bona Jesu, empa a re ho eena: “Hoja u ne u le teng mona khaitseli ea ka e ka be e sa shoa.” Maretha o ne a nahana hore Jesu o liehile ho tla. Ka mor’a moo ha Jesu a bona Maria a lla, o ile a sareloa eaba le eena oa lla. (Johanne 11:21, 33, 35) O ile a utloa hore na ho bohloko joang ho hlokahalloa ke motho eo a mo ratang.

6 Ho tseba hore Jesu o utloisisa hantle bohloko boo re bo utloang ha motho eo re mo ratang a hlokahala hoa re tšelisa. Jehova le eena o ikutloa ka tsela e tšoanang. (Johanne 14:9) O na le matla a ho felisa lefu, ’me o tla fela a le felise haufinyane.

“LAZARO, TSOA”

7, 8. Ke hobane’ng ha Maretha a ne a sa batle hore ho tlosoe lejoe le koetseng lebitla la Lazaro, empa Jesu o ile a re’ng?

7 Ha Jesu a fihla lebitleng leo Lazaro a neng a patiloe ho lona, o ile a fumana le koetsoe ka lejoe le leholo. Jesu o ile a re: “Tlosang lejoe leo.” Empa Maretha o ne a sa batle hore le tlosoe hobane Lazaro o ne a se a qetile “matsatsi a mane” a le lebitleng. (Johanne 11:39) Maretha o ne a sa tsebe hore Jesu o mothating oa ho tsosa khaitseli ea hae.

Nahana hore na e tlameha ebe likhaitseli tsa Lazaro le metsoalle ea hae e ile ea thaba hakaakang ha a tsosoa.—Johanne 11:38-44

8 Jesu o ile a re ho Lazaro: “Tsoa!” Maretha le Maria ba ne ba utloa eka mahlo a bona aa ba thetsa ha “monna ea neng a shoele a tsoa a thatetsoe maoto le matsoho ka masela.” (Johanne 11:43, 44) Lazaro o ne a tsositsoe bafung. O ile a boela a kopana le likhaitseli tsa hae le metsoalle ea hae. Ba ne ba thabile haholo ha ba bona Lazaro a se a phela.

“MOROETSANA, KE RE HO UENA, EMA!”

9, 10. (a) Ke mang ea ileng a fa Jesu matla a hore a tsose bafu? (b) Taba ea hore ho na le batho ba ileng ba tsosoa bafung e u ama joang?

9 Na Jesu o ne a tsosa batho ka matla a hae? Che. Pele Jesu a tsosa Lazaro, o ile a rapela. Jehova ke eena ea ileng a mo fa matla a hore a tsose Lazaro. (Bala Johanne 11:41, 42.) Lazaro ha se eena feela mofu ea ileng a tsosoa. Bibele e bua ka ngoanana e mong ea lilemo li 12 ea neng a kula haholo. Ntate oa hae Jairuse o ile a kopa Jesu hore a mo folise. E ne e le ngoana ea mong feela oa hae. Ha Jairuse a ntse a buisana le Jesu, banna ba bang ba ile ba fihla, eaba ba re: “Morali oa hao o shoele! U sa tšoenyetsa’ng mosuoe?” Empa Jesu a re ho Jairuse: “U se ke ua tšaba, u mpe u bontše tumelo, ’me o tla pholoha.” Ka mor’a moo, ba ea ha Jairuse. Ha Jesu a fihla ha Jairuse, o ile a fumana batho ba ntse ba lla. O ile a re ho bona: “Khaotsang ho lla, kaha ha aa shoa empa o robetse.” E tlameha ebe batsoali ba ngoanana eo ba ile ba makala ha Jesu a cho joalo. Jesu o ile a kopa hore bohle ba neng ba le ka kamoreng eo ngoanana ea hlokahetseng a neng a le ka ho eona ba tsoe, eaba o sala le batsoali ba ngoanana eo. Jesu o ile a mo tšoara ka letsoho, ’me a re ho eena: “Moroetsana, ke re ho uena, Ema!’” U se u ka inahanela kamoo batsoali ba hae ba ileng ba thaba kateng ha a ema ’me a qala ho tsamaea. (Mareka 5:22-24, 35-42; Luka 8:49-56) Kamehla ha ba ne ba sheba morali oa bona, ba ne ba hopola seo Jehova a ba etselitseng sona ka Jesu. *

10 Batho bao Jesu a ileng a ba tsosa bafung ba ile ba boela ba shoa. Empa seo re se balang ka batho bana se re fa tšepo. Jehova o batla ho tsosa bafu, ’me o tla fela a ba tsose.

RE ITHUTA’NG LITLALEHONG TSE BUANG KA TSOHO?

Moapostola Petrose o ile a tsosa mosali ea bitsoang Dorkase.—Liketso 9:36-42

Elia o ile a tsosa mora oa mosali oa mohlolohali.—1 Marena 17:17-24

11. Lazaro o ne a le boemong bofe ho latela Moeklesia 9:5?

11 Bibele e bolela ka ho hlaka hore bafu “ha ba tsebe letho.” Lazaro o ne a sa tsebe letho ha a shoele. (Moeklesia 9:5) Feela joalokaha Jesu a ne a boletse, ho ne ho le joalokaha eka Lazaro o robetse. (Johanne 11:11) Ha Lazaro a ntse a le lebitleng, o ne a sa tsebe “letho” ho hang.

12. Ke bopaki bofe ba hore Lazaro o ile a fela a tsosoa?

12 Batho ba bangata ba ile ba bona ha Jesu a tsosa Lazaro. Esita le lira tsa Jesu li ne li tseba hore o entse mohlolo oo. Lazaro o ne a phela, ’me sena se ile sa paka hore o tsohile bafung. (Johanne 11:47) Ho feta moo, batho ba bangata ba ile ba ea ho Lazaro, eaba ba qala ho lumela hore Jesu o rometsoe ke Molimo. Lira tsa Jesu ha lia ka tsa rata taba eo, kahoo tsa rera ho bolaea Jesu le Lazaro.—Johanne 11:53; 12:9-11.

13. Ke’ng e re kholisang hore Jehova o tla tsosa bafu?

13 Jesu o ile a re “bohle ba mabitleng” ba tla tsosoa. (Johanne 5:28) Sena se bolela hore Jehova o tla tsosa bafu. Empa e le hore Jehova a tle a tsose mofu, o lokela ho hopola ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka eena. Na seo se ka etsahala? Ho na le linaleli tse ngata haholo. Bibele e re Jehova o tseba lebitso la naleli e ’ngoe le e ’ngoe. (Bala Esaia 40:26.) Haeba o khona ho hopola lebitso la naleli e ’ngoe le e ’ngoe, ha ho pelaelo hore o tla hopola lintho tsohle ka bafu bao a tlang ho ba tsosa. Hape, Jehova o bopile lintho tsohle, kahoo re kholisehile hore o na le matla a ho tsosa bafu.

14, 15. Mantsoe a Jobo a bontša hore Jehova o ikutloa joang ka ho tsosa bafu?

14 Jobo o ne a lumela hore tsoho ea bafu e tla ba teng. O ile a re: “Haeba monna ea shahlileng a shoa na a ka phela hape?” Eaba o re ho Jehova: “U tla hooa, ’me ke tla u araba. U tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao.” Mantsoe ao a Jobo a bontša hore Jehova o labalabela ho tsosa bafu.—Jobo 14:13-15.

15 Taba ea hore bafu ba tla tsoha e u ama joang? U ka ’na oa ipotsa hore na ebe batho bao u ba ratang le bona ba tla tsosoa. Ho tseba hore Jehova o ikemiselitse ho tsosa bafu hoa re tšelisa. Leha ho le joalo, a re ke re utloe hore na Bibele e re ho tla tsosoa bo-mang le hore na ba tla phela hokae.

“BA TLA UTLOA LENTSOE LA HAE ’ME BA TSOE”

16. Bophelo bo tla ba joang ha bafu ba se ba tsositsoe?

16 Nakong e fetileng, batho ba ileng ba tsosoa ba ile ba boela ba e-ba ’moho le beng ka bona le metsoalle. Ho tla ba joalo le nakong e tlang, empa ka nako eo ho tla ba monate le ho feta. Bohle ba tsositsoeng ba tla ba le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng, ba ke ke ba hlola ba shoa. Hape, ba tla phela hamonate ho se ho se na ntoa, tlolo ea molao le ho kula.

17. Ke bo-mang ba tla tsosoa?

17 Ke bo-mang ba tla tsosoa? Jesu o ile a re “bohle ba mabitleng . . . ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) Tšenolo 20:13 e re: “Leoatle la nehelana ka bafu ba ho lona, ’me lefu le Hadese tsa nehelana ka bafu ba ho tsona.” Batho ba bangata ba shoeleng ba tla boela ba phele. Moapostola Pauluse o ile a re ho tla tsosoa “ba lokileng le ba sa lokang.” (Bala Liketso 24:15.) See se bolela’ng?

Paradeiseng, bafu ba tla tsosoa ’me ba boele ba be ’moho le beng ka bona le metsoalle

18. “Ba lokileng” ba tla tsosoa ba akarelletsa bo-mang?

18 “Ba lokileng” bao lengolo lena le buang ka bona, ba akarelletsa batho bohle ba ileng ba sebeletsa Jehova pele Jesu a tla lefatšeng. Ba bang ba batho ba tla tsosetsoa ho tla phela mona lefatšeng ke Noe, Abrahama, Sara, Moshe, Ruthe le Esthere. U ka bala ka ba bang ba bona ho Baheberu khaolo ea 11. Le mehleng ena, batho bohle ba tla shoa ba ntse ba tšepahalla Jehova, le bona ba tla tsosoa hobane ke karolo ea “ba lokileng.”

19. “Ba sa lokang” ba akarelletsa bo-mang? Jehova o tla ba fa monyetla ofe?

19 “Ba sa lokang” bona ba akarelletsa batho ba libilione ba sa kang ba e-ba le monyetla oa ho ithuta ka Jehova. Le hoja ba se ba sa phele, Jehova ha aa ba lebala. O tla ba tsosa, a ba fe monyetla oa ho ithuta ka eena le ho mo sebeletsa.

20. Ke hobane’ng ha ho ke ke ha tsosoa motho e mong le e mong?

20 Na see se bolela hore batho bohle ba hlokahetseng ba tla tsosoa? Che. Jesu o ile a re ho na le batho ba ke keng ba tsosoa. (Luka 12:5) Ke mang ea tla etsa qeto ea hore na ho tla tsosoa bo-mang? Jehova ke eena Moahloli ea ka sehloohong, empa o boetse o file Jesu matla a hore “e be moahloli oa ba phelang le oa bafu.” (Liketso 10:42) Ho na le batho ba shoeleng ba sa batle ho etsa thato ea Molimo ’me bona ba ke ke ba tsosoa.—Sheba tlhaloso ea 18 lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.

BA TLA TSOSETSOA HO EA PHELA LEHOLIMONG

21, 22. (a) Ho etsahala’ng ha motho a tsosetsoa ho ea phela leholimong? (b) Motho oa pele ea ileng a tsosetsoa ho phela leholimong ke mang?

21 Bibele e boetse e re ho na le ba bang ba tla tsosetsoa ho phela leholimong. Ha motho a tsosetsoa ho phela leholimong, ha a tsosoe e le motho oa nama le mali, empa o tsosoa e se e le motho oa moea.

22 Jesu ke eena motho oa pele ea ileng a tsosoa ka tsela ena. (Johanne 3:13) Matsatsi a mararo ka mor’a hore Jesu a bolaoe, Jehova o ile a mo tsosa. (Pesaleme ea 16:10; Liketso 13:34, 35) Jesu ha aa ka a tsosoa ka ’mele oa nama. Moapostola Petrose o re Jesu o ile “a bolaoa nameng, empa a phelisoa moeeng.” (1 Petrose 3:18) Jesu o ile a tsosoa e se e le lengeloi. (1 Bakorinthe 15:3-6) Empa Bibele e re ho na le ba bang ba tla tsosoa ka tsela ena.

23, 24. Ke bo-mang ba etsang “mohlatsoana” oo Jesu a buileng ka oona, hona ba bakae ka palo?

23 Nakoana pele Jesu a shoa, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ke il’o le lokisetsa sebaka.” (Johanne 14:2) Sena se bolela hore balateli ba bang ba hae ba ne ba tla tsosetsoa ho phela le eena leholimong. Ba tla ba ba bakae ka palo? Jesu o ile a re e ne e tla ba palo e nyenyane, kapa “mohlatsoana.” (Luka 12:32) Moapostola Johanne o ile a bolela palo eo ha a bona Jesu ‘a eme Thabeng ea Sione, a e-na le ba likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene [144 000].’—Tšenolo 14:1.

24 Bakreste ba 144 000 ba tla tsosoa neng? Bibele e re ba tla tsosoa ka mor’a hore Kreste a qale ho busa leholimong. (1 Bakorinthe 15:23) Re phela nakong eo hona joale, ’me boholo ba Bakreste bao ba 144 000 ba se ba tsoselitsoe leholimong. Bakreste ba nang le tšepo ea ho phela leholimong ba ntseng ba le lefatšeng, ba tla tsosetsoa leholimong ka ho panya ha leihlo ha ba shoa. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba tla tsosetsoa ho phela lefatšeng.

25. Re tla ithuta ka eng khaolong e latelang?

25 Haufinyane, Jehova o tla felisa lefu. (Bala Esaia 25:8.) Empa, ba eang leholimong ba il’o etsa’ng teng? Bibele e re ba il’o busa le Jesu ’Musong oa Molimo. Re tla ithuta haholoanyane ka ’Muso oo khaolong e latelang.

^ ser. 9 Bibele e bua ka bafu ba bang ba ileng ba tsosoa, ba akarelletsang bana le batho ba baholo, Baiseraele le batho ba lichaba tse ling. U ka bala ka bona ho 1 Marena 17:17-24; 2 Marena 4:32-37, 13:20, 21; Matheu 28:5-7; Luka 7:11-17, 8:40-56 le ho Liketso 9:36-42; 20:7-12.