Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 8

’Muso oa Molimo ke Eng?

’Muso oa Molimo ke Eng?

1. Ke thapelo efe eo batho ba bangata ba e tsebang?

BATHO ba bangata ba tseba thapelo e tloaelehileng haholo ea Ntat’a Rona ea Maholimong. Jesu o ile a etsa thapelo eo ha a ne a ruta barutuoa ba hae ho rapela. O ile a rapella eng? Hona ke hobane’ng ha thapelo ee e le ea bohlokoa ho rona?

2. Ke lintho life tse tharo tsa bohlokoa tseo Jesu a ileng a ruta hore re li rapelle?

2 Jesu o ile a re: “Joale, le rapele ka tsela ena: ‘Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.’” (Bala Matheu 6:9-13.) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a ruta hore re rapelle lintho tsee tse tharo?— Sheba tlhaloso ea 19 lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.

3. Re tl’o ithuta’ng ka ’Muso oa Molimo?

3 Re ithutile hore lebitso la Molimo ke Jehova. Hape re se re buile ka hore na morero oa Molimo ke ofe ka batho le ka lefatše. Empa Jesu o ne a bolela’ng ha a re: “’Muso oa hao o ke o tle”? Re tl’o ithuta hore na ’Muso oa Molimo ke eng, o tla etsa’ng le hore na o tla halaletsa lebitso la Molimo joang.

’MUSO OA MOLIMO KE ENG?

4. ’Muso oa Molimo ke eng, hona Morena oa oona ke mang?

4 Bibele e re ’Muso oa Molimo ke puso eo Jehova a ileng a e theha leholimong ’me a khetha Jesu hore e be Morena oa eona. Jesu ke “Morena oa ba busang e le marena le Khosi ea ba busang e le likhosi.” (1 Timothea 6:15) Ho fapana le babusi ba batho, Jesu o na le matla a ho etsetsa batho lintho tse molemo le ho feta.

5. ’Muso oa Molimo o tla busa o le hokae? O tla busa hokae?

5 Jesu o ile a khutlela leholimong matsatsi a 40 ka mor’a hore a tsosoe bafung. Hamorao Jehova o ile a mo khetha hore e be Morena oa ’Muso oa hae. (Liketso 2:33) ’Muso oa Molimo o tla busa batho lefatšeng o ntse o le leholimong. (Tšenolo 11:15) Ke kahoo Bibele e reng ke ‘’Muso oa leholimo.’—2 Timothea 4:18.

6, 7. Ke lintho life tse etsang hore Jesu e be morena ea phahametseng marena a batho?

6 Bibele e re Jesu o matla ho feta marena ’ohle hobane ke ‘eena feela ea sa shoeng.’ (1 Timothea 6:16) Marena a batho aa shoa, empa Jesu eena a ke ke a shoa. Lintho tsohle tse molemo tseo Jesu a tla re etsetsa tsona li tla lula li le teng, li ke ke tsa fela.

7 Bibele e ile ea profeta hore Jesu e tla ba Morena ea busang ka toka le ea nang le kutloelo-bohloko, ha e re: “Moea oa Jehova o tla lula holim’a hae, moea oa bohlale le oa kutloisiso, moea oa keletso le oa matla, moea oa tsebo le oa ho tšaba Jehova. ’Me o tla thabela ho tšaba Jehova. A ke ke a ahlola ka se bonahalang mahlong a hae, kapa a khalemela [kapa a eletsa] feela ho ea ka ntho e utloiloeng ke litsebe tsa hae. O tla ahlola ba tlaase [kapa ba futsanehileng] ka ho loka.” (Esaia 11:2-4) Kaofela re rata ho busoa ke morena ea joalo.

8. Ke bopaki bofe ba hore Jesu a ke ke a busa a le mong?

8 Molimo o khethile batho ba bang hore ba il’o busa le Jesu leholimong. Ho tiisa taba eo, moapostola Pauluse o ile a re ho Timothea: “Haeba re tsoela pele ho mamella, re tla boela re buse hammoho re le marena.” (2 Timothea 2:12) Ke batho ba bakae ba tla busa le Jesu?

9. Ke batho ba bakae ba tla busa le Jesu? Molimo o qalile ho ba khetha neng?

9 Joalokaha re ithutile Khaolong ea 7, moapostola Johanne o ile a bona Jesu ponong e le Morena leholimong ’me a e-na le marena a mang a 144 000. Batho baa ba 144 000 ba tsoa hokae? Johanne o re ke “bao lebitso la [Jesu] le lebitso la [Ntate oa hae] le ngotsoeng liphatleng tsa bona.” O ile a boela a re: “Ba ntse ba latela Konyana [e leng Jesu] ho sa tsotellehe hore na e ea hokae. Ba rekiloe har’a moloko oa batho.” (Bala Tšenolo 14:1, 4.) Molimo o khethile Bakreste ba 144 000 hore ba il’o “busa e le marena holim’a lefatše” hammoho le Jesu. Ha ba shoa, ba tsosetsoa ho ea phela leholimong. (Tšenolo 5:10) Ho tloha mehleng ea baapostola, Jehova o ’nile a khetha Bakreste ba bang hore e be karolo ea marena ana a 144 000.

10. Hore ebe Jehova o khethile Jesu le ba 144 000 ho re busa, ho bontša joang hore oa re rata?

10 Jehova o re rata haholo hoo a khethileng batho ba bang hore ba tl’o busa le Jesu. Jesu e tla ba ’musi ea molemo hobane oa tseba hore na re hloka’ng. Kaha o kile a phela lefatšeng, o tseba mathata ao batho ba kopanang le oona. Pauluse o ile a re Jesu o re utloela bohloko, o nahanela mefokolo ea rona, kaha ‘o lekiloe ka litsela tsohle joaloka rona.’ (Baheberu 4:15; 5:8) Ba 144 000 le bona ba tseba mathata ao batho ba kopanang le ’ona. Etsoe le bona ba ne ba hlaheloa ke mathata a kang ho kula. Kaha Jesu le ba 144 000 ba utloisisa boemo ba rona hantle le mathata ao re bang le ’ona, re ka kholiseha hore e tla ba babusi ba molemo.

’MUSO OA MOLIMO O TLA RE ETSETSA’NG?

11. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re barutuoa ba hae ba rapelle hore thato ea Molimo e etsahale leholimong?

11 Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re barutuoa ba hae ba rapelle hore thato ea Molimo e etsahale leholimong? Khaolong ea 3, re ithutile hore Satane Diabolose o ile a siteloa Jehova. Ka mor’a moo, Jehova o ile a lumella Satane le bademona hore ba tsoele pele ho lula leholimong ka nakoana. Ka nako eo ha se mangeloi ’ohle a neng a etsa thato ea Molimo leholimong. Khaolong ea 10 re tla boela re ithute hore na Bibele e re’ng ka Satane le bademona.

12. Tšenolo 12:10 e bua ka lintho life tse peli tsa bohlokoa?

12 Bibele e re ka mor’a hore Jesu e be Morena oa ’Muso oa Molimo, o ne a tla loana le Satane. (Bala Tšenolo 12:7-10.) Temana ea 10 e bua ka lintho tse peli tsa bohlokoa. Jesu Kreste o qala ho busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Ka mor’a moo, Satane o lelekoa leholimong ’me o tla lefatšeng. Ha re ntse re tsoela pele ho ithuta, re tla hlokomela hore liketsahalo tsena li se li etsahetse.

13. Ho ile ha etsahala’ng leholimong ka mor’a hore Satane a lelekoe?

13 Bibele e re mangeloi a ile a thaba haholo ka mor’a hore Satane le bademona ba lelekoe leholimong. E re: “Thabang, lōna maholimo le lōna ba lulang ho ’ona!” (Tšenolo 12:12) Hona joale ho na le khotso leholimong, kaha bohle ba etsa thato ea Molimo.

Ka mor’a hore Satane le bademona ba lelekoe leholimong, ho bile le mathata lefatšeng empa a tla fela haufinyane

14. Ke hobane’ng ha batho ba hlaheloa ke lintho tse bohloko?

14 Batho ba hlaheloa ke lintho tse bohloko ‘hobane Diabolose o theohetse [lefatšeng] a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.’ (Tšenolo 12:12) Satane o halefile hobane o lelekiloe leholimong ’me oa tseba hore o tl’o timetsoa haufinyane. O leka ka hohle hore a bakele batho mathata le mahlomola.

15. Morero oa Molimo ke ofe?

15 Molimo o ntse a ikemiselitse ho phetha morero oa hae. Morero oa hae ke hore batho e be ba phethahetseng le hore ba se ke ba shoa ’me ba phele Paradeiseng. (Pesaleme ea 37:29) Joale, ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng hore morero oa hae o phethahale?

16, 17. Boprofeta bo ho Daniele 2:44 bo re ruta’ng ka ’Muso oa Molimo?

16 Daniele 2:44 e re: “Matsatsing a marena ao Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” Boprofeta boo bo re ruta’ng ka ’Muso oa Molimo?

17 Ntlha ea pele, bo re bolella hore ’Muso oa Molimo o tla qala ho busa “matsatsing a marena ao.” Sena se bolela hore ’Muso oo o ne o tla qala ho busa ho ntse ho e-na le mebuso e meng lefatšeng. Ntlha ea bobeli, bo re bolella hore ’Muso oa Molimo o tla lula o le teng ’me o ke ke oa nkeloa sebaka ke ’muso o mong. Ntlha ea boraro, bo re ho tla ba le ntoa pakeng tsa ’Muso oa Molimo le mebuso ea lefatše. ’Muso oa Molimo o tla hlola ntoeng eo, ’me e be ’ona feela o busang lefatšeng. Joale, batho ba tla busoa ke ’muso o molemo ka ho fetisisa.

18. Ntoa eo ’Muso oa Molimo o tl’o e loana le mebuso ea lefatše e bitsoa’ng?

18 Ho tla etsahala’ng e le hore ’Muso oa Molimo o buse lefatšeng lohle? ’Muso oa Molimo o tla loantša mebuso ea lefatše ntoeng e bitsoang Armagedone. Pele ho ntoa eo, bademona ba tla khelosa “marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona, ho a bokellela ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.”—Tšenolo 16:14, 16; sheba tlhaloso ea 10 lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.

19, 20. Ke hobane’ng ha re hloka ’Muso oa Molimo?

19 Ke hobane’ng ha re hloka ’Muso oa Molimo? Lebaka la pele, re baetsalibe, kahoo rea kula ebile rea shoa. Empa Bibele e re ’Musong oa Molimo, re tla phela re sa shoe. Johanne 3:16 e re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”

20 Lebaka la bobeli ke hore lefatše le tletse ka batho ba sa rateng Molimo. Batho ba bangata ba bua leshano, baa qhekella hape ba etsa lintho tse ling tse sa thabiseng Molimo. Ha ho letho leo re ka le etsang ho thibela batho ho etsa lintho tsena, empa Molimo eena a ka khona ebile o tl’o felisa batho ba li etsang. Batho ba sa mameleng Molimo ba tl’o timetsoa ntoeng ea Armagedone. (Bala Pesaleme ea 37:10.) Lebaka la boraro leo re hlokang ’Muso oa Molimo ka lona ke hobane mebuso ea batho ha e khone ho etsetsa batho lintho tseo ba hlileng ba li hlokang hape e tletse bobolu. Ha e thuse batho hore ba mamele Molimo. Bibele e re ‘motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’—Moeklesia 8:9.

21. Molimo o tla etsa’ng e le hore thato ea hae e etsahale lefatšeng?

21 Ka mor’a Armagedone, Molimo o tla hloma ’Muso o tla etsa hore thato ea hae e etsahale lefatšeng. Ka mohlala, o tla felisa Satane le bademona. (Tšenolo 20:1-3) Ha ho sa tla ba le motho ea kulang kapa ea shoang. Kaha Jesu o ile a re shoela, batho bohle ba mamelang Molimo ba tla phela Paradeiseng ba se ba sa shoe. (Tšenolo 22:1-3) ’Muso oo o tla halaletsa lebitso la Molimo. Sena se bolela hore ha ’Muso oa Molimo o se o busa lefatšeng, batho bohle ba tla hlompha Jehova.—Sheba tlhaloso ea 20 lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.

JESU E BILE MORENA NENG?

22. Ke boprofeta bofe bo bontšang hore Jesu ha ea ba Morena hang ha a khutlela leholimong?

22 Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba rapele ba re: “’Muso oa hao o ke o tle.” Kahoo, ho ne ho hlakile hore ’Muso oa Molimo e ne e le hona o tla tla. Jehova o ne a lokela hore a qale pele ka ho theha ’muso oa hae ebe o etsa Jesu Morena. Jesu ha ea ka ea e-ba Morena hang-hang ha a khutlela leholimong empa o ile a leta ho se hokae. Nakoana ka mor’a hore Jesu a tsosoe, Petrose le Pauluse ba ile ba hlakisa taba ena ka hore ba qotse boprofeta bo ho Pesaleme ea 110:1 ha ba bua ka Jesu. Boprofeteng boo Jehova o re: “Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao joaloka setuloana sa maoto a hao.” (Liketso 2:32-35; Baheberu 10:12, 13) Jesu o ile a lokela ho leta nako e kae pele Jehova a mo etsa Morena?

Molimo o tla hloma ’Muso o tla etsa hore thato ea hae e etsahale lefatšeng

23. (a) Jesu e bile Morena oa ’Muso oa Molimo neng? (b) Re tla ithuta’ng khaolong e latelang?

23 Lilemo tse ngata pele ho 1914, sehlopha sa Bakreste ba tšepahalang se ne se utloisisa hore selemo seo e tla ba sa bohlokoa haholo boprofeteng ba Bibele. Lintho tse ileng tsa etsahala lefatšeng ka mor’a 1914 li bontša hore ba ne ba bua ’nete. Jesu e bile Morena selemong sona seo sa 1914. (Pesaleme ea 110:2) Nakoana ka mor’a moo, Satane o ile a lelekeloa lefatšeng, ’me hona joale “o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:12) Khaolong e latelang re tla ithuta bopaki bo bong ba hore re phela mehleng ea bofelo. Re tla boela re ithute hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla tiisa hore ho etsoa thato ea Molimo lefatšeng.—Sheba tlhaloso ea 21 lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.