Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 9

Na Bofelo ba Lefatše bo Haufi?

Na Bofelo ba Lefatše bo Haufi?

1. Ke kae moo re ka ithutang hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang?

MOHLOMONG ho na le mohla e kileng eare ha u ntse u mametse litaba, oa re: ‘Ho ntse ho ba hobe le ho feta.’ Ho etsahala lintho tse ngata tse utloisang batho bohloko hoo ba bang ba lumelang hore e tlameha ebe haufinyane lefatše le tl’o felisoa. Na ehlile le tla felisoa? Na ho ka khoneha hore re tsebe hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang? E. Le hoja batho ba ke ke ba khona ho bolela esale pele lintho tse tla etsahala, Jehova Molimo eena a ka khona. Ka Bibeleng o re boleletse hore na ho tla etsahala’ng ka rona le ka lefatše.—Esaia 46:10; Jakobo 4:14.

2, 3. Barutuoa ba Jesu ba ile ba mo botsa eng, hona Jesu o ile a ba araba joang?

2 Ha Bibele e re lefatše le tla felisoa, ha e bolele hore ho tla felisoa sebaka, empa e bolela hore ho tla felisoa batho ba khopo. Jesu o ile a ruta batho hore ’Muso oa Molimo o tla busa lefatše. (Luka 4:43) Barutuoa ba hae ba ne ba batla ho tseba hore na ’Muso oa Molimo o tla tla neng. Kahoo, ba botsa Jesu ba re: “Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” (Matheu 24:3) Jesu ha aa ka a ba bolella letsatsi, empa o ile a ba bolella lintho tse neng li tla etsahala pele lefatše le felisoa. Lintho tseo a buileng ka tsona lia etsahala hona joale.

3 Khaolong ena re tl’o ithuta ka bopaki bo bontšang hore lefatše le haufi le ho felisoa. E le hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha ho le hobe hakana lefatšeng, re lokela ho qala ka ho ithuta ka ntoa e ileng ea qhoma leholimong.

NTOA LEHOLIMONG

4, 5. (a) Ho ile ha etsahala’ng leholimong ka mor’a hore Jesu e be Morena? (b) Tšenolo 12:12 e re ho ne ho tla etsahala’ng lefatšeng ka mor’a hore Satane a lahleloe ho lona?

4 Khaolong ea 8 re ithutile hore Jesu e ile ea e-ba Morena leholimong ka 1914. (Daniele 7:13, 14) Buka ea Tšenolo e re: “Ntoa ea qhoma leholimong: Mikaele [e leng Jesu] le mangeloi a hae ba loana le drakone [Satane], ’me drakone le mangeloi a eona ba loana.” * Satane le bademona ba hae ba ile ba hloloa ntoeng ’me ba lahleloa lefatšeng. Nahana feela hore na mangeloi a ile a thaba hakaakang! Empa ho ne ho tla etsahala’ng lefatšeng? Bibele e re batho ba ne ba tla hlaheloa ke mathata a mangata. Hobane’ng? Hobane Diabolose o halefile haholo ’me oa “tseba hore o na le nako e khutšoanyane.”—Tšenolo 12:7, 9, 12.

5 Diabolose o etsa hore ho be le mathata a mangata haholo lefatšeng. O halefile haholo hobane o saletsoe ke “nako e khutšoanyane” pele Molimo a mo timetsa. A re hlahlobeng hore na Jesu o ile a re ho tla etsahala’ng mehleng ea bofelo.—Sheba tlhaloso ea 23 lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.

MEHLENG EA BOFELO

6, 7. Ke mathata afe a bang teng ka lebaka la lintoa le tlala?

6 Lintoa. Jesu o ile a re: “Sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla.” (Matheu 24:7) Morao tjena, ho bolailoe batho ba bangata haholo lintoeng. Tlaleho e ’ngoe ea Mokhatlo oa Worldwatch e bontša hore ho tloha ka 1914, batho ba fetang limilione tse 100 ba ile ba bolaoa ka lebaka la lintoa. Palo ea batho ba bolailoeng ka lebaka la lintoa ho tloha ka 1900 ho ea ho 2000 e ile ea imena ka makhetlo a fetang a mararo ha e bapisoa le ba bolailoeng lilemong tse 1 900 pele ho moo. U se u ka inahanela feela hore na batho ba limilione ba ile ba utloa bohloko hakae ka lebaka la lintoa.

7 Tlala. Jesu o ile a re: “Ho tla ba le likhaello tsa lijo.” (Matheu 24:7) Ho hlahisoa lijo tse ngata haholo mehleng ena. Empa batho ba bangata ba ntse ba se na lijo le lintho tse ling tseo ba li hlokang hobane ha ba na chelete ea ho li reka. Lefapha la Lefatše la Bophelo le re bana ba limilione baa shoa selemo le selemo hobane ba se na lijo tse lekaneng hore ba lule ba phetse hantle ’meleng.

8, 9. Ke lintho life tse bontšang hore boprofeta ba Jesu bo mabapi le litšisinyeho tsa lefatše le mafu boa phethahala?

8 Litšisinyeho tsa lefatše. Jesu o ile a profeta a re: “Ho tla ba le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše.” (Luka 21:11) Selemo le selemo re se re lebella hore ho be le litšisinyeho tse matla tsa lefatše. Ho tloha ka selemo sa 1900, batho ba fetang limilione tse peli ba bolailoe ke tsona. Li ntse li bolaea batho ba bangata le hoja ho e-na le lintho tse thusang litsebi ho li lemoha pele li etsahala.

9 Mafu. Jesu o ile a bolela hore ho tla ba le “mafu a seoa.” Mafu a kotsi a ne a tla ata haholo ’me a bolaee batho ba bangata. (Luka 21:11) Le hoja lingaka li ithutile ho phekola mafu a mangata, ho ntse ho e-na le mafu ao li hlolehang ho a phekola. Tlaleho e ’ngoe e hlalosa hore selemo le selemo batho ba limilione ba bolaoa ke mafu a kang lefuba, malaria le k’holera. Lingaka li boetse li fumane mafu a mang a 30, ebile a mang a ’ona ha a phekolehe.

BATHO BA TLA ITŠOARA JOANG MEHLENG EA BOFELO?

10. Na boprofeta bo ho 2 Timothea 3:1-5 boa phethahala mehleng ee?

10 Ho 2 Timothea 3:1-5, Bibele e re: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Moapostola Pauluse o ile a re batho ba mehleng ea bofelo e tla ba

  • baithati

  • ba ratang chelete

  • ba sa mameleng batsoali

  • ba sa tšepahaleng

  • ba sa rateng ba malapa a bona

  • ba se nang boitšoaro

  • ba mabifi le ba bohale

  • ba ratang menate ho e-na le ho rata Molimo

  • ba etsang eka ba rata Molimo empa ba sa mo mamele

11. Pesaleme ea 92:7 e re ho tla etsahala’ng ka batho ba khopo?

11 Mohlomong u tseba batho ba joaloka bana bao litemana tsena li buang ka bona hobane ba tletse hohle lefatšeng. Empa haufinyane Molimo o tla ba felisa. Bibele e re: “Ha ba khopo ba hlōmela joaloka limela bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi ba thunya, ke hore ba felisoe ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 92:7.

LITABA TSE MONATE

12, 13. Jehova o re rutile’ng mehleng ee ea bofelo?

12 Bibele e ile ea profeta hore matsatsing a ho qetela, lefatše le tla apareloa ke bohloko le mahlomola. E ile ea boela ea profeta hore ho tla etsahala lintho tse thabisang.

“Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.”—Matheu 24:14.

13 Batho ba tla utloisisa Bibele. Moprofeta Daniele o ile a re mehleng ea bofelo “tsebo ea ’nete e tla ba ngata.” (Daniele 12:4) Molimo o ne a tla etsa hore batho ba utloisise Bibele hantle. O qalile ho etsa joalo ka 1914. Ka mohlala, o re rutile hore na lebitso la hae le bolela’ng, morero oa hae ke ofe ka lefatše, hore na lefu la Jesu le re tsoela molemo joang, ho etsahala’ng ka rona ha re e-shoa le hore bafu ba tla tsoha. Re ithutile hore ke ’Muso oa Molimo feela o ka rarollang mathata a rona. Re boetse re ithutile hore na re ka etsa’ng e le hore re thabe le ho phela ka tsela e khahlisang Molimo. Bibele ea re bolella hore na bahlanka ba Molimo ba lokela ho etsa’ng ka lintho tseo ba ithutileng tsona.—Sheba tlhaloso ea 20 le ea 24 lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.

14. Litaba tse molemo tsa ’Muso li boleloa hokae, hona ke bo-mang ba li bolelang?

14 Litaba tse molemo li tla boleloa lefatšeng lohle. Jesu o itse: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Matheu 24:3, 14) Litaba tse molemo tsa ’Muso li boleloa linaheng tse fetang 240, ka lipuo tse fetang 900. Lefatšeng lohle Lipaki Tsa Jehova tse tsoang “lichabeng tsohle le melokong eohle” li thusa batho ho utloisisa hore na ’Muso oa Molimo ke eng le hore na o tla etsetsa batho eng. (Tšenolo 7:9) Li thusa batho mahala. Le hoja batho ba bangata ba li hloile ba bile ba li hlorisa, ha ho letho le ka li thibelang ho bolela litaba tse molemo, joalokaha Jesu a profetile.—Luka 21:17.

U KA ETSA’NG HORE U PHOLOHE BOFELO?

15. (a) Na oa lumela hore re phela mehleng ea bofelo, hona hobane’ng? (b) Ho tla etsahala’ng ka batho ba mamelang Jehova le ba sa mo mameleng?

15 Na oa lumela hore re phela mehleng ea bofelo? Boholo ba boprofeta ba Bibele bo buang ka mehla ea bofelo boa phethahala. Haufinyane Jehova o tla laela hore ho emisoe mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo, ebe “bofelo” boa fihla. (Matheu 24:14) Bofelo ke ntoa ea Molimo ea ho felisa bokhopo. Ntoa ena e bitsoa Armagedone. Jehova o tla laela Jesu le mangeloi hore ba felise motho e mong le e mong ea sa mo mameleng. (2 Bathesalonika 1:6-9) Ka mor’a moo, Satane le bademona ba ke ke ba hlola ba khelosa batho. Bohle ba mamelang Molimo ba bile ba lumela ho busoa ke eena, ba tla bona ha litšepiso tsohle tsa hae li phethahala.—Tšenolo 20:1-3; 21:3-5.

16. Kaha “bofelo” bo atametse, u lokela ho etsa’ng e le hore u pholohe?

16 Haufinyane, lefatše lena le busoang ke Satane le tla felisoa. Kahoo, re lokela ho ithuta Bibele e le hore re pholohe. Jehova o batla hore u etse sohle se matleng a hao ho ithuta Bibele. U lokela ho nka taba ena ea ho ithuta Bibele e le bohlokoa. (Johanne 17:3) Lipaki Tsa Jehova li kopana beke le beke ho thusa batho ho utloisisa Bibele. Leka ho ikopanya le tsona kamehla. (Bala Baheberu 10:24, 25.) U se ke oa tšaba ho fetola tsela eo u phelang ka eona haeba u hlokomela hore u lokela ho etsa joalo. U tla rata Jehova le ho feta ’me le eena o tla u rata haholo.—Jakobo 4:8.

17. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba tla makala ha bofelo bo tla?

17 Moapostola Pauluse o ile a re batho ba khopo ba tla timetsoa ka nako eo batho ba bangata ba sa e lebellang. Nako eo e tla fihla “joaloka lesholu bosiu.” (1 Bathesalonika 5:2) Jesu o ile a profeta hore batho ba bangata ba ne ba tla iphapanyetsa bopaki ba hore re phela mehleng ea bofelo. O ile a re: “Feela kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng, ho ba teng ha Mor’a motho [kapa, mehleng ea bofelo] ho tla ba joalo. Etsoe joalokaha matsatsing ao pele ho moroallo, ba ne ba ja ’me ba noa, banna ba nyala ’me basali ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona; ’me ba se ke ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo.”—Matheu 24:37-39.

18. Jesu o ile a re’ng ha a re lemosa?

18 Jesu o ile a re lemosa hore re se ke ra imeloa “ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo.” A re bofelo bo tla fihla re sa bo lebella, “joaloka leraba.” O ile a boela a re bo “tla tla holim’a bohle ba lulang holim’a lefatše,” a ba a re: “Joale, le lule le falimehile ka nako eohle le etsa thapeli [kapa le rapela ka tieo] e le hore le ka atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale, le ho ema ka pel’a Mor’a motho.” (Luka 21:34-36) Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela temoso ee ea Jesu? Hobane haufinyane lefatše lena le khopo la Satane le tl’o timetsoa. Batho ba mamelang Jehova le Jesu ke bona feela ba tla pholoha bofelo ’me ba phele ka ho sa feleng lefatšeng le lecha.—Johanne 3:16; 2 Petrose 3:13.

^ ser. 4 Lebitso le leng la Jesu Kreste ke Mikaele. Sheba tlhaloso ea 22 lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka ho fumana litaba tse eketsehileng.