Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 9

Na Bofelo ba Lefatshe bo Haufi?

Na Bofelo ba Lefatshe bo Haufi?

1. Ke mang ya ka re bolellang hore bokamoso bo re tshwaretseng?

NA E kile ya re o shebile ditaba ebe o a ipotsa hore lefatshe lee le lebile hokae? Ho etsahala dintho tse ngata tse bohloko hoo batho ba bang ba dumelang hore lefatshe le haufi le ho fela. Na ebe ho jwalo? Na ho na le kamoo re ka tsebang kateng hore bokamoso bo re tshwaretseng? E, ho jwalo. Le hoja batho ba sa tsebe se tla etsahala kamoso, Jehova Modimo yena o a tseba. O sebedisa Bibele ho re bolella dintho tse tla etsahala lefatsheng nakong e tlang.—Esaia 46:10; Jakobo 4:14.

2, 3. Barutuwa ba Jesu ba ne ba batla ho tsebang, mme Jesu o ile a ba araba jwang?

2 Ha Bibele e bua ka bofelo ba lefatshe, ha e bolele ho fediswa ha planete ya rona kapa mobu oo re hatang ho ona. Ho e na le hoo, e bolela ho fediswa ha batho ba etsang dintho tse mpe. Jesu o ile a ruta batho hore Mmuso wa Modimo o tla busa lefatshe. (Luka 4:43) Barutuwa ba hae ba ne ba batla ho tseba hore Mmuso wa Modimo o tla tla neng, yaba ba re ho Jesu: “Re bolelle nako eo ditaba tseo di tla etsahala ka yona, le ntho eo e tla ba pontsho ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe.” (Matheu 24:3, Bibele e Halalelang) Jesu ha a ka a ba bolella nako e tobileng empa o ile a ba bolella dintho tseo ba neng ba tla bona ka tsona hore lefatshe le haufi le ho fela. Dintho tseo Jesu a ileng a bua ka tsona di a etsahala hona jwale.

3 Kgaolong ena, re tla tshohla bopaki bo bontshang hore bofelo bo ka tla neng kapa neng ho tloha hona jwale. Empa pele ho moo, a re ke re bueng ka ntwa e ileng ya ba teng lehodimong e entseng hore ho be le mathata a mangata hakana lefatsheng.

HO BA LE NTWA LEHODIMONG

4, 5. (a) Ho ile ha etsahalang lehodimong ka mora hore Jesu ebe Morena? (b) Ho ya ka Tšenolo 12:12, ho ne ho tla etsahalang lefatsheng ha Satane a dihelwa ho lona?

4 Kgaolong ya 8, re ithutile hore Jesu e ile ya eba Morena lehodimong ka 1914. (Daniele 7:13, 14) Buka ya Tšenolo e re bolella se ileng sa etsahala: “Ntwa ya qhoma lehodimong: Mikaele [e leng Jesu] le mangeloi a hae ba lwana le drakone [e leng Satane], mme drakone le mangeloi a yona ba lwana.” Satane le mangeloi a hae kapa bademona, ba ile ba hlolwa ntweng eo mme ba dihelwa lefatsheng. Nahana kamoo mangeloi a mang a tshepahalang a ileng a thaba kateng! Empa lefatsheng teng ho ne ho tla ba jwang? Bibele e re batho ba ne ba tla hlahelwa ke mathata. Hobaneng? Hobane Diabolose o halefile haholo, “a tseba hore o na le nako e kgutshwanyane.”—Tšenolo 12:7, 9, 12.

5 Diabolose o bakela batho mathata mona lefatsheng. O tuka bohale hobane a salletswe ke nako e nyenyane pele Modimo a mo fedisa. A re ke tshohleng dintho tseo Jesu a itseng di ne di tla etsahala matsatsing a ho qetela.—Sheba Ntlha ya 23 e hlahang qetellong ya buka.

MATSATSI A HO QETELA

6, 7. Boprofeta ba Jesu bo buang ka tlala le dintwa bo phethahala jwang kajeno?

6 Dintwa. Jesu o ile a re: “Setjhaba se tla tsohela setjhaba matla le mmuso o tla tsohela mmuso matla.” (Matheu 24:7) Ho tloha ka 1914, batho ba bangata ba ile ba bolawa dintweng ho feta le ha e le neng pele. Tlaleho e tswang mokgatlong o mong o ithutang ka diketsahalo tsa lefatshe, e re batho ba ka hodimo ho dimilione tse 100 ba ile ba shwa dintweng ho tloha ka 1914. Batho ba ileng ba bolawa dintweng ho tloha ka selemo sa 1900 ho ya ho sa 2000, ba ne ba le bangata ho feta ba ileng ba bolawa pele ho selemo sa 1900. Nahana feela kamoo dimilione tsa batho di ileng tsa utlwa bohloko kateng ka lebaka la dintwa!

7 Tlala. Jesu o ile a re: “Ditlala di tla ba teng.” (Matheu 24:7, Bibele e Halalelang) Le hoja ho na le dijo tse ngata lefatsheng, batho ba bang ba ntse ba bolawa ke tlala. Hobaneng? Hobane ha ba na tjhelete ya ho reka dijo kapa sebaka seo ba ka lemang ho sona. Ho feta moo, batho ba bangata ha ba fumane tjhelete e lekaneng. Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo o re bana ba dimilione ba a shwa selemo le selemo hobane ba se na dijo.

8, 9. Re bona kang hore seo Jesu a ileng a se bua ka ditshisinyeho tsa lefatshe le malwetse se a etsahala?

8 Ditshisinyeho tsa lefatshe. Jesu o ile a re: “Ho tla ba le ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe.” (Luka 21:11) Selemo le selemo ho ba le ditshisinyeho tse ngata tsa lefatshe. Ditshisinyeho tsa lefatshe di bolaile batho ba ka hodimo ho dimilione tse pedi ho tloha ka selemo sa 1900. Le hoja kajeno theknoloji e kgona ho lemosa batho pele ho ba le koduwa, ditshisinyeho tsa lefatshe di ntse di bolaya batho ba bangata.

9 Malwetse. Jesu o ile a bolela esale pele hore ho tla ba le “mafu a sewa” kapa malwetse. Malwetse a kotsi a ne a tla ata mme a bolaye ba bangata. (Luka 21:11) Le hoja dingaka di kgona ho fodisa malwetse a mangata, ho ntse ho na le a mang a sa phekoleheng. Selemo le selemo ho shwa batho ba bangata ka lebaka la mafu a kang kankere le TB. Ho tloha ka 1973 ho tla fihlela jwale, dingaka di se di fumane mafu a mang a ka hodimo ho 30 mme a mang a ona ha a phekolehe.

BATHO BA NE BA TLA BA JWANG MATSATSING A HO QETELA?

10. Lengolo la 2 Timothea 3:1-5 le phethahala jwang kajeno?

10 Lengolong la 2 Timothea 3:1-5, Bibele e re: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le dinako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Lengolong lena Bibele e re bolella kamoo batho ba neng ba tla ba kateng matsatsing a ho qetela. E re batho e ne e tla ba

  • baithati

  • ba ratang tjhelete

  • ba sa mameleng batswadi

  • ba sa tshepahaleng

  • ba sa rateng ba malapa a bona

  • ba hlokang boitshwaro

  • ba bohale bo tshosang

  • ba ratang menate ho feta Modimo

  • ba etsang eka ba rata Modimo empa ba sa mamele melao ya hae

11. Ho ya ka Pesaleme ya 92:7, ho tla etsahalang ka batho ba kgopo?

11 Na ho na le batho ba jwalo moo o dulang? Ha e le hantle lefatsheng lohle ho tletse batho ba jwalo. Empa haufinyane Modimo o tla ba fedisa. Bibele e re: ‘Ha ba kgopo ba hlomela jwalo ka dimela mme bohle ba etsang dintho tse mpe ba atleha, morero ke hore ba fediswe ka ho sa feleng.’—Pesaleme ya 92:7.

DINTHO TSE NTLE TSE ETSAHALANG MATSATSING A HO QETELA

12, 13. Kutlwisiso ya rona ya Bibele e ile ya eketseha jwang matsatsing ana a ho qetela?

12 Jwalo ka ha re se re bone, Bibele e buile ka dintho tse bohloko tse neng di tla etsahala matsatsing a ho qetela. Le ha ho le jwalo, e boetse e bua ka dintho tse ntle tse neng di tla etsahala nakong eo.

“Ditaba tsena tse molemo tsa mmuso di tla bolelwa lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona.”—Matheu 24:14

13 Ho utlwisisa Bibele. Bibele e ile ya boela ya bua ka matsatsi a ho qetela bukeng ya Daniele. E ile ya re: “Tsebo ya nnete e tla ba ngata.” (Daniele 12:4) Modimo o ne a tla etsa hore batho ba hae ba utlwisise Bibele ka ho eketsehileng. Jehova o ile a etsa seo haholoholo ho tloha ka 1914. Ka mohlala, kajeno re se re utlwisisa seo Bibele e se rutang ditabeng tse kang bohlokwa ba lebitso la Modimo, morero wa Modimo ka lefatshe, thekollo, tsoho ya bafu le hore ho etsahalang ka rona ha re shwa. Re ile ra ithuta hore ke Mmuso wa Modimo feela o ka rarollang mathata a rona. Re boetse re ithutile hore na re lokela ho etsang e le hore re thabe le hore re kgahlise Modimo. Empa batho ba Modimo ba etsang ka seo ba ithutileng sona? Ho na le boprofeta bo bong bo re thusang ho fumana karabo ya potso ena.—Sheba Ntlha ya 20 le 24 e hlahang qetellong ya buka.

14. Ditaba tse molemo tsa Mmuso di bolelwa hokae, hona di bolelwa ke bo mang?

14 Mosebetsi wa ho ruta batho Bibele. Ha Jesu a bua ka matsatsi a ho qetela, o ile a re: “Ditaba tsena tse molemo tsa mmuso di tla bolelwa lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona.” (Matheu 24:3, 14) “Ditaba tsena tse molemo tsa Mmuso” ke ditaba tse monate tse buang ka seo Mmuso wa Modimo o tla se etsetsa batho. Dipaki Tsa Jehova tse tswang “ditjhabeng tsohle le melokong yohle,” di bolela ditaba tsena dinaheng tse ka hodimo ho 230, ka dipuo tse fetang 800. (Tšenolo 7:9) Dipaki Tsa Jehova di ruta batho Bibele di sa ba patadise. Le hoja di hloriswa ebile di hloilwe ke batho ba bangata, ha ho letho le tla thibela mosebetsi wa tsona, feela jwalo ka ha Jesu a profetile.—Luka 21:17.

O LOKELA HO ETSANG?

15. (a) Na o a dumela hore re phela matsatsing a ho qetela, hona hobaneng? (b) Ho tla etsahalang ka batho ba mamelang Modimo le ba sa mo mameleng?

15 Na o a dumela hore re phela matsatsing a ho qetela? Boprofeta bo bongata ba Bibele bo buang ka matsatsi a ho qetela bo a phethahala. Haufinyane Jehova o tla emisa mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo mme “bofelo” bo tla tla. (Matheu 24:14) Bofelo keng? Ke nako ya Armagedone, ha Modimo a tla be a fedisa batho bohle ba kgopo. Jehova o tla sebedisa Jesu le mangeloi a hae a matla ho fedisa bohle ba sa mo mameleng. (2 Bathesalonika 1:6-9) Ka mora moo, Satane le bademona ba hae ba ke ke ba hlola ba kgelosa batho. Bohle ba batlang ho mamela Modimo le ho buswa ke Mmuso wa hae ba tla bona ha Modimo a phethahatsa ditshepiso tsa hae.—Tšenolo 20:1-3; 21:3-5.

16. Ka ha bofelo bo atametse, o lokela ho etsang?

16 Lefatshe lena le buswang ke Satane le haufi le ho fela. Ka hoo, e mong le e mong wa rona o lokela ho ipotsa: ‘Ke lokela ho etsang jwalo ka ha bofelo bo atamela?’ Jehova o batla hore o ithute Bibele. O lokela ho sebedisa seo o ithutang sona ka Bibeleng. (Johanne 17:3) Beke le beke, Dipaki Tsa Jehova di tshwara diboka tse di thusang ho utlwisisa Bibele le ho e ruta batho ba bang. Leka ho ya dibokeng tseo kamehla. (Bala Baheberu 10:24, 25.) Haeba o hlokomela hore o lokela ho tlohela mekgwa kapa diketso tse itseng tse sa thabiseng Modimo, o se ke wa swabela ho etsa jwalo. Ho etsa diphetoho tse jwalo ho tla tiisa setswalle sa hao le Jehova.—Jakobo 4:8.

17. Ke hobaneng ha bofelo bo tla tla batho ba bangata ba sa lebella?

17 Bibele e re bofelo ba lefatshe lena bo tla tla “jwalo ka leshodu bosiu.” (1 Bathesalonika 5:2) Jesu o itse batho ba bangata ba tla iphapanyetsa nnete ya hore re phela matsatsing a ho qetela. O ile a re: “Feela kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng, ho ba teng ha Mora motho [kapa matsatsi a ho qetela] ho tla ba jwalo. Etswe jwalo ka ha matsatsing ao pele ho morwallo, ba ne ba ja mme ba nwa, banna ba nyala mme basadi ba nyadiswa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona, mme ba se ke ba elellwa ho fihlela morwallo o tla mme o ba hohola bohle, [le] ho ba teng ha Mora motho ho tla ba jwalo.”—Matheu 24:37-39.

18. Jesu o re file temoso efe?

18 Jesu o ile a re lemosa hore re se ka sitiswa ke dintho tse kang “ho ja ho tlola le ho nwa haholo le matshwenyeho a bophelo.” O ile a re bofelo bo tla tla ka tshohanyetso, “jwalo ka leraba.” O ile a boela a re bofelo bo tla tlela “bohle ba dulang hodima lefatshe.” Ka mora moo o ile a re: “Jwale, le dule le fadimehile ka nako yohle le etsa thapedi e le hore le ka atleha ho phonyoha dintho tsena tsohle tse reretsweng hore di etsahale, le ho ema ka pela Mora motho.” (Luka 21:34-36) Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re mamele temoso ena ya Jesu? Hobane haufinyane lefatshe la Satane le tla fediswa. Ke batho ba kgahlisang Jehova feela ba tla pholoha ka nako eo mme ba phele ka ho sa feleng lefatsheng le letjha.—Johanne 3:16; 2 Petrose 3:13.