Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 10

Mangeloi ke Bo-mang?

Mangeloi ke Bo-mang?

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta ka mangeloi?

JEHOVA o batla hore re tsebe lelapa la hae. Bibele e re mangeloi ke ‘bara ba Molimo.’ (Jobo 38:7) Mangeloi a etsa’ng? A thusitse batho joang mehleng ea khale? Na a ka re thusa mehleng ee?—Sheba tlhaloso ea 8 lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.

2. Mangeloi a bile teng joang? A makae ka palo?

2 Re lokela ho tseba hore na mangeloi a bile teng joang. Bibele e re mangeloi a ile a boptjoa hobane Bakolose 1:16 e re ka mor’a hore Jehova a bope Jesu, “lintho tse ling tsohle tse maholimong le tse lefatšeng li ile tsa bōptjoa.” A makae ka palo? Bibele e re ho na le mangeloi a limilione tse makholo.—Pesaleme ea 103:20; Tšenolo 5:11.

3. Jobo 38:4-7 e re’ng ka bara ba Molimo?

3 Bibele e re Jehova o bopile mangeloi pele a bopa lefatše. A ile a ikutloa joang ha a bona lefatše? Lengolo la Jobo le re a ile a thaba. E ne e le lelapa le utloanang le sebeletsang Jehova hammoho.—Jobo 38:4-7.

MANGELOI A THUSA BAHLANKA BA MOLIMO

4. Ke’ng e bontšang hore mangeloi a rata batho?

4 Haesale mangeloi a rata batho. A bile a rata le morero oa Jehova ka batho le lefatše. (Liproverbia 8:30, 31; 1 Petrose 1:11, 12) E tlameha ebe a ile a utloa bohloko ha Adama le Eva ba fetohela Molimo. A tlameha a utloa bohloko le ho feta hona joale ha a bona batho ba bangata ba sa mamele Jehova. Empa aa thaba ha motho a baka ’me a khutlela ho Molimo. (Luka 15:10) Mangeloi a rata batho ba sebeletsang Molimo. Jehova o sebelisa mangeloi ho thusa bahlanka ba hae le ho ba sireletsa. (Baheberu 1:7, 14) A re ke re hlahlobe mehlala e seng mekae.

“Molimo oa ka o rometse lengeloi la hae ’me la koala melomo ea litau.”—Daniele 6:22

5. Mangeloi a thusitse bahlanka ba Molimo joang mehleng ea khale?

5 Ha Jehova a timetsa motse oa Sodoma le Gomora, o ile a romela mangeloi a mabeli ho pholosa Lota le lelapa la hae. (Genese 19:15, 16) Lilemo tse makholo hamorao, moprofeta Daniele o ile a lahleloa ka sekoting sa litau, empa ha lia ka tsa mo ja kaha ‘Molimo o ile a romela lengeloi la hae ’me la koala melomo ea litau.’ (Daniele 6:22) Hamorao ha moapostola Petrose a le chankaneng, Jehova o ile a romela lengeloi ’me la mo lokolla. (Liketso 12:6-11) Hape, ha Jesu a le lefatšeng, Jehova o ile a sebelisa mangeloi ho mo thusa. Ka mohlala, ka mor’a hore a kolobetsoe, ‘mangeloi a ile a mo sebeletsa.’ (Mareka 1:13) Nakoana pele Jesu a bolaoa, lengeloi le ile “la mo matlafatsa.”—Luka 22:43.

6. (a) Re tseba joang hore mangeloi a thusa bahlanka ba Molimo mehleng ee? (b) Sehlooho see se tl’o arabela lipotso life?

6 Mehleng ena, mangeloi ha a sa hlaha ho batho. Empa Molimo o ntse a a sebelisa hore a thuse bahlanka ba hae. Bibele e re: “Lengeloi la Jehova le hlomme liahelo ho pota-pota ba mo tšabang, lea ba pholosa.” (Pesaleme ea 34:7) Ke hobane’ng ha re hloka ho sireletsoa? Hobane re na le lira tse matla tse batlang ho re ntša kotsi. Lira tsee ke bo-mang? Li tsoa hokae? Li leka ho re ntša kotsi ka tsela efe? E le hore re arabe lipotso tsena, a re bone se ileng sa etsahala nakoana ka mor’a hore Adama le Eva ba boptjoe.

LIRA TSA RONA

7. Satane o batla hore batho ba etse’ng?

7 Khaolong ea boraro re ithutile hore lengeloi le leng le ile la fetohela Molimo ’me la batla ho busa batho. Bibele e le bitsa Satane Diabolose. (Tšenolo 12:9) Satane o batla hore batho le bona ba fetohele Molimo. O ile a thetsa Eva ’me ka mor’a moo a khelosa ba bang ba bangata. Empa batho ba kang Abele, Enoke le Noe ba ile ba lula ba tšepahalla Jehova.—Baheberu 11:4, 5, 7.

8. (a) Ho tlile joang hore mangeloi a mang a busoe ke Satane? (b) Mangeloi a khopo a ile a etsa’ng hore a pholohe Moroallo?

8 Mehleng ea Noe, mangeloi a mang a ile a fetohela Molimo, ’me a tloha leholimong hore a tl’o phela lefatšeng e le batho. Ke hobane’ng ha a ile a etsa joalo? Bibele e re a ne a batla ho nyala. (Bala Genese 6:2.) Empa a ne a sa lokela ho etsa joalo. (Juda 6) Mangeloi ao a ne a le khopo, a sa mamele Molimo ’me batho ba bangata ba ile ba a etsisa. Kahoo, Jehova a etsa qeto ea ho ba felisa ka Moroallo, empa a pholosa bahlanka ba hae. (Genese 7:17, 23) Mangeloi ao a khopo a ile a khutlela leholimong e le hore a pholohe Moroallo. Bibele e re mangeloi ao ke bademona. A ile a ikopanya le Satane eaba o qala ho a busa.—Matheu 9:34.

9. (a) Ho ile ha etsahala’ng ha bademona ba khutlela leholimong? (b) Re tl’o ithuta ka eng sehloohoaneng se latelang?

9 Kaha bademona ke marabele, Jehova ha aa ka a ba lumella hore e be karolo ea lelapa la hae hape. (2 Petrose 2:4) Hona joale bademona ha ba sa khona ho iphetola batho, empa ba ntse ba ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Tšenolo 12:9; 1 Johanne 5:19) Re tl’o ithuta hore na ba khelosa batho ba bangata joang.—Bala 2 Bakorinthe 2:11.

BADEMONA BA KHELOSA BATHO JOANG?

10. Bademona ba khelosa batho joang?

10 Batho ba bang ba buisana le bademona ka ho toba, ha ba bang bona ba ea ho ba lahlang litaola kapa bo-ngakana-ntšonyana. Ho etsa joalo ke bodemona kapa boloi. Bibele e re laela hore re se ke ra ikopanya le bademona. (Bagalata 5:19-21) Hobane’ng? Hobane feela joalokaha setsomi se chehela liphoofolo sefi, bademona le bona ba chehela batho lifi e le hore ba ba laole.—Sheba tlhaloso ea 25 lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.

11. Bonohe ke eng, hona ke hobane’ng ha re lokela ho bo qoba?

11 Bademona ba boetse ba khelosa batho ka bonohe. Bonohe ke ho sebelisa matla a bodemona ho leka ho tseba lintho tse tla etsahala nakong e tlang kapa tse sa tsejoeng. Ka mohlala, motho a ka ’na a lumela hore litoro le linaleli lia mo bontša hore na bophelo ba hae bo tla ba joang nakong e tlang, a ea ho ngaka ea Sesotho kapa ho motho ea ka bolelang bokamoso. Lintho tsena li kotsi haholo le hoja batho ba bangata ba nahana hore ha li kotsi. Bibele e re linohe li sebetsa ’moho le bademona. Ka mohlala, Liketso 16:16-18 e bua ka “modemona oa bonohe” ea neng a thusa ngoanana e mong ho bolela lintho pele li etsahala. Ka mor’a hore moapostola Pauluse a leleke modemona eo, ngoanana eo o ile a felloa ke matla a bonohe.

12. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho bua le bafu? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa etse lintho tse ling tsa moetlo?

12 Bademona ba khelosa batho ka tsela e ’ngoe hape. Ba batla hore re lumele hore bafu ba ntse ba phela, hore re ka buisana le bona le hore ba ka re ntša kotsi. Ka mohlala, motho ea hlokahaletsoeng a ka ’na a ea ho ngaka ea Sesotho. Ngaka eo e ka ’na ea hlalosa mofu, mohlomong ea ba ea etsisa lentsoe la mofu eo. (1 Samuele 28:3-19) Ho na le lintho tse ngata tsa moetlo tseo batho ba li etsang hobane ba lumela hore bafu ba ntse ba phela. Lintho tsena li akarelletsa ho felehetsa mofu, ho beha lejoe, ho etsa mekete ea balimo, ho roala thapo, ho etsa tebelo le lintho tse ling tse kang tseo. Ha Mokreste a hana ho etsa lintho tsena, beng ka eena kapa batho ba motse ba ka ’na ba mo soma, ba mo rohaka kapa ba se hlole ba batla ho ikamahanya le eena. Bakreste baa tseba hore bafu ha ba phele, re ke ke ra khona ho buisana le bona ebile ba ke ke ba re ntša kotsi. (Pesaleme ea 115:17) U lokela ho ba hlokolosi. U se ke oa leka ho buisana le bademona kapa hona ho etsa lintho tse tla u kopanya le bona.—Bala Deuteronoma 18:10, 11; Esaia 8:19.

13. Ho etsahetse’ng ka batho ba bangata bao pele ba neng ba tšaba bademona?

13 Bademona ba khelosa batho ebile baa ba tšosa. Satane le bademona ba hae baa tseba hore ba saletsoe ke “nako e khutšoanyane” pele Molimo a ba timetsa, kahoo ba halefile le ho feta. (Tšenolo 12:12, 17) Ho na le batho ba bangata ba neng ba tšaba bademona, empa ha ba sa ba tšaba. Ho tlile joang hore ba se hlole ba ba tšaba?

KHAOHANA LE BADEMONA U BE U BA QOBE

14. Re ka etsisa mohlala oa Bakreste ba Efese joang?

14 Bibele ea re bolella hore na re ka etsa’ng ho qoba bademona le ho khaohana le bona. Ka mohlala, e bua ka batho ba bang motseng oa Efese ba neng ba buisana le bademona pele ba tseba thato ea Molimo. Ba ile ba khaohana le bona joang? Bibele e re: “Ba bangata ba neng ba sebelisa tsebo ea boselamose ba bokella libuka tsa bona ’me ba li chesa ka pel’a bohle.” (Liketso 19:19) Kaha ba ne ba batla ho ba Bakreste, ba ile ba chesa libuka tsohle tse buang ka boselamose. Le rona re lokela ho ba etsisa. Motho e mong le e mong ea batlang ho sebeletsa Jehova o lokela ho lahla lintho tsohle tse amanang le bodemona. Li akarelletsa libuka, limakasine, livideo, lipina, lipapali le litšoantšo tse etsang hore ho bonahale eka boselamose le bodemona ke lintho tse se nang kotsi le tse monate. Li boetse li akarelletsa lintho tseo batho ba li roalang hore ba se ke ba louoa.—1 Bakorinthe 10:21.

15. Ke’ng hape eo re lokelang ho e etsa hore re qobe Satane le bademona?

15 Lilemo tse ngata ka mor’a hore Bakreste ba Efese ba chese libuka tsa bona tsa boselamose, moapostola Pauluse o ile a re ba ile ba ’na ba tlameha ho “loana . . . le makhotla a moea a khopo.” (Baefese 6:12) Le hoja ba ne ba chesitse libuka tseo, bademona ba ne ba ntse ba leka ho ba hlasela. Ke’ng hape eo ba neng ba lokela ho e etsa? Pauluse o ile a re ho bona: “Le nke thebe e khōlō ea tumelo, eo ka eona le tla khona ho tima [kapa ho thiba] metsu eohle e tukang ea ea khopo.” (Baefese 6:16) Feela joalokaha thebe e sireletsa lesole ntoeng, tumelo e ka re sireletsa. Haeba re kholisehile ka ho feletseng hore Jehova o tla re sireletsa, re tla khona ho qoba Satane le bademona.—Matheu 17:20.

16. Re ka matlafatsa tumelo ea rona joang?

16 Re ka matlafatsa tumelo ea rona joang? Re lokela ho bala Bibele letsatsi le letsatsi, ’me re tšepe hore Jehova o tla re sireletsa. Haeba re e-na le tumelo e matla ho Jehova, Satane le bademona ba ke ke ba re hlasela.—1 Johanne 5:5.

17. Ke’ng hape e tla re sireletsa e le hore bademona ba se ke ba re hlasela?

17 Ke’ng hape eo Bakreste ba Efese ba ileng ba lokela ho e etsa? Ba ne ba lula motseng o tummeng ka bodemona. Kahoo, Pauluse o ile a re ba lokela ho rapela kamehla. (Baefese 6:18) Ka linako tsohle ba ne ba lokela ho kopa Jehova hore a ba sireletse. Le rona re phela lefatšeng le tletseng bodemona. Kahoo re lokela ho kopa hore Jehova a re sireletse re be re mo bitse ka lebitso ha re rapela. (Bala Liproverbia 18:10.) Haeba re tsoela pele ho kopa Jehova hore a re sireletse e le hore Satane a se ke a re hlasela, o tla arabela lithapelo tsa rona.—Pesaleme ea 145:19; Matheu 6:13.

18, 19. (a) Re ka hlola Satane le bademona joang? (b) Ke potso efe e tla arajoa khaolong e latelang?

18 Haeba re lahla lintho tsohle tse amanang le bodemona ’me re tšepa Jehova hore a re sireletse, Satane le bademona ba ke ke ba re hlasela. Ha rea lokela ho ba tšaba. (Bala Jakobo 4:7, 8.) Jehova o matla haholo ho feta bademona. O ile a ba ahlola mehleng ea Noe ’me haufinyane o tla ba felisa. (Juda 6) A re hopoleng hore Jehova o sebelisa mangeloi a hae ho re sireletsa. (2 Marena 6:15-17) Re ka kholiseha hore Jehova o tla re thusa ho hlola Satane le bademona ba hae.—1 Petrose 5:6, 7; 2 Petrose 2:9.

19 Empa ke hobane’ng ha Molimo a ntse a e-s’o felise Satane le bademona le hoja ba re utloisa bohloko hakaale? Potso ena e tla arajoa khaolong e latelang.