Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 10

Bibele e Rutang ka Mangeloi le Bademona?

Bibele e Rutang ka Mangeloi le Bademona?

1. Ke hobaneng ha re lokela ho tseba ka mangeloi?

JEHOVA o batla hore re tsebe lelapa la hae le lehodimong. Mangeloi ke karolo ya lelapa la Modimo. Ka Bibeleng, mangeloi a bitswa ‘bara ba Modimo.’ (Jobo 38:7) Mosebetsi wa mangeloi keng? A ile a thusa batho jwang nakong e fetileng? Hona na a ka re thusa kajeno?—Sheba Ntlha ya 8 e hlahang qetellong ya buka.

2. Mangeloi a bile teng jwang? Modimo o ile a bopa mangeloi a makae ka palo?

2 Re lokela ho tseba hore mangeloi a bile teng jwang. Lengolo la Bakolose 1:16 le re ka mora hore Jehova a bope Jesu, “dintho tse ding tsohle tse mahodimong le tse lefatsheng di ile tsa boptjwa.” Dintho tseo di akarelletsa mangeloi. Ke mangeloi a makae a ileng a boptjwa? Bibele e re ho na le mangeloi a mangata haholo a ka bang dimilione tse makgolo.—Pesaleme ya 103:20; Tšenolo 5:11.

3. Lengolo la Jobo 38:4-7 le re bolellang ka mangeloi?

3 Bibele e boetse e re ruta hore Jehova o ile a bopa mangeloi pele a bopa lefatshe. Mangeloi a ile a ikutlwa jwang ha Modimo a bopa lefatshe? Buka ya Jobo e re a ne a thabile haholo. A ne a sebeletsa Jehova a momahane.—Jobo 38:4-7.

MANGELOI A THUSA BATHO BA MODIMO

4. Re tseba jwang hore mangeloi a rata batho?

4 Haesale mangeloi a rata batho mme a thabela ho bona ha morero wa Modimo ka batho le lefatshe o phethahala. (Liproverbia 8:30, 31; 1 Petrose 1:11, 12) E tlameha ebe a ile a utlwa bohloko ha Adama le Eva ba fetohela Modimo. Mangeloi a utlwa bohloko le ho feta ha a bona hore batho ba bangata kajeno ha ba mamele Modimo. Empa a a thaba ha motho a tlohela diketso tse sa thabiseng Modimo. (Luka 15:10) Mangeloi a rata batho ba sebeletsang Modimo. Jehova o sebedisa mangeloi ho thusa le ho sireletsa batho ba hae lefatsheng. (Baheberu 1:7, 14) A re ke re boneng mehlala ya seo.

“Modimo wa ka o rometse lengeloi la hae mme la kwala melomo ya ditau.” —Daniele 6:22

5. Mangeloi a ile a thusa bahlanka ba Modimo jwang nakong e fetileng?

5 Ha Jehova a fedisa motse wa Sodoma le wa Gomora, o ile a romela mangeloi a mabedi ho thusa Lota le lelapa la hae ho tswa metseng eo. (Genese 19:15, 16) Dilemo tse ngata hamorao, moprofeta Daniele ha a ka a lemala ha a ne a lahletswe hara ditau, hobane Modimo o ile a romela “lengeloi la hae mme la kwala melomo ya ditau.” (Daniele 6:22) Hamorao, Jehova o ile a romela lengeloi ho ntsha moapostola Petrose teronkong. (Liketso 12:6-11) Mangeloi a ile a boela a thusa Jesu ha a ne a le lefatsheng. Ka mohlala, a ile a mo thusa ka mora hore a kolobetswe. (Mareka 1:13) Pele Jesu a bolawa, lengeloi le ile la “mo matlafatsa.”—Luka 22:43.

6. (a) Re tseba jwang hore mangeloi a thusa batho ba Modimo kajeno? (b) Re tla araba dipotso dife?

6 Kajeno batho ha ba sa bona mangeloi. Empa Modimo o ntse a a sebedisa ho thusa bahlanka ba hae. Bibele e re: “Lengeloi la Jehova le hlomme diahelo ho potapota ba mo tshabang [mme] le a ba pholosa.” (Pesaleme ya 34:7) Ke hobaneng ha re hloka ho sireletswa? Hobane ho na le dira tse matla haholo tse batlang ho re lematsa. Dira tseo ke bo mang? Di tswa hokae? Hona di leka jwang ho re lematsa? Ho hlahloba se ileng sa etsahala ka mora hore Adama le Eva ba boptjwe ho tla re thusa ho araba dipotso tsena.

DIRA TSA RONA TSE SA BONAHALENG

7. Satane o susumeditse batho hore ba etseng?

7 Kgaolong ya 3, re ithutile ka lengeloi le ileng la fetohela Modimo hobane le ne le batla ho busa batho ba bang. Bibele e bitsa lengeloi leo Satane Diabolose. (Tšenolo 12:9) Satane o ne a batla hore le batho ba bang ba fetohele Modimo. Ka hoo, o ile a thetsa Eva mme o se a kgelositse batho ba bang ba bangata ho tloha ka nako eo. Le ha ho le jwalo, batho ba bang ba kang Abele, Enoke le Noe, ba ile ba tshepahalla Jehova.—Baheberu 11:4, 5, 7.

8. (a) Ho tlile jwang hore mangeloi a mang a fetohe bademona? (b) Bademona ba ile ba etsang e le hore ba pholohe Morwallo?

8 Mehleng ya Noe, mangeloi a mang a ile a fetohela Modimo. A ile a iphetola batho e le hore a ka dula lefatsheng. Hobaneng? Bibele e re mangeloi ao a ne a batla ho ba le basadi. (Bala Genese 6:2.) Empa ntho eo e ne e fosahetse. (Juda 6) Batho ba bangata lefatsheng ka nako eo ba ile ba etsisa boitshwaro bo bobe ba mangeloi ao mme ba rata ntwa. Jehova o ile a fedisa lefatshe leo ka ho nesa pula e ngata e ileng ya baka Morwallo. Empa o ile a pholosa batho ba hae ba tshepahalang. (Genese 7:17, 23) Mangeloi ana a kgopo a ile a baleha yaba a kgutlela lehodimong. Bibele e bitsa mangeloi ao bademona. Bademona bana ba ile ba kgetha ho ba ka lehlakoreng la Satane mme Diabolose ya eba morena wa bona.—Matheu 9:34.

9. (a) Ho ile ha etsahalang ka bademona ha ba kgutlela lehodimong? (b) Re tlo ithutang ka bademona?

9 Jehova ha a ka a amohela bademona bana lelapeng la hae hobane ba ne ba se ba mo fetohetse. (2 Petrose 2:4) Kajeno bademona ha ba sa kgona ho iphetola batho, empa ba ntse ba kgona ho ‘kgelosa lefatshe lohle leo ho ahilweng ho lona.’ (Tšenolo 12:9; 1 Johanne 5:19) A re ke re boneng hore ba kgona jwang ho kgelosa batho ba bangata hakana.—Bala 2 Bakorinthe 2:11.

KAMOO BADEMONA BA KGELOSANG BATHO KATENG

10. Bademona ba kgelosa batho jwang?

10 Bademona ba sebedisa maqheka a mangata ho thetsa batho. Batho ba bang ba buisana le bademona ka ho toba, ha ba bang ba sebedisa batho ba kang dinohe kapa dingaka tsa setso. Ho buisana le bademona ho bitswa bodemona. Empa Bibele e re laela hore re bapalle hole le ntho efe kapa efe e ka re kopanyang le bademona. (Bagalata 5:19-21) Hobaneng? Feela jwalo ka ha setsomi se sebedisa maraba ho tjheha diphoofolo, le bademona ba sebedisa maqheka a itseng ho laola batho.—Sheba Ntlha ya 25 e hlahang qetellong ya buka.

11. Bonohe keng, hona ke hobaneng ha re lokela ho bo qoba?

11 Le leng la maqheka a sebediswang ke bademona ke bonohe. Bonohe ke ha motho a sebedisa matla a tswang ho bademona hore a tsebe dintho tse tla etsahala nakong e tlang. Mehlala ya bonohe ke dintho tse kang ho sebedisa ditaola kapa ho buisana le bafu le ho botsa baprofeta ka bokamoso. Batho ba bang ba nahana hore dintho tsena ha di phoso. Empa mekgwa eo e kotsi haholo. Bibele e bontsha ka ho hlaka hore bademona ba sebedisana le dinohe kapa batho ba bolellang ba bang bokamoso. Ka mohlala, lengolo la Liketso 16:16-18 le bua ka “modemona wa bonohe,” ya neng a thusa ngwanana ya itseng ho bolella batho “diketsahalo esale pele.” Empa ka mora hore moapostola Pauluse a leleke modemona eo, ngwanana enwa ha a ka a hlola a kgona ho bolella batho diketsahalo esale pele.

12. (a) Ke hobaneng ha ho buisana le bafu ho le kotsi? (b) Ke hobaneng ha bahlanka ba Modimo ba qoba meetlo e nang le bodemona?

12 Bademona ba sebedisa leqheka le leng ho kgelosa batho. Ba batla re dumele hore bafu ba phela sebakeng se itseng se sa bonahaleng le hore re ka kgona ho buisana le bona. Ba batla re nahane hore bafu ba ka re thusa kapa ba re lematsa. Ka mohlala, motho a ka nna a ya ho ngaka ya setso hore e mo buelle ho motho wa habo ya hlokahetseng. Modemona a ka nna a thusa ngaka ya setso ho bua ho itseng ka mofu. Modemona a ka boela a iketsa mofu kapa a etsisa lentswe la hae. (1 Samuele 28:3-19) Meetlo e mengata e etswang ha motho a hlokahetse e fana ka maikutlo a hore bafu ba ntse ba phela sebakeng se itseng. Meetlo ena e akarelletsa ho etsa tebelo, ho hlabela badimo, ho rwala thapo, ho apara diaparo tse ntsho ka morero wa ho ilela mofu le mesebetsi e meng e amanang le dintho tsena. Ha Mokreste a hana ho kopanela meetlong ena, ba lelapa labo ba ka nna ba mo phoqa kapa ba mo nyatsa esita le ho qoba ho ikamahanya le yena. Empa Bakreste ba a tseba hore bafu ha ba utlwe letho ebile ha ba tsebe letho. Ka hoo re ke ke ra kgona ho buisana le bona ebile ba ka se re etse letho. (Pesaleme ya 115:17) Ka hoo, o se ke wa leka ho buisana le bafu kapa wa kenella meetlong le ha e le efe e nang le bodemona.—Bala Deuteronoma 18:10, 11; Esaia 8:19.

13. Batho ba bang ba neng ba tshaba bademona, ba ikutlwa jwang kajeno?

13 Bademona ba boetse ba batla hore batho ba ba tshabe. Satane le bademona ba hae ba a tseba hore ba salletswe ke “nako e kgutshwanyane” pele Modimo a ba fedisa. Ke ka lebaka leo ba halefileng mme ba ntshetsa bohale ba bona ho batho. (Tšenolo 12:12, 17) Le ha ho le jwalo, ho na le batho ba bangata ba neng ba tshaba bademona nakong e fetileng, bao hona jwale ba seng ba sa ba tshabe. Ebe ba ile ba thuswa keng?

HLOLA TSHUSUMETSO YA BADEMONA

14. Re ka etsisa Bakreste ba mehleng ya Bibele jwang?

14 Bibele e re bolella seo re lokelang ho se etsa hore re itshireletse ho bademona. Ka mohlala, Bibele e bua ka Bakreste ba Efese, bao pele ba sebeletsa Jehova ba neng ba sebedisana le bademona ka ho etsa boselamose. Ba ile ba thuswa keng? Ha Bibele e bua ka bona, e re: “Ba bangata ba neng ba sebedisa tsebo ya boselamose ba bokella dibuka tsa bona mme ba di tjhesa ka pela bohle.” (Liketso 19:19) Ka ha ba ne ba batla ho sebeletsa Jehova, ba ile ba tjhesa dibuka tsa bona tsa boselamose. Le rona re lokela ho etsa se tshwanang. Motho ya batlang ho sebeletsa Jehova o lokela ho lahla ntho leha e le efe e tsamaisanang le bodemona. Tse ding tsa dintho tseo ke dibuka, dimakasine, dimovie, dipina, dipapadi esita le ditshwantsho leha e le dife tse nang le boloi kapa bodemona. Re lokela ho lahla dintho tseo le haeba di ka bonahala eka ke boithabiso feela bo se nang kotsi. Re boetse re lokela ho qoba dintho tseo batho ba di sebedisang kapa ba di aparang ho itshireletsa ho meya e mebe.—1 Bakorinthe 10:21.

15. Re ka boetse ra etsang ho hanyetsa Satane le bademona?

15 Esita le ka mora hore Bakreste ba Efese ba tjhese dibuka tsa bona tsa boselamose, dilemo hamorao moapostola Pauluse o ile a re ba ne ba ntse ba lokela ho ‘lwana’ ka thata “le makgotla a moya a kgopo” e leng bademona. (Baefese 6:12) Ho hlakile hore le ka mora hore Bakreste bao ba tjhese dibuka tsa bona, bademona ba ne ba ntse ba leka ho ba hlasela. Jwale ntle le ho lahla dibuka tseo, keng hape eo ba neng ba lokela ho e etsa? Pauluse o ile a re ho bona: “Le nke thebe e kgolo ya tumelo, eo ka yona le tla kgona ho tima metsu yohle e tukang ya ya kgopo.” (Baefese 6:16) Feela jwalo ka ha thebe e ka sireletsa lesole ntweng, tumelo e ka re sireletsa. Haeba re kgodisehile ka ho felletseng hore Jehova o tla re sireletsa, re tla kgona ho hanyetsa Satane le bademona.—Matheu 17:20.

16. Re ka etsang hore re be le tumelo e matla ho Jehova?

16 Re ka etsang hore re be le tumelo e matla ho Jehova? Re lokela ho bala Bibele kamehla mme re mo tshepe hore a ka re sireletsa. Haeba re na le tumelo e matla ho Jehova, Satane le bademona ba hae ba ke ke ba re lematsa.—1 Johanne 5:5.

17. Keng e ka re thusang ho itshireletsa ho bademona?

17 Keng hape eo Bakreste ba Efese ba neng ba lokela ho e etsa? Ba ne ba dula motseng o tletseng bodemona. Ka hoo Pauluse o ile a re ho bona: ‘Le tswele pele ho rapela ka nako e nngwe le e nngwe.’ (Baefese 6:18) Ba ne ba lokela ho kopa hore Jehova a ba sireletse ka dinako tsohle. Ho thweng ka rona kajeno? Le rona re phela lefatsheng le tletseng bodemona. Re lokela ho kopa hore Jehova a re sireletse mme re sebedise lebitso la hae ha re rapela. (Bala Liproverbia 18:10.) Haeba re ka tswela pele ho kopa hore Jehova a re lopolle ho Satane, Jehova o tla utlwa dithapelo tsa rona.—Pesaleme ya 145:19; Matheu 6:13.

18, 19. (a) Re ka etsang hore re hlole Satane le bademona ba hae? (b) Re tlo araba potso efe kgaolong e latelang?

18 Re tla hlola Satane le bademona ba hae haeba re ka lahla ntho leha e le efe e tsamaisanang le bodemona. Re tla boela re thuswe ke ho tshepa Jehova ka ho felletseng hore a re sireletse. Ha re a lokela ho tshaba Satane le bademona. (Bala Jakobo 4:7, 8.) Jehova o matla haholo ho feta bademona. O ile a otla bademona mehleng ya Noe mme haufinyane o tla ba fedisa ka ho felletseng. (Jude 6) Hopola hore ha re lwane le bademona ka matla a rona. Jehova o sebedisa mangeloi a hae ho re sireletsa. (2 Marena 6:15-17) Re kgodisehile hore Jehova o tla re thusa ho hlola Satane le bademona ba hae.—1 Petrose 5:6, 7; 2 Petrose 2:9.

19 Empa ka ha Satane le bademona ba utlwisa batho bohloko, ke hobaneng ha Jehova a so ka a ba fedisa? Potso ena e tla arajwa kgaolong e latelang.