Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 15

Tsela e Nepahetseng ea ho Rapela Molimo

Tsela e Nepahetseng ea ho Rapela Molimo

1. Ke mang ea lokelang ho re bolella tsela e nepahetseng ea ho sebeletsa Molimo?

BARUTI ba re ba ruta ’nete ka Molimo. Empa na ba bua ’nete ha e le moo ba ruta lintho tse sa tšoaneng ka eena le hore na re lokela ho mo sebeletsa joang? Ke Jehova feela ea ka re bolellang hore na re mo sebeletse joang.

2. Ke hokae moo re ka ithutang tsela e nepahetseng ea ho sebeletsa Molimo?

2 Jehova o re file Bibele e le hore re ithute tsela e nepahetseng ea ho mo sebeletsa. Kahoo, ha u ithuta Bibele, o tla u thusa hore u lule u khotsofetse hobane oa u tsotella.—Esaia 48:17.

3. Molimo o batla hore re etse’ng?

3 Batho ba bang ba re Molimo o amohela malumeli ’ohle, empa Jesu o rutile taba e fapaneng le eo. O ile a re: “Hase e mong le e mong ea reng ho ’na, ‘Morena, Morena,’ ea tla kena ’musong oa maholimo, empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate.” Kahoo, re lokela ho ithuta hore na thato ea Molimo ke eng re be re e etse. Taba ena e bohlokoa hobane Jesu o ile a bapisa batho ba sa mameleng Molimo le linokoane, e leng batho “ba etsang tlōlo ea molao.”—Matheu 7:21-23.

4. Jesu o ile a re’ng ka ho etsa thato ea Molimo?

4 Jesu o ile a re lemosa hore ho ke ke ha e-ba bonolo ho etsa thato ea Molimo. O ile a re: “Kenang ka heke e moqotetsane; hobane tsela e isang timetsong e pharaletse ebile e khōlō, ’me ba kenang ka eona ba bangata; athe heke e isang bophelong e moqotetsane le tsela e isang teng e patisane, ’me ke ba seng bakae ba e fumanang.” (Matheu 7:13, 14) Tsela e patisaneng, e leng tsela e nepahetseng ea ho sebeletsa Molimo, e isa bophelong bo sa feleng. Tsela e pharaletseng, e leng tsela e fosahetseng ea ho sebeletsa Molimo, e isa timetsong. Jehova o batla hore motho e mong le e mong a pholohe. Kahoo, o re fa monyetla oa hore re ithute ka eena.—2 Petrose 3:9.

TSELA E NEPAHETSENG EA HO SEBELETSA MOLIMO

5. Jesu o itse re ka tseba bahlanka ba Molimo joang?

5 Jesu o hlalositse hore na bahlanka ba Molimo ba tla tsejoa joang. Ba bonahala ka tsela eo ba phelang ka eona le ka lintho tseo ba li lumelang. O ile a re: “Le tla ba tseba ka litholoana tsa bona.” A tsoela pele ho re: “Sefate se seng le se seng se setle se hlahisa litholoana tse ntle.” (Matheu 7:16, 17) Jesu o ne a sa bolele hore bahlanka ba Molimo ba phethahetse. Empa ba leka ho etsa thato ea Molimo kamehla. Re tl’o ithuta hore na Jesu o itse re ka ba tseba joang.

6, 7. Ke hobane’ng ha bolumeli ba ’nete bo lokela ho thehoa Bibeleng? Re ithuta’ng mohlaleng oa Jesu?

6 Tumelo ea rona e lokela ho thehoa Bibeleng. Bibele e re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2 Timothea 3:16, 17) Moapostola Pauluse o ile a re ho Bakreste: “Ha le amohela lentsoe la Molimo, leo le ileng la le utloa ho rōna, ha lea ka la le amohela e le lentsoe la batho, empa, feela joalokaha kannete le le joalo, e le lentsoe la Molimo.” (1 Bathesalonika 2:13) Bolumeli ba ’nete bo thehiloe Bibeleng. Ha boa thehoa maikutlong a batho, litloaelong tsa bona kapa nthong leha e le efe.

7 Lintho tsohle tseo Jesu a neng a li ruta li ne li thehiloe Lentsoeng la Molimo. (Bala Johanne 17:17.) O ne a qotsa Mangolo hangata. (Matheu 4:4, 7, 10) Bahlanka ba Molimo ba etsisa Jesu ka hore ba rute lintho tse hlahang ka Bibeleng.

8. Jesu o re rutile eng mabapi le ho rapela Jehova?

8 Re lokela ho sebeletsa Jehova feela. Pesaleme ea 83:18 e re: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” Jesu o ne a batla hore batho ba tsebe hore na Molimo oa ’nete ke mang. Kahoo, o ile a ba ruta lebitso la Molimo. (Bala Johanne 17:6.) Jesu o ile a re: “Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela, ’me ke eena feela eo u tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang.” (Matheu 4:10) Jesu o ne a rapela Jehova feela, a sebelisa lebitso la hae, a ruta batho ka eena le hore na o tla etsetsa batho eng. Le rona rea mo etsisa kaha re bahlanka ba Molimo.

9, 10. Re bontša joang hore re rata batho?

9 Re lokela ho rata batho. Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba ratane. (Bala Johanne 13:35.) Re rata motho e mong le e mong ho sa tsotellehe hore na o lula hokae, setso sa hae ke sefe le hore na o ruile kapa che. Re tla lula re utloana haeba re ratana. (Bakolose 3:14) Kahoo, ha re loane kapa hona ho bolaea. Bibele e re: “Bana ba Molimo le bana ba Diabolose ba totobala ka ’nete ena: E mong le e mong ea sa tsoeleng pele ho etsa ho loka ha a simolohe ho Molimo, leha e le ea sa rateng mor’abo.” E boetse e re: “Re lokela ho ratana; eseng joaloka Kaine, ea ileng a simoloha ho ea khopo ’me a bolaea mor’abo.”—1 Johanne 3:10-12; 4:20, 21.

10 Re ipha nako e le hore re khothatse batho ba bang le ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. (Baheberu 10:24, 25) Re ‘sebetsa se molemo ho bohle.’—Bagalata 6:10.

11. Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela Jesu?

11 Re lokela ho mamela Jesu e le hore re tle re phele ka ho sa feleng. Bibele e re: “Ha ho poloko ho mang kapa mang e mong, kaha ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo leo ho fanoeng ka lona har’a batho leo ka sebele re tla pholoha ka lona.” (Liketso 4:12) Khaolong ea 5 ea buka ena, re ithutile hore Jehova o ile a romela Jesu hore a tl’o shoa molemong oa batho. (Matheu 20:28) Bibele e re re lokela ho mamela Jesu haeba re batla ho phela ka ho sa feleng hobane Jehova o mo khethile hore e be eena ea tla busa lefatše.—Bala Johanne 3:36.

12. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho itšunya-tšunya litabeng tsa lipolotiki?

12 Ha rea lokela ho itšunya-tšunya litabeng tsa lipolotiki. Jesu ha aa ka a itšunya-tšunya litabeng tsa lipolotiki. O ile a re ho ’musi oa Moroma Pilato: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.” (Bala Johanne 18:36.) Le rona re tšepahalla ’Muso oa Molimo joaloka Jesu ’me ha re itšunya-tšunye litabeng tsa lipolotiki. Leha ho le joalo, Bibele e re laela hore re mamele “balaoli”. (Baroma 13:1) Re mamela melao ea naha eo re lulang ho eona. Empa haeba molao oa naha o le khahlanong le melao ea Molimo, re etsisa baapostola ’me re re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:29; Mareka 12:17.

13. Bibele e re’ng ka ’Muso oa Molimo?

13 Re lumela hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla rarolla mathata a batho. Jesu o ile a re “litaba . . . tse molemo tsa ’muso” li tla boleloa lefatšeng lohle. (Bala Matheu 24:14.) Ha ho na ’muso o ka re etsetsang lintho tseo ’Muso oa Molimo o tla re etsetsa tsona. (Pesaleme ea 146:3) Jesu o ile a re ruta hore re rapelle ’Muso oa Molimo, ha a ne a re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:10) Bibele e re bolella hore ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso eohle ea batho ’me “o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”—Daniele 2:44.

14. Ke bo-mang bao u lumelang hore ke Bakreste ba ’nete?

14 Ka mor’a ho hlahloba lintlha tsena, ipotse: ‘Ke bo-mang ba rutang lithuto tse hlahang ka Bibeleng? Ke bo-mang ba rutang batho lebitso la Molimo? Ke bo-mang ba ratang batho le ho lumela hore Molimo o rometse Jesu ho tla re pholosa? Ke bo-mang ba sa itšunya-tšunyeng litabeng tsa lipolotiki? Ke bo-mang ba bolellang batho hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla rarolla mathata a batho?’ Ke Lipaki Tsa Jehova feela.—Esaia 43:10-12.

U TLA ETSA’NG?

15. Re lokela ho etsa’ng e le hore Molimo a amohele borapeli ba rona?

15 Molimo a ke ke a amohela borapeli ba rona hobane feela re lumela hore o teng. Le bademona baa lumela hore Molimo o teng, empa ha ba mo mamele. (Jakobo 2:19) Haeba re batla hore Molimo a amohele borapeli ba rona, ha rea lokela ho lumela feela hore o teng, empa re boetse re lokela ho mo mamela.

16. Ke hobane’ng ha re lokela ho tlohella bolumeli ba bohata?

16 Re lokela ho tlohella bolumeli ba bohata e le hore Molimo a amohele borapeli ba rona. Moprofeta Esaia o ile a re: “Tsoang har’a eona, le ipoloke le hloekile.” (Esaia 52:11; 2 Bakorinthe 6:17) Kahoo, re lokela ho tlohella ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le bolumeli ba bohata.

17, 18. “Babylona e Moholo” ke eng, hona ke hobane’ng ha u lokela ho potlakela ho tsoa ho eona?

17 Bolumeli ba bohata ke eng? Ke bolumeli leha e le bofe bo rutang batho ho etsa lintho tse khahlanong le melao e ka Lentsoeng la Molimo. Bibele e re malumeli ’ohle a bohata ke “Babylona e Moholo.” (Tšenolo 17:5) Hobane’ng? Ka mor’a moroallo oa mehleng ea Noe, lithuto tse ngata tsa bolumeli ba bohata li ile tsa qala ho rutoa motseng oa Babylona. Lithuto tseo li ile tsa tsebahala lefatšeng lohle. Ka mohlala, batho ba neng ba lula Babylona ba ne ba rapela lihlopha tsa melimo e meraro. Le mehleng ena, malumeli a mangata a ruta thuto ea Boraro-bo-bong, empa Bibele e ruta hore ho na le Molimo a le mong feela oa ’nete, e leng Jehova, le hore Jesu ke mora oa hae. (Johanne 17:3) Batho ba neng ba lula Babylona ba ne ba boetse ba lumela hore ha motho a shoa, a ka hlokofatsoa liheleng. Taba eo ha se ’nete.—Sheba tlhaloso ea 14, le 17 lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.

18 Molimo o ile a bolela esale pele hore haufinyane malumeli ’ohle a bohata a tla felisoa. (Tšenolo 18:8) Ke lona lebaka leo ka lona a batlang hore u roalle le sa sele ka hore u potlakele ho tlohella bolumeli ba bohata hona joale.—Tšenolo 18:4.

Ha u sebeletsa Jehova, u tla ba karolo ea lelapa la bahlanka ba hae ba limilione lefatšeng lohle

19. U tla fumana melemo efe ha u sebeletsa Jehova?

19 Ha u etsa qeto ea ho tlohella bolumeli ba bohata ’me u sebeletsa Jehova, metsoalle ea hao le ba lelapa ba ka ’na ba se ke ba utloisisa qeto ea hao ebe baa u hlorisa. Empa Jehova a ke ke a u lahla. U tla ba karolo ea lelapa la batho ba limilione lefatšeng lohle ba ratanang haholo, ebile u tla ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo. (Mareka 10:28-30) Mohlomong ha nako e ntse e-ea, metsoalle ea hao le ba lelapa ba neng ba u hlorisa ba tla thabela ho ithuta Bibele.

20. Ke hobane’ng ha re lokela ho sebeletsa Molimo ka tsela e nepahetseng?

20 Haufinyane, Molimo o tla felisa bokhopo ’me ’Muso oa hae o tla busa lefatše lohle. (2 Petrose 3:9, 13) Ka nako eo, ho tla ba monate haholo hobane batho bohle ba tla sebeletsa Jehova ka tsela eo a batlang hore ba mo sebeletse ka eona. Kahoo, u lokela ho etsa qeto ea ho sebeletsa Molimo ka tsela e nepahetseng hona joale.