Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 15

Tsela e Nepahetseng ya ho Rapela Modimo

Tsela e Nepahetseng ya ho Rapela Modimo

1. Ke mang ya ka re bontshang tsela e nepahetseng ya ho rapela Modimo?

DIKEREKE tse ngata di re di ruta nnete ka Modimo. Empa ha ho jwalo, hobane kereke e nngwe le e nngwe e ruta ntho e fapaneng ka Modimo le hore re lokela ho mo rapela jwang. Ka hoo, ke mang ya ka re rutang tsela e nepahetseng ya ho mo rapela? Ke Jehova feela ya ka re rutang.

2. O ka ithuta tsela e nepahetseng ya ho rapela Modimo jwang?

2 Jehova o re file Bibele e le hore re ka ithuta tsela e nepahetseng ya ho mo rapela. Ka hoo, ithute Bibele mme Jehova o tla o ruta hore “o itswele molemo” hobane o a o kgathalla.—Esaia 48:17.

3. Modimo o batla hore re etseng?

3 Batho ba bang ba re Modimo o amohela dikereke tsohle, empa Jesu ha a re ruta seo. Jesu o itse: “Ha se e mong le e mong ya reng ho nna, ‘Morena, Morena,’ ya tla kena mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate.” Ka hoo ho ithuta thato ya Modimo le ho e etsa ke ha bohlokwa. Ena ke taba e tebileng hobane Jesu o ile a bapisa batho ba sa mameleng Modimo le “ba etsang tlolo ya molao.”—Matheu 7:21-23.

4. Jesu o itseng ka ho etsa thato ya Modimo?

4 Jesu o ile a re lemosa hore re tla tobana le diteko haeba re batla ho etsa thato ya Modimo. O ile a re: “Kenang ka heke [kapa keiti] e moqotetsane; hobane tsela e isang timetsong e pharaletse ebile e kgolo, mme ba kenang ka yona ba bangata; athe heke e isang bophelong e moqotetsane le tsela e isang teng e patisane, mme ke ba seng bakae ba e fumanang.” (Matheu 7:13, 14) Tsela e patisaneng, kapa tsela e nepahetseng ya ho rapela Modimo e lebisa bophelong bo sa feleng. Athe tsela e pharaletseng, kapa tsela e fosahetseng ya ho rapela Modimo e isa lefung. Jehova ha a batle hore le ha e le mang a shwe, ka hoo o fa batho bohle monyetla wa ho e ithuta ka yena.—2 Petrose 3:9.

TSELA E NEPAHETSENG YA HO RAPELA MODIMO

5. Batho ba rapelang Modimo ka tsela e nepahetseng ba bonahala kang?

5 Jesu o itse re ka kgona ho tseba batho ba rapelang Modimo ka tsela e nepahetseng. Re ka etsa seo ka ho hlahloba mesebetsi ya bona le dintho tseo ba di dumelang. Jesu o ile a re: “Le tla ba tseba ka ditholwana tsa bona.” O ile eketsa ka ho re: “Sefate se seng le se seng se setle se hlahisa ditholwana tse ntle.” (Matheu 7:16, 17) Sena ha se bolele hore barapedi ba Modimo ha ba etse diphoso, empa ba leka ho etsa se nepahetseng ka dinako tsohle. A re tshohleng kamoo re ka bonang batho ba rapelang Modimo ka tsela e nepahetseng kateng.

6, 7. Ke hobaneng ha borapedi ba nnete bo thehilwe Bibeleng? Mohlala wa Jesu o re rutang?

6 Borapedi ba rona bo lokela ho thehwa Bibeleng. Bibele e re: “Lengolo lohle le buduletswe ke Modimo mme le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho kgalemela, bakeng sa ho otlolla dintho, bakeng sa ho laya ka ho loka, e le hore motho wa Modimo a ka tshwaneleha ka botlalo, a hlomellwa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2 Timothea 3:16, 17) Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste a re: “Ha le amohela lentswe la Modimo, leo le ileng la le utlwa ho rona, ha le a ka la le amohela e le lentswe la batho, empa, feela jwalo ka ha kannete le le jwalo, e le lentswe la Modimo.” (1 Bathesalonika 2:13) Borapedi ba nnete bo thehilwe Bibeleng feela. Ha bo a thehwa menahanong ya batho, meetlong kapa nthong e nngwe e itseng.

7 Ntho e nngwe le e nngwe eo Jesu a e rutileng e ne e tswa ka Lentsweng la Modimo. (Bala Johanne 17:17.) O ne a qotsa Mangolo kgafetsa. (Matheu 4:4, 7, 10) Bahlanka ba Modimo ba nnete ba latela mohlala wa Jesu mme dithuto tsohle tsa bona di thehilwe Bibeleng.

8. Jesu o re rutileng ka ho rapela Jehova?

8 Re lokela ho rapela Jehova feela. Pesaleme ya 83:18 e re: “Wena eo lebitso la hao e leng Jehova, Wena o le mong o Ya Phahameng ka ho Fetisisa hodima lefatshe lohle.” Jesu o ne a batla batho ba tsebe hore ha e le hantle Modimo wa nnete ke mang, ka hoo o ile a ba ruta lebitso la Modimo. (Bala Johanne 17:6.) O ile a re: “Ke Jehova Modimo wa hao eo o tla mo rapela, mme ke yena feela eo o tla mo etsetsa tshebeletso e halalelang.” (Matheu 4:10) Jwalo ka bahlanka ba Modimo, re latela mohlala wa Jesu. Re rapela Jehova feela mme re sebedisa lebitso la hae esita le ho le ruta ba bang. Re boetse re bolella ba bang dintho tse ntle tseo Jehova a tla re etsetsa tsona.

9, 10. Re ka bontshana lerato jwang?

9 Re lokela ho rata batho e le kannete. Jesu o ile a ruta balatedi ba hae hore ba ratane. (Bala Johanne 13:35.) Lerato la rona le lokela ho re momahanya jwalo ka bana ba motho, ho sa tsotellehe hore re ruile kapa tjhe, hore re tswa hokae, kapa hore re ba setso sefe. (Bakolose 3:14) Ke ka hoo re sa yeng ntweng re ilo bolaya batho. Bibele e re: “Bana ba Modimo le bana ba Diabolose ba totobala [kapa ba bonahala] ka nnete ena: E mong le e mong ya sa tsweleng pele ho etsa ho loka ha a simolohe ho Modimo, le ha e le ya sa rateng morabo.” Bibele e boetse e re: “Re lokela ho ratana; e seng jwalo ka Kaine, ya ileng a simoloha ho ya kgopo mme a bolaya morabo.”—1 Johanne 3:10-12; 4:20, 21.

10 Re sebedisa nako, matla le ditjhelete tsa rona ho thusa le ho kgothatsa ba bang. (Baheberu 10:24, 25) A re etsetseng bohle se molemo.—Bagalata 6:10.

11. Ke hobaneng ha re nka Jesu e le mokenadipakeng wa rona le Modimo?

11 Re lokela ho mamela Jesu hobane ke mokenadipakeng wa rona le Modimo. Bibele e re: “Ha ho poloko ho mang kapa mang e mong, ka ha ha ho lebitso le leng tlasa lehodimo leo ho fanweng ka lona hara batho leo ka sebele re tla pholoha ka lona.” (Liketso 4:12) Kgaolong ya  5 bukeng ena, re ile ra ithuta kamoo Jehova a rometseng mora wa hae Jesu hore a fane ka bophelo ba hae e le thekollo bakeng sa moloko wa batho. (Matheu 20:28) O kgethile Jesu hore e be Morena ya tla busa lefatshe. Ke ka hoo Bibele e rutang hore re lokela ho mamela Jesu haeba re batla ho phela ka ho sa feleng.—Bala Johanne 3:36.

12. Ke hobaneng ha re sa kenele dipolotiki?

12 Ha re a lokela ho kena dipolotiking. Jesu o ne a sa kenele dipolotiki. Ha a ne a le kgotla, o ile a bolella Pilato a re: “Mmuso wa ka ha se karolo ya lefatshe lena.” (Bala Johanne 18:36.) Jwalo ka Jesu, re tshepahalla Mmuso wa Modimo o lehodimong mme ha re nke karolo dipolotiking ho sa tsotellehe hore na re dula hokae. Le ha ho le jwalo, Bibele e re laela hore re ikokobelletse “balaodi ba phahameng,” e leng mebuso ya lefatshe. (Baroma 13:1) Re hlompha melao ya naha eo re dulang ho yona. Ke nnete hore haeba molao o itseng o le kgahlanong le molao wa Modimo, re tla etsisa baapostola ha ba ne ba re: “Re tla mamela Modimo e le mmusi ho e na le batho.”—Liketso 5:29; Mareka 12:17.

13. Keng seo re se rutang ka Mmuso wa Modimo?

13 Re dumela hore Mmuso wa Modimo ke wona feela o tla rarolla mathata a lefatshe. Jesu o ile a re “ditaba tsena tse molemo tsa mmuso” di tla bolelwa lefatsheng lohle. (Bala Matheu 24:14.) Ha ho puso ya motho e ka etsang seo Mmuso wa Modimo o ka re etsetsang sona. (Pesaleme ya 146:3) Jesu o ne a re ruta ho rapella Mmuso wa Modimo ha a ne a re: “Mmuso wa hao o ke o tle. Thato ya hao e ke e etsahale lefatsheng, jwalo ka ha e etsahala lehodimong.” (Matheu 6:10) Bibele e re ruta hore Mmuso wa Modimo o tla fedisa mebuso ya batho kaofela “mme o tla ema” ka ho sa feleng.—Daniele 2:44.

14. O nahana hore ke bomang ba rapelang Jehova ka tsela e nepahetseng?

14 Jwalo ka ha o se o ithutile dintlha tsena, ipotse: ‘Ke bomang ba thehang dithuto tsa bona Bibeleng? Ke bomang ba bolellang ba bang ka lebitso la Modimo? Ke bomang ba ratanang e le kannete hape ba dumela hore Modimo o rometse Jesu ho tla re pholosa? Ke bomang ba sa nkeng karolo dipolotiking? Ke bomang ba rutang hore ke Mmuso wa Modimo feela o tla rarolla mathata a rona?’ Ke Dipaki tsa Jehova feela.—Esaia 43:10-12.

O TLA ETSANG?

15. Re lokela ho etsang haeba re batla Modimo a amohele borapedi ba rona?

15 Ho dumela hore Modimo o teng ha ho a lekana. Bademona le bona ba dumela hore Modimo o teng, empa ha ba mo mamele. (Jakobo 2:19) Haeba re batla hore Modimo a amohele borapedi ba rona, re lokela ho dumela hore o teng le ho etsa seo a reng re se etse.

16. Ke hobaneng ha re lokela ho qoba bodumedi ba leshano?

16 E le hore Modimo a amohele borapedi ba rona, re lokela ho qoba bodumedi ba leshano. Ha Bibele e bua ka bodumedi ba leshano e re ho rona: ‘Tswang ho bona mme le ipoloke le hlwekile.’ (Esaia 52:11; 2 Bakorinthe 6:17) Ke ka hoo re lokelang ho tlohela eng kapa eng e amanang le bodumedi ba leshano.

17, 18. “Babylona e Moholo” keng, hona ke hobaneng ha ho potlakile hore re e tlohele?

17 Bodumedi ba leshano keng? Ke dikereke tse rutang batho ho rapela Modimo ka tsela e kgahlanong le Lentswe la hae. Bibele e re ditumelo le dikereke tsohle tse sa ruteng nnete ka Modimo ke “Babylona e Moholo.” (Tšenolo 17:5) Hobaneng? Dithuto tse ngata tsa leshano di ile tsa qala ho rutwa Babylona ka mora Morwallo wa mehla ya Noe. Dithuto tseo di ile tsa ata lefatsheng lohle. Ka mohlala, batho ba Babylona ba ne ba rapela medimo e nang le difahleho tse tharo. Ka hoo kajeno dikereke tse ngata di ruta thuto ya Boraro bo Teroneng. Ka mantswe a mang, di re Modimo ke batho ba bararo ka hara mmele o le mong, e leng Modimo Ntate, Modimo Mora le Modimo Moya o Halalelang. Empa Bibele e ruta ka ho hlaka hore Modimo o mong, e leng Jehova le hore Jesu ke Mora mora wa hae. (Johanne 17:3) Hape, ba ne ba dumela hore ho na le karolo e nngwe e tswelang pele e phela ha motho a shwa mme e ka hlokofatswa diheleng. Seo ha se nnete.—Sheba Ntlha ya 14, le 17 tse hlahang qetellong ya buka ena.

18 Modimo o re haufinyane bodumedi ba leshano bo tla fediswa. (Tšenolo 18:8) Na o hlokomela kamoo ho potlakileng kateng hore o tlohele borapedi ba leshano? Jehova Modimo o batla o etse jwalo pele nako e fela.—Tšenolo 18:4.

Ka ho sebeletsa Jehova hammoho le batho ba hae,o tla ba karolo ya lelapa la lefatshe lohle

19. Jehova o tla o hlokomela jwang ha o etsa qeto ya ho mo sebeletsa?

19 Ha o etsa qeto ya ho sebeletsa Jehova mme o tlohela bodumedi ba leshano, metswalle kapa ba leloko ba ka nna ba se ke ba utlwisisisa qeto eo o e entseng. Ba ka leka ho o thatafalletsa bophelo. Empa tseba hore Jehova a ke ke a o lahla. O tla ba karolo ya lelapa le leholo lefatsheng ka bophara la bara le baradi beno, ba tlang ho o rata le ba nang le tshepo ya ho phela le wena lefatsheng le letjha. (Mareka 10:28-30) Mohlomong ba bang ba metswalle kapa ba leloko la hao ba tla nka qeto ya ho ithuta Bibele le ho sebeletsa Jehova le wena ha nako e ntse e ya.

20. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho rapela Modimo ka tsela e nepahetseng?

20 Haufinyane, Modimo o tla fedisa dintho tsohle tse mpe mme Mmuso wa hae o tla busa lefatshe lohle. (2 Petrose 3:9, 13) Re tla thaba hakaakang! Motho e mong le e mong o tla rapela Jehova ka tsela e nepahetseng. Ka hoo etsa qeto ya ho sebeletsa Modimo hona jwale mme o mo rapele ka tsela eo a e thabelang.