Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 16

Sebeletsa Molimo ka Tsela e Nepahetseng

Sebeletsa Molimo ka Tsela e Nepahetseng

1, 2. Re lokela ho nahanisisa ka eng, hona hobane’ng?

HA U ntse u ithuta Bibele, u hlokometse hore batho ba bangata ba reng ba rapela Molimo ha e le hantle ba ruta lithuto tse fosahetseng ebile ba etsa lintho tseo Molimo a li hloileng. (2 Bakorinthe 6:17) Kahoo, Jehova o re laela hore re tlohelle bolumeli ba bohata, e leng “Babylona e Moholo.” (Tšenolo 18:2, 4) Re lokela ho mo mamela ’me re bo tlohelle. Leha ho le joalo, kaofela ha rona re na le boikhethelo ’me re lokela ho nahanisisa ka hore na re batla ho sebeletsa Molimo ka tsela eo a e batlang kapa re tla tsoela pele re mo sebeletsa ka tsela eo re ntseng re mo sebeletsa ka eona.

2 Haeba u se u tlohetse bolumeli ba bohata, u entse hantle. Empa e ka ’na eaba ho na le meetlo le lintho tse ling tsa bolumeli ba bohata tseo u ntseng u thabela ho li etsa. A re ke re hlahlobe tse ling tsa lintho tseo ’me re bone hore na ke hobane’ng ha re lokela ho ba le maikutlo a tšoanang le ao Jehova a nang le ’ona ka tsona.

HO RAPELA LITŠOANTŠO LE HO HLOMPHA BALIMO

3. (a) Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha e-ba thata hore batho ba bang ba khaotse ho sebelisa litšoantšo ha ba rapela? (b) Bibele e re’ng ka ho sebelisa litšoantšo ha re rapela Molimo?

3 Batho ba bang ba qetile lilemo ba sebelisa litšoantšo ha ba rapela Molimo. Haeba le uena oa li sebelisa, mohlomong u utloa eka ha se phoso ho li sebelisa ha u rapela Molimo. Empa hopola hore Jehova o re ruta hore na re mo rapele joang. Bibele e re hlalosetsa ka ho hlaka hore Jehova ha a batle hore re sebelise litšoantšo ha re mo rapela.Bala Exoda 20:4, 5; Pesaleme ea 115:4-8; Esaia 42:8; 1 Johanne 5:21.

4. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho etsetsa balimo mekete? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a laela Baiseraele hore ba se ke ba buisana le bafu?

4 Batho ba bang ba qeta nako e ngata le chelete ba leka ho khahlisa balimo. Ba bile ba ba etsetsa mekete. Empa re ithutile hore bafu ba ke ke ba re thusa kapa ba re ntša kotsi hobane ha ba phele. Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba se ke ba buisana le bafu kapa ba lumela ho bademona ka tsela leha e le efe. Ho kotsi ho buisana le bafu hobane motho a ka nahana hore o ntse a bua le balimo ba hae, athe ha e le hantle o ntse a bua le bademona.—Deuteronoma 18:10-12; sheba tlhaloso ea 25 le ea 30 lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.

5. Ke’ng e ka u thusang hore u khaotse ho khahlisa balimo le ho sebelisa litšoantšo ha u rapela Molimo?

5 Ke’ng e ka u thusang hore u khaotse ho khahlisa balimo le ho sebelisa litšoantšo ha u rapela Molimo? U lokela ho bala Bibele ’me u nahanisise ka hore na Molimo o ikutloa joang ka lintho tseo. Molimo o nka li le “manyala,” kapa li nyonyeha. (Deuteronoma 27:15) Rapela Jehova kamehla hore a u thuse ho ba le maikutlo a tšoanang le a hae le hore u mo sebeletse ka tsela e nepahetseng. (Esaia 55:9) Jehova o tla u fa matla ao u a hlokang hore u tlohelle ntho leha e le efe e amanang le bolumeli ba bohata.

NA RE LOKELA HO KETEKA KERESEMESE?

6. Ke hobane’ng ha baruti ba ile ba etsa qeto ea ho keteka tsoalo ea Jesu ka la 25 December?

6 Batho ba bangata lefatšeng lohle ba keteka Keresemese hobane ba nahana hore Jesu o hlahile ka letsatsi leo. Empa ha e le hantle Keresemese ke mokete oa bolumeli ba bohata. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e re Baroma bao e neng e se Bakreste ba ne ba keteka ho bapala ha letsatsi ka la 25 December. Baruti ba ile ba qapa Keresemese eaba ba khetha letsatsi la la 25 December. Ba ile ba khetha letsatsi lena e le hore ho tle ho be le batho ba bangata ba le ketekang kaha Baroma ba ne ba se ba ntse ba e-na le mokete ka letsatsi leo. (Luka 2:8-12) Barutuoa ba Jesu ba ne ba sa keteke Keresemese. Buka ea Sacred Origins of Profound Things e re lilemo tse ka bang 200 ka mor’a hore Jesu a hlahe, “ho ne ho se na motho ea tsebang kapa hona ho tsotella hore na o hlahile neng.” Keresemese e ile ea qala ho ketekoa lilemo tse makholo ka mor’a hore Jesu a tlohe lefatšeng.

7. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba sa keteke Keresemese?

7 Batho ba bangata baa tseba hore lintho tse etsoang ka Keresemese, tse kang ho etsa mekete le ho fana ka limpho, li iqapetsoe. Ka mohlala, ho na le nako eo batho ba Engelane le Amerika ba neng ba thibetsoe ho keteka Keresemese hobane e le mokete oa bolumeli ba bohata. Motho o ne a ahloloa ha a ne a ka e keteka. Empa ka mor’a nako, batho ba boela ba e keteka. Bakreste ba ’nete bona ha ba keteke Keresemese hobane ba batla ho khahlisa Molimo nthong e ’ngoe le e ’ngoe.

NA RE LOKELA HO KETEKA MATSATSI A TSOALO?

8, 9. Ke hobane’ng ha Bakreste ba mehleng ea Jesu ba ne ba sa keteke matsatsi a tsoalo?

8 Batho ba bangata ba tloaetse ho keteka matsatsi a tsoalo. Empa na rona re lokela ho a keteka? Batho bao Bibele e reng ba ile ba keteka matsatsi a tsoalo e ne e se bahlanka ba Jehova. (Genese 40:20; Mareka 6:21) Ba ne ba a ketekela ho tlotlisa melimo ea bona. Buka e bitsoang The World Book Encyclopedia e re Bakreste ba mehleng ea Jesu ba ne tseba hore mekete ena ke ea balumeli ba bohata.

9 Baroma le Bagerike ba mehleng ea khale ba ne ba lumela hore motho e mong le e mong o na le lengeloi la hae le mo sireletsang ho tloha ha a hlaha. Buka e bitsoang The Lore of Birthdays e re: “Molimo oa letsatsi leo motho a hlahang ka lona, o fa motho lengeloi le tla mo sireletsa.”

10. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba sa keteke matsatsi a tsoalo?

10 Jehova ha a batle ha bahlanka ba hae ba keteka mekete e qapiloeng ke batho ba sa mo sebeletseng. (Esaia 65:11, 12) Ke ka lebaka leo Bakreste ba ’nete ba sa ketekeng matsatsi a tsoalo kapa matsatsi leha e le afe a qapiloeng ke batho ba sa sebeletseng Molimo.

U SE KE OA IPEHELA MABAKA

11. Batho ba bang ba ipehela lebaka lefe ha ba batla ho keteka matsatsi a phomolo? Ke eng eo u lokelang ho e nka e le bohlokoa?

11 Batho ba bang ba keteka Keresemese le matsatsi a mang a phomolo le hoja ba tseba hore a qapiloe ke batho ba sa sebeletseng Jehova. Ba ipehela lebaka la hore matsatsi ana a ba fa monyetla oa ho ba ’moho le beng ka bona. Mohlomong le uena u nahana hore ke nako e ntle ea ho phomola le ho ba le lelapa la hao. Ha hoa fosahala ho batla ho ba ’moho le lelapa la hao. Jehova o re file malapa. Kahoo, o batla hore re thabele bophelo ba lelapa. (Baefese 3:14, 15) Empa ha rea lokela ho leka ho khahlisa batho bao re amanang le bona ka ho etsa lintho tse khahlanong le thato ea Jehova hobane ntho ea bohlokoa ke hore re be le kamano e ntle le eena. Moapostola Pauluse o ile a tiisa taba ena ka ho re: “Le ’ne le nepisise hore na ke sefe se amohelehang ho Morena.”—Baefese 5:10.

12. Na Jehova ha a tsotelle hore na re keteka matsatsi a phomolo kapa che?

12 Ka linako tse ling batho ba re ha ho tsotellehe hore na mokete o simolohile hokae, empa Jehova o nka taba eo e tebile. Ha a rate ha batho ba keteka matsatsi a phomolo a qapiloeng bolumeling ba bohata, a ketekoang ka sepheo sa ho rorisa batho kapa a etsang hore ho bonahale eka batho kapa sechaba se seng se bohlokoa ho feta se seng. Baegepeta ke ba bang ba batho ba neng ba e-na le mekete e mengata e neng e ketekeloa ho rorisa melimo ea bohata. Baiseraele ba ile ba keteka o mong oa mekete eo eaba ba re ke “mokete oa Jehova.” Jehova o ile a ba ahlolela phoso eo ea bona. (Exoda 32:2-10) Re lokela ho mamela keletso ea moprofeta Esaia ha a re: “Le se ke la ama letho le sa hloekang.”—Bala Esaia 52:11.

E-BA MOSA

13. Ke lintho life tse ka ’nang tsa etsa hore u utloe u le tsietsing ha u nahana ho emisa ho keteka matsatsi a tsoalo le a phomolo?

13 Mohlomong u nahana hore bophelo ba hao bo tla fetoha haholo ha u se u sa keteke matsatsi a phomolo. U ka ’na oa ipotsa hore na batho bao u sebetsang le bona ba tla re’ng kapa hore na u tla etsa’ng ha motho a u fa mpho ea keresemese. Kapa u ka utloa u le tsietsing ha molekane oa hao a batla hore le keteke keresemese. U qakoa le ke ho thusa bana ba hao hore ba utloisise hore ha baa lokela ho keteka matsatsi a phomolo le matsatsi a tsoalo.

14, 15. U ka etsa’ng haeba motho a u fa mpho ka letsatsi la phomolo kapa a u lakaletsa phomolo e monate?

14 U tla hloka ho inahana hantle pele u hlalosetsa batho mabaka a hao a ho se keteke le bona. A re re motho o u lakaletsa letsatsi la phomolo le monate. E ka ba hantle hore u lebohe feela. Empa haeba motho a u botsa hore na ke hobane’ng ha u sa keteke matsatsi a phomolo, u lokela ho mo hlalosetsa. Boemong bona u lokela ho ba masene hape u bue ka mosa le ka tlhompho. Bibele e re: “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai, e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.” (Bakolose 4:6) Mohlomong u ka mo bolella hore u rata ho ba le lelapa le metsoalle ea hao ebile u rata ho fa batho limpho empa ha u rate ho li etsa hobane feela e le matsatsi a phomolo.

15 Ha motho a u fa mpho teng u lokela ho etsa’ng? Ha ho na moo Bibele e re hanelang ho fana, empa e re khothalletsa ho lula re e-na le letsoalo le letle. (1 Timothea 1:18, 19) Ho ka etsahala hore ebe motho ea u fang mpho ha a tsebe hore ha u keteke matsatsi a phomolo. Kapa o mpa a batla ho u fa mpho le hoja a sa re u keteke le eena. Ha ho na letho le u thibelang ho amohela mpho eo. Empa haeba letsoalo la hao le sa u lumelle, u tla be u etsa phoso ha u e amohela. Ha re batle ho etsa letho le ka senyang kamano ea rona le Jehova.

HA BENG KA UENA BA BATLA U KETEKE MATSATSI A PHOMOLO

Lelapa le sebeletsang Jehova le thabile

16. U ka etsa’ng haeba beng ka uena ba batla ho keteka letsatsi la phomolo le uena?

16 U lokela ho etsa’ng haeba beng ka uena ba batla ho keteka letsatsi la phomolo le uena? Kaha ba na le tokelo ea ho ikhethela hore na ba batla ho etsa’ng, u se ke oa ba tsekisa. E-ba mosa ho bona ’me u hlomphe maikutlo a bona feela joalokaha le uena u ka batla hore ba hlomphe a hao. (Bala Matheu 7:12) U ka etsa’ng haeba beng ka uena ba kopa hore le be ’moho matsatsing a phomolo empa ba re le tla be le sa keteke? Rapela Jehova e le hore a u thuse ho etsa qeto e nepahetseng. E ka ba hantle hore u nahanisise ka boemo boo u ka bang ho bona le hore na u ka sebetsana le bona joang. Hopola hore ntho ea bohlokoa ke ho khahlisa Jehova.

17. U ka thusa bana ba hao joang e le hore ba se ke ba ikutloa e le mekhelo ha ba bang ba keteka matsatsi a phomolo?

17 Thusa bana ba hao e le hore ba se ke ba ikutloa e le mekhelo ha ba bang ba keteka matsatsi a phomolo. Nako le nako ba etsetse lintho tse ka ba thabisang, tse kang ho ba rekela limpho. Bana ba thaba haholo ha u ipha nako ea bona ebile u ba bontša hore oa ba rata.

TSELA E NEPAHETSENG EA HO SEBELETSA MOLIMO

18. Ke hobaneng ha re ea libokeng tsa Bokreste?

18 Re lokela ho tlohela bolumeli ba bohata, meetlo le mekete e sa hloekang e le hore re thabise Jehova. Re hloka ho mo sebeletsa ka tsela e mo khahlisang. Re ka etsa joalo ka ho ea libokeng tsa Bokreste kamehla. (Bala Baheberu 10:24, 25.) Liboka li bohlokoa borapeling ba rona. (Pesaleme ea 22:22; 122:1) Kamehla rea khothatsana ha re kopana.—Baroma 1:12.

19. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho bolella batho lintho tseo re ithutileng tsona ka Bibeleng?

19 Tsela e ’ngoe eo re ka thabisang Jehova ka eona ke ka ho bolella batho lintho tseo re ithutileng tsona ka Bibeleng. Batho ba bangata baa tšoenyeha ha ba bona lintho tse sehloho tse etsahalang lefatšeng. (Ezekiele 9:4) Mohlomong u tseba batho ba ikutloang ka tsela ena. Ba bolelle lintho tseo Jehova a tla re etsetsa tsona nakong e tlang. Ha u ea libokeng tsa Bokreste u bile u bolella batho molaetsa oa Bibele, u tla utloa u se u sa batle letho le amanang le bolumeli ba bohata le meetlong ea bona. Jehova o tla u hlohonolofatsa ha u mo sebeletsa ka tsela e mo khahlisang hape u tla lula u thabile.—Malakia 3:10.