Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 16

Kgetha ho Sebeletsa Modimo

Kgetha ho Sebeletsa Modimo

1, 2. Ke potso efe eo o lokelang ho ipotsa yona, hona ke hobaneng ha e le ya bohlokwa?

HO TLA fihlela jwale, o se o ithutile hore ho na le batho ba bangata ba reng ba rapela Modimo empa ba etsa dintho tseo Modimo a di hloileng. (2 Bakorinthe 6:17) Ke ka hoo Jehova a reng re tswe bodumeding ba bohata, e leng “Babylona e Moholo.” (Tšenolo 18:2, 4) O ka etsa seo jwang? Motho e mong le e mong o lokela ho etsa kgetho tabeng ena ebile re lokela ho ipotsa: ‘Na ke batla ho rapela Modimo ka tsela eo a e batlang kapa ke batla ho tswela pele ka tsela eo ke e tlwaetseng?’

2 Haeba o se o tlohetse bodumedi ba bohata, o entse qeto e nepahetseng. Empa e ka nna yaba ho ntse ho na le meetlo le dintho tse ding tse amanang le bodumedi ba bohata tseo o ntseng o thabela ho di etsa. A re ke re hlahlobeng e meng ya meetlo le ditlwaelo tseo, mme re bone hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho di sheba ka tsela eo Jehova a di shebang ka yona.

HO RAPELA DITSHWANTSHO LE BADIMO

3. (a) Ke hobaneng ha ho ka nna ha ba thata hore ba bang ba tlohele ho sebedisa ditshwantsho ha ba rapela? (b) Bibele e reng ka ho rapela Modimo o sebedisa ditshwantsho?

3 E se e le nako e telele batho ba bang ba sebedisa ditshwantsho ho rapela Modimo. Haeba ke seo le wena o neng o se etsa, o ka nna wa utlwa ho le thata ho rapela Modimo o sa di sebedise. Empa hopola hore Jehova o re ruta kamoo re lokelang ho mo rapela kateng. Bibele e re bolella ka ho hlaka hore Jehova ha a batle ha re sebedisa ditshwantsho ha re mo rapela.—Bala Exoda 20:4, 5; Pesaleme ya 115:4-8; Esaia 42:8; 1 Johanne 5:21.

4. (a) Ke hobaneng ha re sa lokela ho rapela badimo? (b) Ke hobaneng ha Jehova a ile a re batho ba se ke ba buisana le bafu?

4 Batho ba bang ba qeta matla le nako e ngata ba leka ho kgotsofatsa badimo. Ebile ba bang ba a ba rapela. Empa re se re ithutile hore ba shweleng ba ke ke ba kgona ho re thusa kapa ho re utlwisa bohloko. Ba shwele mme ha ho na moo ba phelang teng. Ho kotsi ho leka ho buisana le bona hobane molaetsa le ha e le ofe o bonahalang eka o tswa ho bafu, ha e le hantle o tswa ho bademona. Ke ka hoo Jehova a ileng a laela Baiseraele hore ba se ke ba leka ho buisana le bafu kapa ho etsa ntho le ha e le efe e tsamaisanang le bodemona.—Deuteronoma 18:10-12; sheba Ntlha ya 25 le ya 30 tse hlahang qetellong ya buka.

5. Keng se ka o thusang ho kgaotsa ho rapela badimo le ho sebedisa ditshwantsho ha o rapela Modimo?

5 Keng se ka o thusang ho kgaotsa ho rapela badimo le ho sebedisa ditshwantsho ha o rapela Modimo? O ka thuswa ke ho bala Bibele le ho nahanisisa ka hore na Jehova o sheba dintho tseo jwang. O di nka e le dintho tse “manyala,” kapa e le tse nyonyehang. (Deuteronoma 27:15) Rapela Jehova kamehla ho kopa thuso hore o shebe dintho ka tsela eo a di bonang ka yona. (Esaia 55:9) O ka kgodiseha hore Jehova o tla o fa matla ao o a hlokang hore o kgaotse ho etsa ntho le ha e le efe e amanang le borapedi ba bohata.

NA RE LOKELA HO KETEKA KERESEMESE?

6. Ke hobaneng ha batho ba ile ba kgetha ho keteka letsatsi la tswalo ya Jesu ka la 25 December?

6 Keresemese ke le leng la matsatsi a phomolo a tsebahalang lefatsheng lohle, ebile batho ba nahana hore ke mokete wa letsatsi la tswalo ya Jesu. Ha e le hantle, ke barapedi ba sa ruteng nnete ka Modimo ba ileng ba qapa Keresemese. Buka e nngwe e hlalosa hore ka la 25 December, Baroma ba bahetene ba ne ba keteka ho tswalwa ha letsatsi. Baruti ba dikereke ba ne ba batla hore bahetene ba bangata e be Bakreste. Ka hoo le hoja Jesu a sa tswalwa ka la 25 December, baruti ba ile ba etsa qeto ya ho keteka tswalo ya hae ka letsatsi leo. (Luka 2:8-12) Barutuwa ba Jesu ha ba a ka ba keteka Keresemese. Buka e nngwe ya histori e hlalosa hore dilemo tse 200 ka mora tswalo ya Jesu, “ho ne ho se na motho ya tsebang hore na Jesu o tswetswe neng ebile batho ba bangata ba ne ba se na taba le seo.” (Sacred Origins of Profound Things) Batho ba ile ba qala ho keteka Keresemese ka mora dilemo tse makgolo Jesu a phetse lefatsheng.

7. Ke hobaneng ha Bakreste ba nnete ba sa keteke Keresemese?

7 Batho ba bangata ba a tseba hore Keresemese le dintho tse etswang ka letsatsi leo, ha di simolohe Bokresteng. Ka mohlala, ho na le nako eo Keresemese e neng e thibetswe ho ketekwa England le dikarolong tse ding tsa America, hobane e le mokete wa bohetene. Motho e mong le e mong ya neng a e keteka o ne a ahlolwa. Empa hamorao batho ba ile ba boela ba keteka Keresemese dibakeng tseo. Hobaneng ha Bakreste ba nnete ba sa keteke Keresemese? Ke hobane ba batla ho thabisa Modimo ka ntho e nngwe le e nngwe eo ba e etsang.

NA RE LOKELA HO KETEKA MATSATSI A TSWALO?

8, 9. Ke hobaneng ha Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ne ba sa keteke matsatsi a tswalo?

8 Mokete o mong oo batho ba bangata ba o ratang ke wa letsatsi la tswalo. Na ho loketse hore Bakreste ba keteke matsatsi a tswalo? Mekete ya matsatsi a tswalo e hlahang ka Bibeleng, ke e neng e etswa ke batho ba neng ba sa rapele Jehova. (Genese 40:20; Mareka 6:21) Mekete ya matsatsi a tswalo e ne e sebedisetswa ho tlotlisa medimo ya bohata. Ke ka hoo Bakreste ba mehleng ya baapostola “ba neng ba nka ho keteka letsatsi la tswalo e le tlwaelo ya batho ba sa rateng Bokreste.”—The World Book Encyclopedia.

9 Baroma le Bagerike ba boholoholo ba ne ba dumela hore moya o itseng o ba teng ha motho a tswalwa mme o ne o tla mo sireletsa bophelo bohle ba hae. Buka e bitswang The Lore of Birthdays e re: “Moya ona o ne o na le kamano e itseng le modimo ya ileng a tswalwa ka letsatsi le tshwanang le la motho eo.

10. Ke hobaneng ha Bakreste ba sa lokela ho keteka matsatsi a tswalo?

10 Na o nahana hore Jehova o thabela mekete e amanang le bodumedi ba bohata? (Esaia 65:11, 12) Tjhe, ha ho jwalo. Ke ka hoo re sa ketekeng matsatsi a tswalo kapa a phomolo a amanang le bodumedi ba bohata.

NA TABA EE KE YA BOHLOKWA?

11. Ke hobaneng ha batho ba bang ba keteka matsatsi a phomolo? Ke ntho efe e lokelang ho ba ya bohlokwa ho wena?

11 Batho ba bang ba a tseba hore na Keresemese le matsatsi a mang a phomolo a qadile jwang, empa ba ntse ba tswela pele ho a keteka. Ba nka hore matsatsi a phomolo ke monyetla feela wa hore ba qete nako le malapa a bona. Na le wena o ikutlwa jwalo? Ha se phoso ho qeta nako le lelapa la hao. Jehova ke yena ya thehileng lelapa, mme o batla hore re be le kamano e ntle le ba malapa a rona. (Baefese 3:14, 15) Le ha ho le jwalo, re lokela ho etsa bonnete ba hore re ba le kamano e ntle le Jehova ho e na le ho thabisa ba malapa a rona ka ho keteka matsatsi a phomolo a amanang le bodumedi ba bohata. Ke ka hoo maopostola Pauluse a ileng a re: “Le nne le nepisise hore na ke sefe se amohelehang ho Morena.”—Baefese 5:10.

12. Keng se etsang hore letsatsi la phomolo le se ke la amoheleha ho Jehova?

12 Batho ba bangata ha ba bone ho hlokahala hore ba tsebe hore na ho tlile jwang hore ebe kajeno ho na le matsatsi a phomolo, empa Jehova ha a ikutlwe ka tsela eo. Jehova ha a amohele matsatsi a phomolo a ileng a qalwa ke batho ba bodumeding ba leshano, kapa a etsang hore batho ba ithorise mme ba tlotlise dinaha tsa habo bona. Ka mohlala, Baegepeta ba ne ba etsetsa medimo ya bona ya ditshwantsho mekete e mengata. Baiseraele ba ile ba etsisa mekgwa ena ya Baegepeta ya ho rapela. Ka mohlala, hamorao Baiseraele ba ile ba etsa modimo wa setshwantsho mme ba etsetsa Modimo eo mokete yaba ba o bitsa “mokete wa Jehova.” Empa Jehova o ile a ba fa kotlo ka lebaka la seo. (Exoda 32:2-10) Jwalo ka ha moprofeta Esaia a boletse, ha re a lokela ho “ama letho le sa hlwekang!”—Bala Esaia 52:11

EBA MOSA HO BA BANG

13. O ka nna wa ba le dipotso dife ha o etsa qeto ya ho kgaotsa ho keteka matsatsi a phoomolo?

13 O ka nna wa ipotsa dipotso tse ngata ha o etsa qeto ya ho kgaotsa ho keteka matsatsi a phomolo. Ka mohlala, o ka nna wa re: Ke tla etsang ha basebetsi mmoho le nna ba mpotsa hore na ke hobaneng ha ke sa keteke Keresemese le bona? Ke lokela ho etsang haeba motho a mpha mpho ya Keresemese? Ke lokela ho etsang haeba molekane wa ka a batla hore ke keteke letsatsi la phomolo le yena? Nka etsang hore bana ba ka ba se ke ba utlwiswa bohloko ke ho se keteke matsatsi a phomolo kapa a tswalo?

14, 15. O lokela ho etsang haeba motho e mong a re o thabele letsatsi la phomolo kapa a o fa mpho?

14 Ke ha bohlokwa hore o dule o itokiseditse maemo a ka hlahang. Ka mohlala, haeba batho ba o lakaletsa letsatsi le monate la phomolo, ha ho hlokahale hore o iphapanyetse bona. O ka nna wa re: “Ke a leboha.” Empa haeba motho a batla ho tseba hore na ke hobaneng ha o sa keteke matsatsi a phomolo, o ka nna wa mo hlalosetsa. Le ha ho le jwalo, o etse seo ka bohlale, o be mosa mme o bue le yena ka tlhompho. Bibele e re: ‘Seo re se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nokilweng ka letswai, e le hore re tsebe kamoo re tshwanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.’ (Bakolose 4:6) O ka nna wa hlalosa hore o rata ho qeta nako o na le batho ba bang le ho fana ka dimpho, empa ha o rate ho etsa dintho tseo bakeng sa ho keteka matsatsi a phomolo.

15 O lokela ho etsang haeba motho a o fa mpho? Bibele ha e na lethathamo la melao, empa e re re lokela ho boloka matswalo a rona a hlwekile. (1 Timothea 1:18, 19) Mohlomong motho ya o fang mpho ha a tsebe hore ha o keteke matsatsi a phomolo. A ka nna a re: “Ke a tseba hore ha o keteke letsatsi lena, empa ruri ke batla ho o fa mpho.” Maemong ana o lokela ho etsa qeto ya hore o tla amohela mpho eo kapa tjhe. Empa o lokela ho etsa bonnete ba hore o boloka letswalo la hao le hlwekile. Ha re batle ho etsa ntho le ha e le efe e ka senyang kamano ya rona le Jehova.

WENA LE BA LELAPA LA HAO

Batho ba sebeletsang Jehova ba thabile

16. O lokela ho etsang haeba ba lelapa la hao ba batla ho keteka matsatsi a phomolo?

16 O lokela ho etsang haeba ba lelapa la hao ba batla ho keteka matsatsi a phomolo? Ha o a lokela ho ba kwatela. Hopola hore ba na le tokelo ya ho etsa ntho eo ba e ratang. E ba mosa mme o hlomphe diqeto tsa bona, jwalo ka ha le wena o batla hore ba hlomphe tsa hao. (Bala Matheu 7:12.) Empa o lokela ho etsang haeba ba lelapa la hao ba batla hore o qete nako le bona ka letsatsi la phomolo? Pele o etsa qeto, rapela Jehova hore a o thuse ho etsa se nepahetseng. Nahanisisa ka taba eo, o be o etse dipatlisiso ka yona. Hopola hore o batla ho kgahlisa Jehova.

17. O ka thusa bana ba hao jwang hore ba se ke ba utlwa bohloko ha ba bona bana ba bang ba keteka matsatsi a phomolo?

17 O ka thusa bana ba hao jwang hore ba se ke ba utlwa bohloko ha ba bona bana ba bang ba keteka matsatsi a phomolo? O ka dula o ba etsetsa dintho tse tla ba thabisa, tse kang ho intsha le bona le ho ba rekela dimpho. Hape, o hopole hore mpho e molemo ka ho fetisisa eo o ka e fang bana ba hao ke nako le lerato la hao.

KOPANELA BORAPEDING BA NNETE

18. Ke hobaneng ha re lokela ho ya dibokeng tsa Bokreste?

18 E le hore re kgahlise Jehova, re lokela ho qoba, ditlwaelo le matsatsi a phomolo a amanang le borapedi ba leshano. Re boetse re lokela ho kopanela borapeding ba nnete. Re ka etsa seo jwang? Re ka etsa jwalo ka ho ba teng kamehla dibokeng tsa Bokreste. (Bala Baheberu 10:24, 25.) Diboka ke karolo ya bohlokwa borapeding ba rona. (Pesaleme ya 22:22; 122:1) Re a kgothatsana ha re kopane hammoho.—Baroma 1:12.

19. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho bolella ba bang ka dintho tseo o ithutileng tsona ka Bibeleng?

19 Karolo e nngwe ya bohlokwa borapeding ba nnete ke ho bolella ba bang ka seo re ithutileng sona ka Bibeleng. Batho ba bangata ba utlwiswa bohloko ke dintho tse mpe tse etsahalang lefatsheng. Mohlomong o tseba ba bang ba batho ba ikutlwang ka tsela eo. Ba bolelle dintho tseo o ithutileng tsona Bibeleng. Ha o ntse o ya dibokeng tsa Bokreste o bile o bolella ba bang molaetsa wa Bibele, ho tla ba bonolo hore o qobe meetlo le bodumedi ba bohata. O ka kgodiseha hore o tla thaba mme Jehova o tla o hlohonolofatsa haholo ka boiteko boo o bo etsang ho mo rapela ka tsela e nepahetseng.—Malakia 3:10.