Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 18

Ho Inehela ho Molimo le ho Kolobetsoa

Ho Inehela ho Molimo le ho Kolobetsoa

1. U utloa u batla ho etsa’ng ka mor’a ho ithuta buka ee?

HA U ntse u ithuta Bibele, u hlokometse lintho tse ngata tse kang, hore Molimo o tšepisa bophelo bo sa feleng, hore na bafu ba hokae le hore ba tla tsoha. (Moeklesia 9:5; Luka 23:43; Johanne 5:28, 29; Tšenolo 21:3, 4) Mohlomong u se u qalile le ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova, oa hlokomela hore ba lumela lintho tse hlahang ka Bibeleng. (John 13:35) Kaha u se u tseba lintho tsena, ho ka etsahala hore ebe u se u batla ho sebeletsa Jehova le ho ba motsoalle oa hae. Khaolong ena re tl’o ithuta hore na re ka mo sebeletsa joang.

2. Ho tlile joang hore monna oa Moethiopia a botse hore na ke eng e mo thibelang ho kolobetsoa?

2 Monna e mong oa Moethiopia ea neng a phela mehleng ea Jesu o ne a ikutloa ka tsela ena. Nakoana ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, morutuoa oa hae ea bitsoang Filipi o ile a ruta monna eo oa Moethiopia a mo hlalosetsa hore Jesu ke Mesia. Hang-hang monna eo o ile a re: “Bona! Metsi; ke eng se nthibelang ho kolobetsoa?”—Liketso 8:26-36.

3. (a) Jesu o file barutuoa ba hae taelo efe? (b) Motho o lokela ho kolobetsoa joang?

3 Bibele e bua ka tsela e hlakileng hore re lokela ho kolobetsoa e le hore re sebeletse Jehova. Jesu o ile a laela barutuoa ba hae a re: “Le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse.” (Matheu 28:19) Jesu a kolobetsoa e le ho ba behela mohlala. Ha aa ka a fafatsoa empa o ile a qoelisoa. (Matheu 3:16) Ka ho tšoanang ha re kolobetsoa re lokela ho qoelisoa.

4. Ho kolobetsoa ho bontša’ng?

4 Ha u kolobetsoa u bontša hore u batla ho ba motsoalle oa Molimo le ho mo sebeletsa u sa khaotse. (Pesaleme ea 40:7, 8) Empa u ka ’na oa ipotsa hore na u lokela ho etsa’ng hore u kolobetsoe.

ITHUTE ’ME U BE LE TUMELO

5. (a) U lokela ho etsa’ng pele u kolobetsoa? (b) Ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova ho ka u thusa joang?

5 Pele u kolobetsoa u lokela ho ithuta ka Jehova le Jesu. U etsa hantle kaha u se u qalile ho ithuta ka bona. (Bala Johanne 17:3.) Empa hoo ha hoa lekana. Bibele e re re lokela ho ba le “tsebo e nepahetseng” ea thato ea Molimo. (Bakolose 1:9) Ha u ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova u tla ithuta ka Molimo u be u ithute ho ba motsoalle oa hae. Liboka tsena li ka u thusa haholo ha u ba teng ho tsona kamehla.—Baheberu 10:24, 25.

Pele u kolobetsoa, u lokela ho ithuta Bibele

6. Pele u kolobetsoa u lokela ho tseba eng?

6 Jehova ha aa lebella hore pele u kolobetsoa u tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka eena. Ka mohlala, ha aa ka a lebella monna oa Moethiopia hore a tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe. (Liketso 8:30, 31) Hape ha ho mohla re tla emisa ho ithuta ka Jehova haeba re batla hore e be motsoalle oa rona. (Moeklesia 3:11) Leha ho le joalo, hore motho a kolobetsoe o lokela ho tseba le ho lumela lithuto tsa mathomo tsa Bibele.—Baheberu 5:12.

7. Ho ithuta Bibele ho u thusitse joang?

7 Bibele e re: ‘Kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho khahlisa [Molimo].’ (Baheberu 11:6) Kahoo, u lokela ho ba le tumelo pele u ka kolobetsoa. Ka mohlala, Bibele e re batho ba Korinthe “ba ileng ba utloa ba qala ho lumela le ho kolobetsoa.” (Liketso 18:8) Ka ho tšoanang, ho ithuta Bibele ho u thusitse ho ba le tumelo ho Molimo le hore ka sehlabelo sa Mor’a hae re ka phela ka ho sa feleng ra ba ra tšoareloa libe.—Joshua 23:14; Liketso 4:12; 2 Timothea 3:16, 17.

BOLELLA BATHO MOLAETSA OA BIBELE

8. Ho ithuta Bibele ho tla u thusa joang hore u bolelle batho lintho tseo u ithutileng tsona?

8 Tumelo ea hao e tla matlafala ha u ntse u ithuta Bibele u bile u bona kamoo e u thusang kateng. U ka ba oa utloa u batla ho bolella batho lintho tseo u ithutileng tsona.Jeremia 20:9; 2 Bakorinthe 4:13.

Ha u na le tumelo, u tla batla ho bolella batho lintho tseo u ithutileng tsona Bibeleng

9, 10. (a) Ke bo-mang bao u ka ratang ho ba bolella lintho tseo u ithutileng tsona Bibeleng? (b) U ka etsa’ng ha u se u batla ho ea ka ntlo le ntlo ho bolella batho molaetsa oa Bibele?

9 Ha u se u ithutile Bibele, u ka rata ho bolella lelapa la hao, metsoalle, baahisani le basebetsi-’moho lintho tseo u ithutileng tsona. Haeba u etsa joalo, u tla be u etsa hantle. Empa u be mosa ha u bua le bona. Ha nako e ntse e e-ea, u tla khona ho ea ka ntlo le ntlo u bolella batho molaetsa oa Bibele. Ha u se u batla ho ea ka ntlo le ntlo ho bolella batho molaetsa oa Bibele, u ka bolella motho eo u ithutang Bibele le eena hore u se u batla ho etsa joalo. Haeba a hlokomela hore u mamela melao ea Bibele le hore u ka fela oa bolella batho molaetsa oa Bibele ka ntlo le ntlo, o tla ea le uena ho baholo ba babeli ba phutheho.

10 Baholo bao ba tla buisana le uena e le hore ba bone hore na oa utloisisa le ho lumela lintho tseo u ithutileng tsona Bibeleng, hore na u mamela melao ea Bibele le hore na u hlile u batla ho ba Paki ea Jehova. U se ke oa tšoha ha u bua le bona hobane baa u tsotella. (Liketso 20:28; 1 Petrose 5:2, 3) Ka mor’a hore ba buisane le uena, ba tla u bolella hore na u ka qala ho sebetsa le phutheho mosebetsing oa ho ea ka ntlo le ntlo kapa che.

11. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho fetola tsela eo u phelang ka eona pele u ka qala ho sebetsa le phutheho mosebetsing oa ho ea ka ntlo le ntlo?

11 Baholo ba ka ’na ba u bolella hore ho na le lintho tse ling tseo u lokelang ho li fetola pele u ka qala ho sebetsa le phutheho mosebetsing oa ho ea ka ntlo le ntlo. Ho bohlokoa haholo ho etsa lintho tseo hobane kaha re bua le batho ka Molimo, ho tšoana le ha re le baemeli ba hae. Kahoo, re lokela ho phela ka tsela e bontšang hore rea mo hlompha.—1 Bakorinthe 6:9, 10; Bagalata 5:19-21.

“BAKANG, ’ME LE SOKOLOHE”

12. Ke hobane’ng ha re lokela ho baka?

12 Ho na le ntho e ’ngoe hape eo u lokelang ho e etsa pele u kolobetsoa. Moapostola Petrose o ile a re: “Ka hona, bakang, ’me le sokolohe e le hore libe tsa lōna li hlakoloe.” (Liketso 3:19) Ho baka ke ho etsa’ng? Ke ho bontša hore re soabetse ntho e mpe eo re e entseng. Ka mohlala, haeba u ne u tloaetse ho etsa boitšoaro bo bobe, u lokela ho baka. Esita le haeba u sa bo etse, u ntse u lokela ho baka hobane kaofela ha rona re baetsalibe ’me re lokela ho kopa Molimo hore a re tšoarele.—Baroma 3:23; 5:12.

13. Moapostola Petrose o ne a bolela’ng ha a re re lokela ho ‘sokoloha’?

13 Na ho lekane hore feela re soabele lintho tse mpe tseo re li entseng? Che, ha hoa lekana. Moapostola Petrose o ile a boela a re re lokela ho ‘sokoloha.’ O ne a bolela hore re lokela ho khaotsa ho etsa lintho tse fosahetseng tseo re neng re tloaetse ho li etsa ’me re etse tse nepahetseng. Ka mohlala, a re nke hore u ea sebakeng seo u qalang ho ea ho sona. Ha u le tseleng, u hlokomela hore u tsoile ka tsela e fosahetseng. U ne u tla etsa’ng? Na u ne u ke ke oa khutlela morao ebe u tšoara tsela e nepahetseng? Ka tsela e tšoanang, ha u ntse u ithuta Bibele, u ka ’na oa hlokomela hore ho na le lintho tse fosahetseng tseo u lokelang ho khaotsa ho li etsa. Kahoo, e ka ba hantle ho ikemisetsa ho khaotsa ho etsa lintho tseo ’me oa qalella ho etsa tse nepahetseng.

INEHELE HO JEHOVA

Na u se u tšepisitse Jehova hore u tla mo sebeletsa?

14. U boetse u lokelang ho etsa’ng pele u kolobetsoa?

14 Ntho e ’ngoe hape eo u lokelang ho e etsa pele u kolobetsoa ke ho inehela ho Jehova. Ho inehela ho Jehova ke ho mo rapela, u mo tšepisa hore u tla sebeletsa eena feela le hore ho etsa thato ea hae e tla ba ntho ea bohlokoa ho feta lintho tsohle bophelong ba hao.—Deuteronoma 6:15.

15, 16. Ha u ntse u ithuta ka Jehova, u tla qetella u batla ho etsa’ng?

15 Ha u tšepisa Jehova hore u tla sebeletsa eena feela, ho tšoana le ha u nyala kapa u nyaloa. A re nke hore mohlankana le moroetsana baa ratana. Ha nako e ntse e ea, mohlankana o qetella a se a rata moroetsana haholo hoo a bileng a batlang ho mo nyala. Le hoja qeto ea ho nyala e le boima, o ikemiselitse ho mo nyala hobane oa mo rata.

16 Ha u ntse u ithuta ka Jehova, u qetella u mo rata u bile u batla ho mo sebeletsa ka pelo eohle. Kahoo, u tla utloa u batla ho mo tšepisa hore u tla mo sebeletsa. Bibele e re motho ofe kapa ofe ea batlang ho ba molateli oa Jesu o lokela ho ‘itatola.’ (Mareka 8:34) Ha motho a itatola, ke ha a etsa’ng? Ke ha a etsa hore ho mamela Jehova e be eona ntho ea bohlokoa ho feta lintho tsohle bophelong ba hae. Thato ea Jehova e bohlokoa haholo ho feta lintho tseo re li batlang.—Bala 1 Petrose 4:2.

U SE KE OA TŠOHA

17. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba sa batle ho tšepisa Jehova hore ba tla mo sebeletsa?

17 Batho ba bang ha ba batle ho tšepisa Jehova hore ba tla mo sebeletsa hobane ba tšaba hore ba tla mo soetsa ka ho etsa liphoso. Hape ba re ha ba sa mo tšepisa letho, ha ho letho leo ba tla ikarabella ho eena ka lona.

18. Ho rata Jehova ho tla u thusa joang?

18 Ha u rata Jehova u ke ke oa tšoha hore u tla mo soetsa. Lerato leo ke lona le tla u thusa hore u phethahatse tšepiso eo u e entseng ea ho mo sebeletsa. (Moeklesia 5:4; Bakolose 1:10) U ke ke oa bona ho le thata ho etsa thato ea Jehova. Moapostola Johanne o ile a re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.”—1 Johanne 5:3.

19. Ke hobane’ng ha u sa lokela ho tšaba ho tšepisa Jehova hore u tla mo sebeletsa?

19 Ha se hore u lokela ho ba lengeloi hore u tšepise Jehova hore u tla mo sebeletsa. Ha ho mohla Jehova a batlang hore re etse lintho tseo re ke keng ra khona ho li etsa. (Pesaleme ea 103:14) O tla u thusa ho etsa thato ea hae. (Esaia 41:10) Kahoo, mo tšepe ka pelo eohle ’me “o tla otlolla litsela tsa hao.”—Liproverbia 3:5, 6.

HO BOLELA TŠEPISO EA HAO PHATLALATSA

20. Haeba u se u tšepisitse Jehova hore u batla ho mo sebeletsa, u saletsoe ke ho etsa’ng?

20 Na u bona eka u se u ka tšepisa Jehova hore u batla ho mo sebeletsa? Haeba u se u mo tšepisitse, ntho feela eo u saletseng ke ho kolobetsoa.

21, 22. U ka ‘bolela phatlalatsa’ joang hore u tšepisitse Jehova hore u tla mo sebeletsa?

21 Bolella mohokahanyi oa sehlopha sa baholo ba phutheho ea heno hore u batla ho kolobetsoa. Ka mor’a moo, o tla lokisetsa hore ho be le baholo ba tla buisana le uena ka tse ling tsa lintho tseo u ithutileng tsona Bibeleng. Haeba ba lumellana hore u se u ka kolobetsoa, ba tla u bolella hore u tla kolobetsoa kopanong e tlang ho ba teng. Kopanong eo ho tla ba le puo moo ho hlalosoang kolobetso haholoanyane. Motho ea tla beng a fana ka puo eo o tla botsa batho ba tl’o kolobetsoa lipotso tse peli. U tla be u “bolela phatlalatsa” hore u tšepisitse Jehova hore u tla mo sebeletsa ka hore u arabe lipotso tseo.—Baroma 10:10.

22 Ka mor’a moo, u tla kolobetsoa ka hore u qoelisoe ka metsing. Batho bohle ba tla bona ka ho kolobetsoa ha hao hore joale u se u le Paki ea Jehova.

HO KOLOBETSOA HO BOHLOKOA HAHOLO

23. Ho kolobetsoa “ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang” ho bolela’ng?

23 Jesu o ile a re barutuoa ba hae ba tla kolobetsoa “ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.” (Bala Matheu 28:19) Ho kolobetsoa ka tsela ena ho bolela hore oa lumela hore Jehova o matla ’ohle le hore o sebelisa moea o halalelang ho phetha thato ea hae. Hape oa lumela hore Jesu o etsa mosebetsi oa bohlokoa hore morero oa Molimo o phethahale.—Pesaleme ea 83:18; Matheu 28:18; Bagalata 5:22, 23; 2 Petrose 1:21.

Ha u kolobetsoa, oa bontša hore u batla ho etsa thato ea Molimo

24, 25. (a) Ho kolobetsoa ho bontša’ng? (b) Re tl’o ithuta’ng khaolong e latelang?

24 Ho kolobetsoa ho bohlokoa haholo. Ho qoelisoa ka metsing ho bontša hore u tlohetse mekhoa e fosahetseng eo u neng u e tloaetse. Ho tsoa ka metsing ho bontša hore u se u tl’o qala bophelo bo bocha hobane u tl’o phelela ho etsa thato ea Molimo ho ea ho ile. U hopole hore ha oa tšepisa motho ofe kapa ofe hore u tla mo sebeletsa, empa u tšepisitse Jehova feela.

25 Tšepiso eo u e etselitseng Jehova e tla u thusa hore u be le kamano e ntle le eena. (Pesaleme ea 25:14) Empa ha se hore motho o tla fumana bophelo bo sa feleng hobane feela a kolobelitsoe. Moapostola Pauluse o ile a re: “Le ’ne le sebeletse poloko ea lōna ka tšabo le thothomelo.” (Bafilipi 2:12) E leng hore thota e sa namme. Khaolong e latelang re tl’o ithuta hore na re ka etsa’ng e le hore re lule re le metsoalle ea Jehova.