Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 19

Lula U le Motsoalle oa Jehova

Lula U le Motsoalle oa Jehova

1, 2. Ke mang ea ka re thusang ha re e-na le mathata?

KA LE LENG la matsatsi ha u le tseleng e eang hae, u tšoaroa ke pula. Maru a tsoela pele ho teteana, ho ba le letolo ebile pula ea tiisa. Ha u sa ntse u qakehile hore na u tla etsa joang, u bona sebaka se hantle seo u ka itšireletsang ho sona. U utloa ho bile ho re kokololo!

2 Mehleng ena re phela boemong bo batlang bo tšoana le bo hlalositsoeng ka holimo. Lintho li ntse li ba mpe ho ea pele. Mohlomong u ee u ipotse hore na u tla tsoa le hokae. Lengolo la Lipesaleme le re: “Ke tla re ho Jehova: ‘U setšabelo sa ka le qhobosheane ea ka, Molimo oa ka, eo ke tla mo tšepa.’” (Pesaleme ea 91:2) Lengolo lena le nepile kaha Jehova a ka re thusa ha re e-na le mathata. Hape o re tšepisa hore re tla phela hamonate nakong e tlang.

3. Re hloka ho etsa’ng e le hore Jehova a re thuse ha re e-na le mathata?

3 Jehova a ka re thusa ho rarolla kapa ho mamella bothata bo bong le bo bong boo re ka bang le bona. O matla ho feta motho leha e le ofe. Leha ho ka etsahala hore mathata a mang a se ke a rarolleha hona joale, rea tseba hore Jehova o tla lokisa lintho nakong e tlang. Bibele e re khothalletsa hore re “ipoloke leratong la Molimo.” (Juda 21) E le hore Jehova a re thuse ha re e-na le mathata, re hloka ho lula re le metsoalle ea hae. Na ho ka etsahala hore motho a lule e le motsoalle oa Molimo?

BONTŠA HORE U RATA MOLIMO

4, 5. Jehova o re etselitse’ng ho bontša hore oa re rata?

4 E le hore re lule re le metsoalle ea Jehova, re lokela ho nahanisisa ka tsela eo a re bontšang ka eona hore oa re rata. Ak’u nahane feela hore na o re etselitse’ng. O bopile lefatše le lintho tsohle tse ntle tse ho lona, o re file metsi a hloekileng le lijo tse monate, a re fa Lentsoe la hae le re rutang lebitso la hae le makhabane ao a nang le ’ona. Empa mpho e kholo ka ho fetisisa eo a re fileng eona ke bophelo ba Mora oa hae. (Johanne 3:16) Ka lebaka la mpho ena, nakong e tlang re tla phela re se re sa shoe.

5 Jehova o bontšitse hore oa re rata ka hore a hlome ’muso leholimong. ’Muso ona o tla felisa lintho tsohle tse utloisang batho bohloko o be o etse hore lefatše e be paradeise. (Pesaleme ea 37:29) O boetse o re bontšitse hore oa re rata ka hore a re rute hore na re ka etsa’ng e le hore re thabe. O batla hore re bue le eena ebile o malala-a-laotsoe ho re mamela. O re rata kaofela.

6. Re lokela ho bontša joang hore rea ananela ha e le moo Jehova a re rata?

6 Re lokela ho lula re leboha Jehova ka lintho tsohle tseo a re etselitseng tsona. Mehleng ena batho ba bangata ha ba na teboho joaloka batho ba phetseng mehleng ea Jesu. Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile folisa balepera ba 10 empa ke a le mong feela ea ileng a mo leboha. (Luka 17:12-17) Re lokela ho tšoana le molepera eo, re lule re leboha Jehova.

7. Jesu o itse re lokela ho rata Jehova haholo hakae?

7 Re boetse re lokela ho bontša Jehova hore rea mo rata. Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ba lokela ho rata Jehova ka moea, likelello le lipelo tsohle tsa bona. (Bala Matheu 22:37.) O ne a bolela’ng ha a cho joalo?

8, 9. Motho a ka bontša joang hore o hlile o rata Jehova?

8 Motho a ka bontša joang hore o hlile o rata Jehova? Liketso tsa rona ke tsona tse pakang hore na re hlile re rata Jehova kapa che. (Matheu 7:16-20) Bibele e re re bontša hore re rata Jehova ka hore re mamele litaelo tsa hae. E bile e re: “Litaelo tsa hae ha li boima.”—Bala 1 Johanne 5:3.

9 Ha re mamela litaelo tsa Jehova, re tla lula re khotsofetse re bile re thabile. (Esaia 48:17, 18) Re tl’o ithuta hore na ke eng e ka re thusang ho lula re le metsoalle ea Jehova.

LULA U LE MOTSOALLE OA JEHOVA

10. U hloka ho etsa’ng e le hore u lule u rata Jehova?

10 Ho tlile joang hore u be motsoalle oa Jehova? U ile oa qala ho mo rata ha u ntse u ithuta ka eena. Tsela ena eo u mo ratang ka eona e tšoana le lelakabe la mollo leo u sa batleng ha le tima. Mollo o hloka ho lula o beseletsoa e le hore o ’ne o tuke. Ka tsela e tšoanang, u hloka ho lula u ithuta ka Jehova e le hore u lule u mo rata.—Liproverbia 2:1-5.

Feela joalokaha mollo o hloka ho lula o beseletsoa e le hore o ’ne o tuke, u hloka ho lula u ithuta ka Jehova e le hore u lule u mo rata

11. Ha u ntse u ithuta Bibele u tla fumana eng?

11 Ha u ntse u ithuta Bibele u tla fumana lintho tse tla u thusa ho rata Jehova haholoanyane. Ha Jesu a qeta ho hlalosetsa barutuoa ba hae ba babeli boprofeta, ba ile ba re: “Na lipelo tsa rōna li ne li sa chese ha a ntse a bua le rōna tseleng, ha a ntse a re bulela Mangolo ka botlalo?”—Luka 24:32.

12, 13. (a) U batla ho lula u etsa’ng? (b) U lokela ho etsa’ng e le hore u lule u le motsoalle oa Jehova?

12 Mohlomong le uena u ile oa ameha maikutlo joaloka barutuoa ba Jesu ha u qala ho ithuta Bibele. Ka nako eo, u ile oa qala ho tseba Jehova le ho mo rata, ebile u batla ho lula u mo rata.—Matheu 24:12.

13 Ha u se u le motsoalle oa Jehova, u lokela ho sebetsa ka thata hore le lule le le metsoalle. U tsoele pele ho ithuta ka eena le ka Jesu, u be u nahanisise ka lintho tseo u ithutang tsona e le hore li u thuse ho phelela ho etsa thato ea hae. (Johanne 17:3) Nakong eo u ntseng u bala Bibele, e ka ba hantle hore u ipotse hore na ntho eo u qetang ho e bala e u ruta’ng ka Jehova. U ka boela oa ipotsa hore na ke hobane’ng ha u lokela ho mo rata ka pelo eohle ea hao.—1 Timothea 4:15.

14. U lokela ho etsa’ng e le hore u lule u le motsoalle oa Jehova?

14 Ha u batla ho lula u le motsoalle oa motho, u qoqa le eena khafetsa e le hore le lule le utloana. Ka ho tšoanang, u lokela ho lula u bua le Jehova e le hore u tsoele pele u le motsoalle oa hae. (Bala 1 Bathesalonika 5:17.) Jehova o re file monyetla oa ho bua le eena, kahoo re lokela ho mo phetlela sefuba. (Pesaleme ea 62:8) Ha re rapela, ha rea lokela ho lula re pheta ntho e le ’ngoe, empa re tlameha ho mo bolella mabinabine a lipelo tsa rona. Re tla lula re le metsoalle ea Jehova hafeela re bua le eena re bile re ithuta Lentsoe la hae.

HO BOLELLA BATHO KA JEHOVA

15, 16. U ikutloa joang ka mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo?

15 Re lokela ho bolella batho ba bang ka Jehova haeba re batla ho lula re le metsoalle ea hae. Ke tlotla ho etsa mosebetsi ona. (Luka 1:74) Hape ke mosebetsi oo Jesu a o fileng Bakreste bohle, kahoo re lokela ho o etsa. Na u se u ntse u o etsa?—Matheu 24:14; 28:19, 20.

16 Moapostola Pauluse o ne a rata mosebetsi ona haholo hoo a ileng a ba a re ke “letlotlo.” (2 Bakorinthe 4:7) Ha ho na mosebetsi o bohlokoa ho feta oa ho bolella batho ka Jehova. Ha re o etsa, Jehova o thaba haholo hobane rea mo sebeletsa. (Baheberu 6:10) Mosebetsi ona o molemo haholo hobane o u thusa ho lula u le motsoalle oa Molimo ebile o thusa batho ho fumana bophelo bo sa feleng. (Bala 1 Bakorinthe 15:58.) Ha ho na mosebetsi o mong o ka u khotsofatsang ho feta ona.

17. Ke hobane’ng ha motho e mong le e mong a hloka ho tseba ka ’Muso oa Molimo?

17 Re lokela ho etsa mosebetsi ona ka potlako kaha nako e se e ile. Re lokela ho “phehella” ho ‘bolela lentsoe.’ (2 Timothea 4:2) Motho e mong le e mong o hloka ho tseba ka ’Muso oa Molimo. Bibele e re: “Letsatsi le leholo la Jehova le haufi. Le haufi, ’me le potlakile haholo.” Letsatsi la Jehova le “ke ke ea siuoa ke nako.” (Sofonia 1:14; Habakuke 2:3) Haufinyane Jehova o tla felisa bohle ba sa etseng thato ea hae. Empa pele a ba timetsa, re lokela ho ba bolella ka eena e le hore ba tsebe ho khetha ho etsa thato ea hae kapa che.

18. Ke hobane’ng ha re lokela ho bokana ’moho ha re rapela Jehova?

18 Jehova o batla hore Bakreste ba bokane ’moho ha ba mo rapela. Bibele e re: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Baheberu 10:24, 25) Re lokela ho lula re e-ba teng libokeng tsohle. Ha re le libokeng, re na le monyetla oa ho khothatsana le ho matlafatsana.

19. Ke’ng e tla u thusa hore u rate Bakreste-’moho le uena?

19 Ha u le libokeng, u tla fumana metsoalle e tla u thusa hore u lule u rata Jehova. U tla kopana le bahlanka ba bang ba Jehova ba etsang sohle se matleng a bona ho mo sebeletsa. Kaha le bona ke baetsalibe ’me ba etsa liphoso, u ba tšoarele ha ba u siteloa. (Bala Bakolose 3:13.) Lula u sheba lintho tse ntle tseo Bakreste-’moho le uena ba li etsang. Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u ba rate u be u lule u le motsoalle oa Jehova.

U KA PHELA KA HO SA FELENG

20, 21. Bophelo bo tla be bo le joang ka moso?

20 Jehova o batla hore metsoalle eohle ea hae e phele hamonate. Bibele ea re bolella hore ka moso bophelo bo tl’o fapana hole le hona joale.

Jehova o batla hore u phele ka ho sa feleng. Na uena oa batla?

21 Ka moso ha re sa tla hlola re phela lilemo tse bo-70 kapa tse bo-80 joaloka mehleng ena, empa re se re tla phela ka ho sa feleng. Re tla be re phela ka khotso lefatšeng le letle la paradeise, re phetse hantle re bile re thabile haholo. Bibele e re bophelo ba mofuta ona ke “bophelo ba sebele.” Jehova o re tšepisa bophelo bona, empa le rona re lokela ho sebetsa ka thata hore re bo ‘tšoare ka tieo’ hona joale.—1 Timothea 6:12, 19.

22. (a) Re ka “tšoara ka tieo bophelo ba sebele” joang? (b) Ke hobane’ng ha ho se na letho le tlamang Jehova ho re fa bophelo bo sa feleng?

22 Re ka “tšoara ka tieo bophelo ba sebele” joang? Ka hore re “sebetse se molemo” le hore re “rue mesebetsing e metle.” (1 Timothea 6:18) Taba ena e bolela hore re lokela ho phela tumellanong le lintho tseo re ithutileng tsona Bibeleng. Empa ha ho na motho ea tla fumana bophelo bo sa feleng ka bohlale ba hae ebile ha ho na letho le tlamang Jehova ho re fa bona. Jehova o fa bahlanka ba hae bophelo bo sa feleng hobane a le mohau. (Baroma 5:15) O bile o ikemiselitse ho ba fa mpho ena.

23. Ho tla etsahala’ng haeba u khetha ho sebeletsa Jehova hona joale?

23 Itlhahlobe e le hore u bone hore na u sebeletsa Jehova ka tsela eo a e batlang. Haeba u hlokomela hore u lokela ho fetola tsela eo u phelang ka eona, u hle u etse joalo hang-hang. Haeba re tšepa Jehova re bile re lula re mo mamela, o tla re sireletsa nakong eo a felisang batho ba khethileng ho se mo mamele. Ka mor’a moo, o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho re fa bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise. Kahoo, haeba u khetha ho sebeletsa Jehova hona joale, u tla phela ka ho sa feleng ka moso.