Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 19

Dula o le Motswalle wa Jehova

Dula o le Motswalle wa Jehova

1, 2. Ke kae moo re ka fumanang tshireletso kajeno?

A KO nahane o tsamaya ka ntle mme ho na le sefefo se matla. Lehodimo le a fifala mme ho qala ho ba le lehadima le diaduma. Kapele ka mora moo, pula e qala ho na. O batla moo o ka ipatang teng. O thaba hakaakang ha o bona sebaka se itseng se sireletsehileng ebile se sa nele!

2 Re boemong bo tshwanang le boo kajeno. Maemo a lefatshe a ntse a mpefala. O ka nna wa ipotsa: ‘Nka fumana tshireletso hokae?’ Mongodi e mong wa Bibele o ile a re ho Jehova: “O setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, Modimo wa ka, eo ke tla mo tshepa.” (Pesaleme ya 91:2) Jehova a ka re thusa ha re na le mathata ebile o re fa tshepo e babatsehang ka bokamoso.

3. Re ka etsa Jehova setshabelo sa rona jwang?

3 Jehova a ka re sireletsa jwang? A ka re thusa ka bothata le ha e le bofe boo re nang le bona, ebile o na le matla ho feta motho le ha e le ofe ya ka lekang ho re lematsa. Le ha re hlahelwa ke mathata hona jwale, re kgodisehile hore Jehova o tla lokisa dintho nakong e tlang. Bibele e re ho rona: “Le ipoloke leratong la Modimo.” (Juda 21) Re lokela ho ba haufi le Jehova e le hore a re thuse ha re na le mathata. Empa re ka etsa seo jwang?

ANANELA LERATO LA JEHOVA

4, 5. Jehova o bontshitse jwang hore o a re rata?

4 E le hore re dule re le metswalle ya Jehova, re lokela ho lemoha hore na o re rata hakaakang. Nahana ka dintho tsohle tseo Jehova a re etseditseng tsona. O re file lefatshe le letle le nang le dimela le diphoofolo tse ntle. O boetse o re file dijo tse monate le metsi a hlwekileng. Jehova o sebedisitse Bibele ho re tsebisa lebitso la hae le makgabane a hae. Ka hodima tsohle, o ile a bontsha hore o a re rata ha a ne a romela Mora wa hae Jesu lefatsheng, hore a fane ka bophelo ba hae molemong wa rona. (Johanne 3:16) Ka lebaka la sehlabelo seo, re na le tshepo e babatsehang.

5 Jehova o fane ka Mmuso o busang o le lehodimong, oo morena wa ona e leng Jesu Kreste. Mmuso oo o tla fedisa mathata ohle a batho mme o etse hore ba phele ka ho sa feleng lefatsheng. (Pesaleme ya 37:29) Jehova o boetse o bontsha hore o a re rata ka ho re fa melao e re thusang hore re phele ha monate hona jwale. Ho ekelletsa moo, o re kgothalletsa hore re bue le yena ka thapelo, mme o dula a itokiseditse ho re mamela. Jehova o bontshitse ka ho hlaka hore o rata e mong le e mong wa rona.

6. O ka bontsha jwang hore o ananela lerato la Jehova?

6 O ka bontsha jwang hore o ananela lerato la Jehova? Mo lebohe ka dintho tsohle tseo a o etseditseng tsona. Ka maswabi, batho ba bangata kajeno ha ba sa tlwaetse ho leboha. Le batho ba mehleng ya Jesu ba ne ba le jwalo. Ka letsatsi le leng Jesu o ile a fodisa batho ba 10 ba neng ba tshwerwe ke lepera, empa ke a le mong feela ya ileng a leboha Jesu. (Luka 17:12-17) Re batla ho tshwana le motho eo ya ileng a leboha Jesu. Re batla ho dula re leboha Jehova.

7. Re lokela ho rata Jehova haholo hakae?

7 Re boetse re lokela ho bontsha hore re rata Jehova. Jesu o ile a bolella barutuwa ba hae hore ba lokela ho rata Jehova ka dipelo tsohle tsa bona, ka moya ohle wa bona le ka dikelello tsohle tsa bona. (Bala Matheu 22:37.) Seo se bolelang?

8, 9. Re ka bontsha Jehova jwang hore re a mo rata?

8 Na ho lekane ho bua feela hore re rata Jehova? Tjhe. Haeba re rata Jehova ka dipelo, moya le dikelello tsohle tsa rona, re tla bontsha seo ka diketso. (Matheu 7:16-20) Bibele e re haeba re rata Modimo re tla mamela ditaelo tsa hae. Na ho thata ho etsa jwalo? Tjhe, hobane “ditaelo tsa hae ha di boima.”—Bala 1 Johanne 5:3.

9 Ha re mamela Jehova re tla thabela bophelo. (Esaia 48:17, 18) Empa re ka thuswa keng hore re dule re le metswalle ya Jehova? A re bone.

DULA O LE MOTSWALLE WA JEHOVA

10. Ke hobaneng ha o lokela ho tswela pele o ithuta ka Jehova?

10 Ho tlile jwang hore o be motswalle wa Jehova? Ha o ntse o ithuta Bibele, o ile wa tseba Jehova haholwanyane mme wa ba motswalle wa hae. Setswalle sena se tshwana le mollo oo o batlang hore o dule o tuka. Feela jwalo ka ha mollo o hloka dibeso hore o dule o tuka, le wena o lokela ho dula o ithuta ka Jehova hore setswalle sa hao le yena se dule se tiile.—Liproverbia 2:1-5.

Jwalo ka mollo, lerato la hao ho Jehova le hloka dibeso hore le dule le tuka

11. Dithuto tsa Bibele di ka o ama jwang?

11 Ha o ntse o ithuta Bibele o tla ithuta dintho tse tla o finyella pelo. Hlokomela kamoo barutuwa ba babedi ba Jesu ba ileng ba ikutlwa kateng ha Jesu a ba hlalosetsa boprofeta ba Bibele. Ba ile ba re: “Na dipelo tsa rona di ne di sa tjhese ha a ntse a bua le rona tseleng, ha a ntse a re bulela Mangolo ka botlalo?”—Luka 24:32.

12, 13. (a) Ho ka nna ha etsahalang ka lerato leo re ratang Modimo ka lona? (b) Re ka etsang hore re dule re rata Modimo?

12 Jwalo ka ha barutuwa ba ile ba ameha dipelo ha ba utlwisisa Mangolo, e ka nna ya ba le wena o ile wa ikutlwa ka tsela e tshwanang ha o ne o qala ho utlwisisa Bibele. Ho utlwisisa Bibele ho ile ha o thusa hore o tsebe Jehova le ho mo rata, ebile ha o batle hore lerato leo le fokotsehe.—Matheu 24:12.

13 Ha o ba motswalle wa Modimo, o lokela ho sebetsa ka thata ho etsa hore setswalle seo se dule se tiile. O lokela ho tswela pele o ithuta ka yena le Jesu, hape o nahanisise ka seo o ithutang sona le hore na o ka se sebedisa jwang bophelong ba hao. (Johanne 17:3) Ha o ntse o bala Bibele, ipotse dipotso tse kang: ‘Ke ithutang ka Jehova Modimo tabeng ee? Ke hobaneng ha ke lokela ho mo rata ka pelo le ka moya ohle waka?’—1 Timothea 4:15.

14. Thapelo e re thusa jwang hore re dule re rata Jehova?

14 Ha o na le motswalle, o bua le yena kamehla mme seo se etsa hore setswalle sa lona se dule se tiile. Ka tsela e tshwanang, re tla dula re rata Jehova haeba re bua le yena kamehla. (Bala 1 Bathesalonika 5:17.) Thapelo ke mpho e tswang ho Ntate wa rona ya lehodimong. Kamehla ha re bua le yena, re lokela ho etsa seo ho tswa pelong. (Pesaleme ya 62:8) Ha re a lokela ho phetapheta dithapelo tseo re di tshwereng ka hlooho. Haeba re tswela pele ho ithuta Bibele le ho rapela ho tswa pelong, lerato leo re ratang Jehova ka lona le tla tiya.

BUA LE BA BANG KA JEHOVA

15, 16. O ikutlwa jwang ka ho bua le ba bang ka Jehova?

15 Haeba re batla ho dula re le metswalle ya Jehova, re boetse re lokela ho bua le ba bang ka seo re se dumelang. Ho bua le batho ba bang ka Jehova ke tlotla e kgolo. (Luka 1:74) Ebile ke boikarabelo boo Jesu a bo fileng Bakreste bohle ba nnete. E mong le e mong wa rona o lokela ho bolella batho ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo. Na o se o qadile ho etsa jwalo?—Matheu 24:14; 28:19, 20.

16 Moapostola Pauluse o ne a nka ho bua le batho ka Bibele e le mosebetsi wa bohlokwa haholo. O ile a re mosebetsi oo ke “letlotlo.” (2 Bakorinthe 4:7) Mosebetsi wa bohlokwa ka ho fetisisa oo o ka o etsang ke ho bolella ba bang ka Jehova le dintho tseo a tla re etsetsa tsona. Ha re etsa mosebetsi oo re tla be re sebeletsa Jehova, ebile a ke ke a lebala mosebetsi oo re mo etsetsang ona. (Baheberu 6:10) Ho bua ka Jehova ho ka thusa wena le ba o mamelang, hobane ha o etsa jwalo o thusa ba bang hammoho le wena hore le be metswalle ya Modimo le ho fumana bophelo bo sa feleng. (Bala 1 Bakorinthe 15:58.) Ruri ha ho na mosebetsi o mong o ka o thabisang ho feta ho sebeletsa Jehova!

17. Ke hobaneng ha mosebetsi wa boboledi o potlakile?

17 Mosebetsi wa boboledi o potlakile haholo. Re lokela ho ‘bolela lentswe,’ mme re etse seo ka “ho phehella” kapa re sa kgaotse. (2 Timothea 4:2) Batho ba hloka ho tseba ka Mmuso wa Modimo. Bibele e re: “Letsatsi le leholo la Jehova le haufi. Le haufi, mme le potlakile haholo!” Bofelo bo ‘ke ke ba siuwa ke nako.’ (Sofonia 1:14; Habakuke 2:3) Haufinyane Jehova o tla fedisa lefatshe lena le kgopo le laolwang ke Satane. Empa pele seo se etsahala, batho ba lokela ho lemoswa e le hore ba ka kgetha ho sebeletsa Jehova.

18. Ke hobaneng ha re lokela ho rapela Jehova hammoho le Bakreste ba bang ba nnete?

18 Jehova o batla hore re mo rapele hammoho le Bakreste ba bang ba nnete. Bibele e re: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rona, jwalo ka ha ba bang ba e na le tlwaelo eo, empa re kgothatsana, mme re etsa jwalo haholo ka ha le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Baheberu 10:24, 25) Re lokela ho leka ka matla hore re be teng dibokeng tsohle. Diboka di re fa monyetla wa hore re kgothatsane le ho matlafatsana.

19. Re ka thuswa keng hore re rate Bakrestemmoho le rona?

19 Ha o ya dibokeng, o tla fumana metswalle ya nnete e tla o thusa hore o sebelletse Jehova. O tla kopana le bara le baradibabo rona ba etsang sohle seo ba ka se kgonang ho sebeletsa Jehova jwalo ka wena. Le bona ha ba a phethahala ebile ba etsa diphoso. Ka hoo, o ikemisetse ho ba tshwarela. (Bala Bakolose 3:13.) O shebe makgabane a matle ho bara le baradibabo rona ba Bakreste, etswe ha o etsa jwalo seo se tla o thusa hore o ba rate mme setswalle sa hao le Jehova se tla tiya le ho feta.

BOPHELO BA SEBELE

20, 21. “Bophelo ba sebele” keng?

20 Jehova o batla hore metswalle yohle ya hae e be le bophelo bo sa feleng. Bibele e re bophelo ba nakong e tlang bo tla fapana hole le boo re bo phelang hona jwale.

Jehova o batla hore o fumane “bophelo bo sa feleng.” Na o tla bo fumana?

21 Nakong e tlang, re ke ke re phela dilemo tse 70 kapa tse 80 feela, empa re tla phela ka ho sa feleng. Re tla thabela “bophelo bo sa feleng” re phela hantle mmeleng, re na le kgotso le thabo lefatsheng le letjha. Ke seo Bibele e se bitsang “bophelo ba sebele.” Jehova o re tshepisitse bophelo bo sa feleng, empa hona jwale re lokela ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho bo ‘tshwara ka tiyo’.—1 Timothea 6:12, 19.

22. (a) Re ka ‘tshwara ka tiyo bophelo bo sa feleng’ jwang? (b) Ke hobaneng ha ho se na letho leo re ka le etsang hore re tshwanelehe ho fumana bophelo bo sa feleng?

22 Re ka ‘tshwara ka tiyo bophelo bo sa feleng’ jwang’? Re lokela ho etsa “se molemo” mme re “rue mesebetsing e metle.” (1 Timothea 6:18) Sena se bolela hore re lokela ho sebedisa seo re ithutang sona ka Bibeleng. Le ha ho le jwalo, ho fumana bophelo bo sa feleng ha ho a itshetleha ka boiteko ba rona feela. Ha ho letho leo re ka le etsang hore re tshwanelehe ho fumana bophelo bo sa feleng. Ke mpho ya mahala eo Jehova a e fang bahlanka ba hae ba tshepahalang, ke mohlala wa mohau kapa “mosa o sa tshwanelang” wa Modimo. (Baroma 5:15) Ntate wa rona ya lehodimong o batla ho fa bahlanka ba hae ba tshepahalang mpho ena.

23. Ke hobaneng ha re lokela ho etsa diqeto tse nepahetseng hona jwale?

23 A ko ipotse: ‘Na ke rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang?’ Haeba o bona hore o lokela ho etsa diphetoho, di etse hona jwale. Ha re tshepile Jehova mme re etsa ka hohle hore re mo mamele, Jehova e tla ba setshabelo sa rona. O tla sireletsa bahlanka ba hae ba tshepahalang matsatsing a ho qetela lefatsheng lena le kgopo la Satane. Jehova o tla etsa bonnete ba hore re phela lefatseng le letjha, feela jwalo ka ha a tshepisitse. Ruri o tla fumana bophelo bo sa feleng haeba o etsa diqeto tse nepahetseng hona jwale!