Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

POTSO EA 5

Nka Etsa’ng Haeba ke Hlorisoa Sekolong?

Nka Etsa’ng Haeba ke Hlorisoa Sekolong?

KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA?

Tsela eo u etsang lintho ka eona e ka ntlafatsa boemo kapa ea bo mpefatsa.

U NE U TLA ETSA’NG?

Nahana ka sena: Thomas ha a sa batla ho ea sekolong ho hang. Sena se qalile likhoeling tse tharo tse fetileng ha bana bao a kenang sekolo le bona ba bua mashano ka eena. Ba ile ba mo reha le mabitso. Ba ne ba rata ho mo qala ka hore ba lihe libuka tsa hae kapa e mong a mo sutumetse, ebe ha Thomas a hetla ha a bone hore na ke mang ea mo sutumelitseng. Maobane lintho li ile tsa ba mpe le ho feta ha ba ne ba mo romella molaetsa o tšosang ka Inthanete . . .

Haeba e ne e le uena, u ne u tla etsa’ng?

NAHANISISA HANTLE!

Ha e le hantle u na le matla! U ka hlōla motho ea u hlorisang empa u sa loane le eena. Joang?

  • U SE KE UA TŠOHA. Bibele e re: “Ea hlokang kelello o hlahatsa moea oohle oa hae, empa ea bohlale o o boloka o khutsitse ho fihlela qetellong.” (Liproverbia 29:11) Haeba u bonahala u sa tšoha, batho ba u hlorisang ba ka ’na ba u tlohela.

  • U SE KE UA IPHETETSA. Bibele e re: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena.” (Baroma 12:17) Ho iphetetsa ho ka mpefatsa lintho le ho feta.

  • U SE KE UA IKENYA MATHATENG. Bibele e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.” (Liproverbia 22:3) Ha ho khoneha, qoba batho ba ka u hlorisang kapa libaka tseo ba ratang ho ba ho tsona.

  • ETSA NTHO EO BA SA E LEBELLANG. Bibele e re: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo.” (Liproverbia 15:1) U ka ’na ua soasoa ka seo ba u somang ka sona. Ka mohlala, haeba motho ea u hlorisang a re ho uena o motenya, u ka ’na ua re, “Ehlile ke motenya!”

  • ITSAMAELE. Nora ea lilemo li 19, o re: “Ha u ithōlela u bontša hore u hōlile kelellong, ebile u khona ho ithiba, e leng ntho eo motho ea u hlorisang a sa khoneng ho e etsa.”—2 Timothea 2:24.

  • ITŠEPE. Bana ba ikhellang fatše le ba sa khoneng ho itoanela, hangata ke bona ba hlorisoang. Leha ho le joalo, bana ba hlorisang ba bang ba ka ’na ba se ke ba u hlorisa ha u le motho ea itšepang.

  • BOLELLA MOTHO E MONG. Motho e mong eo e neng e le tichere o re: “Ke khothalletsa bana ba hlorisoang hore ba bue ha ba hlorisoa. Ke hantle ho bua hobane seo se ka thusa hore bana ba bang ba se ke ba hlorisoa.”

Bana ba hlorisang ba bang ba ka ’na ba se ke ba u hlorisa ha u le motho ea itšepang