Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

POTSO YA 5

Nka Etsang Haeba ke Hloriswa Sekolong?

Nka Etsang Haeba ke Hloriswa Sekolong?

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA?

Tsela eo o etsang dintho ka yona e ka etsa hore o se ke wa hloriswa kapa o hloriswe le ho feta.

O NE O TLA ETSANG?

Nahana ka sena: Thomas ha a sa batla ho ya sekolong ho hang. Sena se qadile dikgweding tse tharo tse fetileng ha bana bao a kenang sekolo le bona ba bua mashano ka yena. Ba ile ba mo reha le mabitso. Ba ne ba rata ho mo qala ka hore ba dihe dibuka tsa hae kapa e mong a mo sutumetse, ebe ha Thomas a hetla ha a bone hore na ke mang ya mo sutumeditseng. Maobane dintho di ile tsa ba mpe le ho feta ha ba ne ba mo romella molaetsa o tshosang ka Inthanete . . .

Haeba e ne e le wena, o ne o tla etsang?

NAHANISISA HANTLE!

Ha e le hantle o na le matla! O ka hlola motho ya o hlorisang empa o sa lwane le yena. Jwang?

  • O SE KE WA TSHOHA. Bibele e re: “Ya hlokang kelello o ntsha bohale bohle ba hae, empa ya bohlale o dula a kgutsitse.” (Liproverbia 29:11, NW) Haeba o bonahala o sa tshoha, batho ba o hlorisang ba ka nna ba o tlohela.

  • O SE KE WA IPHETETSA. Bibele e re: “Ho se ke ha e ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho yena.” (Baroma 12:17) Ho iphetetsa ho ka etsa hore bana ba sekolo ba o hlorise le ho feta.

  • O SE KE WA IKENYA MATHATENG. Bibele e re: “Ya masene ke ya boneng tlokotsi mme a ipata.” (Liproverbia 22:3) Ha ho kgoneha, etsa bonnete ba hore o dula o le hole le batho ba ka o hlorisang kapa dibaka tseo ba ratang ho dula ho tsona.

  • ETSA NTHO EO BA SA E LEBELLANG. Bibele e re: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka kgalefo.” (Liproverbia 15:1) O ka nna wa tsheha le bona ha ba o phoqa. Ka mohlala, haeba motho ya o hlorisang a re ho wena o motenya, o ka nna wa re, “Ehlile ke motenya!”

  • ITSAMAELE. Nora ya dilemo di 19, o re: “Ha o itholela o bontsha hore o se o hodile, ebile o kgona ho ithiba, e leng ntho eo motho ya o hlorisang a sa kgoneng ho e etsa.”—2 Timothea 2:24.

  • ITSHEPE. Bana ba ikgellang fatshe le ba sa kgoneng ho itwanela, hangata ke bona ba hloriswang. Leha ho le jwalo, bana ba hlorisang ba bang ba ka nna ba se ke ba o hlorisa ha o le motho ya sebete.

  • BOLELLA MOTHO E MONG. Motho e mong eo e neng e le titjhere o re: “Ke kgothalletsa bana ba hloriswang hore ba bolelle motho e mong ha ba hloriswa. Ke hantle ho etsa jwalo hobane seo se ka etsa hore motho ya o hlorisang a se ke a hlola a hlorisa le bana ba bang.”

Bana ba hlorisang ba bang ba ka nna ba se ke ba o hlorisa ha o le motho ya sebete