Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

POTSO EA 6

Nka Hlōla Khatello ea Lithaka Joang?

Nka Hlōla Khatello ea Lithaka Joang?

KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA?

Haeba u tseba se nepahetseng, u ke ke ua lumella hore batho ba bang ba u etsetse liqeto.

U NE U TLA ETSA’NG?

Nahana ka sena: Brian o tšohile ha a bona bana ba babeli bao a kenang sekolo le bona ba tla ho eena. Ba ne ba lekile ho mo qobella hore a tsube ka makhetlo a mabeli bekeng eo. Hona joale e tla be e le lekhetlo la boraro.

Moshanyana oa pele o re:

“U nts’o tsamaea u le mong le kajeno? Tšoara mona moshana.”

O tsipela Brian leihlo ebe o kenya letsoho ka pokothong.

Ha a ntša letsoho, Brian o bona sakerete. Brian o tšoha le ho feta.

Brian o re: “Ke le boleletse hore ha ke . . . ”

Moshanyana oa bobeli o mo kena hanong: “Tlohela ho ba lekoala tjena!”

Brian o iteta sebete o re: “Ha ke lekoala!”

Moshanyana oa bobeli o tšoara Brian lehetleng. O buela fatše o re: “Nka hle monna.”

Moshanyana oa pele o atametsa sakerete sefahlehong sa Brian ’me oa hoeshetsa o re: “Re ke ke ra bolella motho. Ha ho na motho ea tla tseba.”

Haeba e ne e le uena, u ne u tla etsa’ng?

NAHANISISA HANTLE!

Na bashanyana bao ba batlang hore Brian a tsube ba nahanne ka seo ba se etsang? Na ke ntho eo ba neng ba hlile ba batla ho e etsa? E ka ’na eaba ha ho joalo. Ho ka etsahala hore ba susumelitsoe ke ba bang. Ba etsa lintho hobane ba batla ho ba khahlisa.

Haeba u ne u le boemong bo tšoanang le ba Brian, u ne u tla hlōla khatello ea lithaka joang?

  1. NAHANA KA SE KA ETSAHALANG

    Bibele e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.”—Liproverbia 22:3.

    Hangata re khona ho bona kotsi esale hōle. Ka mohlala, ha re re u bona bana bao u kenang sekolo le bona ba tsuba ba le hōlenyana. U ka hlōla khatello ea bona haeba u ka nahana esale pele ka seo ba ka ’nang ba se etsa.

  2. NAHANA

    Bibele e re: “E-bang le letsoalo le molemo.”—1 Petrose 3:16.

    Ipotse, ‘Ke tla ikutloa joang hamorao haeba ke lumela ho etsa lintho tseo bana ba bang ba nqobellang hore ke li etse?’ Ke ’nete hore u ka ’na ua batla ho khahlisa lithaka tsa hao. Empa u tla ikutloa joang hamorao? Na u tla tlohela ho etsa se nepahetseng hobane feela u batla ho khahlisa bana bao u kenang sekolo le bona?—Exoda 23:2.

  3. ETSA QETO

    Bibele e re: “Motho ea bohlale o tšaba bobe.”—Liproverbia 14:16. Bibele Phetolelo e Ncha.

    Kaofela ha rōna re lokela ho iketsetsa liqeto. Bibele e bua ka batho ba kang Josefa, Jobo le Jesu, ba ileng ba etsa liqeto tse nepahetseng. E boetse e bua ka Kaine, Esau le Judase, ba ileng ba etsa liqeto tse fosahetseng. U ne u tla etsa’ng?

Bibele e re: “U sebetse ka botšepehi.” (Pesaleme ea 37:3) Haeba u se u nahanne ka hore na ho tla etsahala’ng haeba u etsa qeto e itseng, ho hlōla khatello ea lithaka ho ka ba bonolo.

Ha ho hlokahale hore u hlalosetse lithaka tsa hao ntho e ’ngoe le e ’ngoe. U ka re feela ho bona u ke ke ua etsa seo. Kapa u ka ’na ua re:

  • “’Na le se ke la mpalella!”

  • “Ha ke etse lintho tse joalo!”

  • “Le tseba hantle hore ha ke motho oa ntho tseo!”

Ntho e tla u thusa ke hore u arabe kapele le ka kholiseho. Haeba u etsa joalo, lithaka tsa hao li ka ’na tsa u tlohela!

U KA ETSA’NG HA U SONGOA?

Haeba u lumella lithaka tsa hao hore li u hatelle, li tla u laola joaloka roboto

U ka etsa’ng ha lithaka tsa hao li u soma? Mohlomong li re, “Ke’ng na, u lekoala?” Ha e le hantle ho songoa ke tsela e ’ngoe ea khatello ea lithaka. U ka sebetsana le boemo boo joang? Ka ho etsa e ’ngoe ea lintho tse boletsoeng ka tlaase mona.

  • U ka lumellana le tsona. (“Ehlile kea tšaba!” Ebe u hlalosa hore na ke hobane’ng.)

  • Le uena u ka li beha tlas’a khatello. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha u hana ’me u thuse lithaka tsa hao hore li nahane. (“Na kannete lea tsuba? Ke ne ke nahana hore le bohlale!”)

Ha lithaka tsa hao li tsoela pele ho u soma, itsamaele! Hopola hore ha u sa tsamaee, li tla u soma le ho feta. Ha u itsamaela, u bontša hore ha u batle ho qobelloa ho etsa lintho tseo u sa li batleng.

U ke ke ua balehela khatello ea lithaka. Empa u ka etsa qeto ea seo u batlang ho se etsa. Qetellong ke uena ea tla iketsetsa qeto!—Joshua 24:15.