Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

POTSO YA 6

Nka Hlola Kgatello ya Dithaka Jwang?

Nka Hlola Kgatello ya Dithaka Jwang?

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA?

Haeba o tseba se nepahetseng, o ke ke wa dumella hore batho ba bang ba o etsetse diqeto.

O NE O TLA ETSANG?

Nahana ka sena: Brian o tshohile ha a bona bana ba babedi bao a kenang sekolo le bona ba tla ho yena. Ba ne ba lekile ho mo qobella hore a tsube ka makgetlo a mabedi bekeng eo. Hona jwale e tla be e le lekgetlo la boraro.

Moshanyana wa pele o re:

“O ntso tsamaya o le mong le kajeno? Tshwara mona moshana.”

O tsipela Brian leihlo ebe o kenya letsoho ka pokothong.

Ha a ntsha letsoho, Brian o bona sikarete. Brian o tshoha le ho feta.

Brian o re: “Ke le boleletse hore ha ke . . . ”

Moshanyana wa bobedi o mo kena hanong: “Tlohela ho ba lekwala tjena!”

Brian o iteta sebete o re: “Ha ke lekwala!”

Moshanyana wa bobedi o tshwara Brian lehetleng. O buela fatshe o re: “Nka hle monna.”

Moshanyana wa pele o atametsa sakerete sefahlehong sa Brian mme wa hweshetsa o re: “Re ke ke ra bolella motho. Ha ho na motho ya tla tseba.”

Haeba e ne e le wena, o ne o tla etsang?

NAHANISISA HANTLE!

Na bashanyana bao ba batlang hore Brian a tsube ba nahanne ka seo ba se etsang? Na ke ntho eo ba neng ba hlile ba batla ho e etsa? E ka nna yaba ha ho jwalo. Ho ka etsahala hore ba mpa fela ba etsisa ba bang. Ba etsa dintho hobane ba batla ho ba kgahlisa.

Haeba o ne o le boemong bo tshwanang le ba Brian, o ne o tla hlola kgatello ya dithaka jwang?

  1. NAHANA KA SE KA ETSAHALANG

    Bibele e re: “Ya masene ke ya boneng tlokotsi mme a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele mme ba tla fumana kotlo.”—Liproverbia 22:3.

    Hangata re kgona ho bona kotsi esale hole. Ka mohlala, ha re re o bona bana bao o kenang sekolo le bona ba tsuba ba le holenyana. O ka hla wa rera esale pele hore na o tla etsang ha ba ka re o tsube.

  2. NAHANA

    Bibele e re: “Ebang le letswalo le molemo.”—1 Petrose 3:16.

    Ipotse, ‘Ke tla ikutlwa jwang hamorao haeba ke dumela ho etsa dintho tseo bana ba bang ba nqobellang hore ke di etse?’ Ke nnete hore o ka nna wa batla ho kgahlisa dithaka tsa hao. Empa o tla ikutlwa jwang hamorao? Na o tla tlohela ho etsa se nepahetseng hobane feela o batla ho kgahlisa bana bao o kenang sekolo le bona?—Exoda 23:2.

  3. ETSA QETO

    Bibele e re: “Ya bohlale o wa tshaba mme o furalla bobe.”—Liproverbia 14:16.

    Kaofela ha rona re lokela ho iketsetsa diqeto. Bibele e bua ka batho ba kang Josefa, Jobo le Jesu, ba ileng ba etsa diqeto tse nepahetseng. E boetse e bua ka Kaine, Esau le Judase, ba ileng ba etsa diqeto tse fosahetseng. O ne o tla etsang?

Bibele e re: “O sebetse ka botshepehi.” (Pesaleme ya 37:3) Haeba o se o nahanne ka hore na ho tla etsahalang haeba o etsa qeto e itseng, ho hlola kgatello ya dithaka ho ka ba bonolo.

Ha ho hlokahale hore o bolelle dithaka tsa hao hore na ke hobaneng ha o hana ho etsa ntho e itseng. O ka re feela ha o batle. Kapa o ka nna wa re:

  • “Nna le se ke la nkenya moo!”

  • “Ha ke etse dintho tse jwalo!”

  • “Le tseba hantle hore ha ke motho wa ntho tseo!”

Ntho e tla o thusa ke hore o arabe kapele le ka kgodiseho. Haeba o etsa jwalo, dithaka tsa hao di ka nna tsa o tlohela!

O KA ETSANG HA BANA BA BANG BA TSHEHISA KA WENA?

Haeba o dumella dithaka tsa hao hore di o hatelle, di tla o laola jwaloka roboto

O ka etsang ha dithaka tsa hao di tshehisa ka wena? Mohlomong di re, “Keng na, o lekwala?” Dithaka tsa hao di ka o hatella ka ho tshehisa ka wena. O ka etsang ha ba etsa jwalo? O ka nna wa etsa e nngwe ya dintho tsena tse latelang.

  • O ka dumellana le tsona. (“Ehlile ke a tshaba!” Ebe o hlalosa hore na ke hobaneng.)

  • Le wena o ka di beha tlasa kgatello. Hlalosa hore na ke hobaneng ha o hana mme o thuse dithaka tsa hao hore di nahane. (“Na kannete le a tsuba? Ke ne ke nahana hore le bohlale!”)

Ha dithaka tsa hao di tswela pele ho tshehisa ka wena, itsamaele! Hopola hore ha o sa tsamaye, di tla tshehisa ka wena le ho feta. Ha o itsamaela, o bontsha hore ha o batle ho qobellwa ho etsa dintho tseo o sa di batleng.

O ke ke wa balehela kgatello ya dithaka. O ka etsa qeto ya hore na ke dintho dife tseo o sa batleng ho di etsa mme o se ke wa dumella leha e le mang hore a o qobelle hore o di etse.—Joshua 24:15.