Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

POTSO EA 8

Ke’ng eo ke Lokelang ho e Tseba ka ho Hlekefetsoa ka Thobalano?

Ke’ng eo ke Lokelang ho e Tseba ka ho Hlekefetsoa ka Thobalano?

KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA?

Selemo le selemo, batho ba limilione baa betoa kapa ba hlekefetsoa ka tsela e itseng ka thobalano, haholo-holo bacha.

U NE U TLA ETSA’NG?

Motho ea ileng a hlasela Annette, o ile a mo lahlela fatše pele a ka hlokomela hore na ho etsahala’ng. Annette o re: “Ke ile ka leka sohle seo nka se khonang ho mo loantša. Ka leka ho hoeletsa, empa lentsoe la hana ho tsoa. Ke ile ka mo sutumetsa, ka mo raha, ka mo otla ka lifeisi ka ba ka mo ngoapa. Eaba ke utloa a se a ntlhaba ka thipa. Ke ile ka felloa ke matla.”

Haeba u ne u le boemong boo, u ne u tla etsa’ng?

NAHANISISA HANTLE!

Le hoja u ka itokisetsa boemo bona, mohlomong ka hore u be hlokolosi ha u tsamaea bosiu, bo ntse bo ka u etsahalla. Bibele e re: “Ba lebelo ha ba hlōle peisong, . . . kapa hore esita le ba nang le tsebo ba fumana kamohelo; hobane bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.”—Moeklesia 9:11.

Bacha ba kang Annette, ba ile ba hlekefetsoa ke batho bao ba sa ba tsebeng. Ba bang ba hlekefetsoa ke batho bao ba ba tloaetseng, kapa setho sa lelapa. Ha Natalie a le lilemo li leshome, o ile a hlekefetsoa ka thobalano ke mocha e mong ea neng a lula pel’a habo. Natalie o re: “Ke ne ke tšohile ke bile ke soabile hoo qalong ke sa kang ka bolella motho leha e le ofe taba ena.

HASE MOLATO OA HAO

Annette o ntse a ikutloa a le molato ka se ileng sa mo etsahalla. O re, “Ke lula ke nahana ka se ileng sa etsahala bosiung boo. Ke lakatsa eka nka be ke ile ka loana haholoanyane ho feta kamoo ke entseng kateng. Taba ke hore ke ile ka tšoha haholo ka mor’a hore a ntlhabe ka thipa. Ke ne ke se ke sa khone ho etsa letho, empa ke lakatsa eka nkabe ke ile ka etsa ho fetang hoo.”

Natalie le eena o ikutloa a le molato. O re: “Ekare nka be ke ile ka ba seli haholoanyane. Batsoali ba ka ba ne ba behile molao oa hore haeba ke sa bapale le ausi oa ka, ke se ke ka bapalla ka ntle, empa ha kea ka ka mamela. Kahoo, ke utloa eka ke file moahisani oa rōna monyetla oa hore a ntlhasele. Sena se amme ba lelapa leso haholo, ’me ke ikutloa ke le molato ka ho ba utloisa bohloko hakaalo. Ntho ena e nkutloisa bohloko haholo.”

Haeba u ikutloa joaloka Annette kapa Natalie, lula u hopola hore u qobeletsoe, ha ua kopanela ketsong eo ka ho rata. Batho ba bang ba bebofatsa taba ena ka hore ba re ke ntho e tloaelehileng hore bashanyana ba etse joalo, kapa ba re ke molato oa banana bao hore ebe ba betiloe. Empa ha ho motho ea lokelang ho betoa. Haeba u kile ua hlaheloa ke ketsahalo eo e bohloko, hase molato oa hao!

Ke ’nete hore ho bonolo ho bala mantsoe a reng “hase molato oa hao,” empa ho ka ’na ha e-ba thata ho a lumela. Batho ba bang ha ba ntše maikutlo a bona ka se ba etsahaletseng, ebe ba lula ba nyahame ka lebaka la ho inka ba le molato. Empa ha u thōla, seo se tsoela mang molemo—uena kapa motho ea u hlekefelitseng? E ka ba hantle hore u bue ka taba eo.

BUA KA SE U HLAHETSENG

Bibele e re ha monna ea lokileng Jobo a ne a aparetsoe ke mathata, o ile a re: “Ke tla bua ka moea o utloileng bohloko!” (Jobo 10:1) U ka rua molemo ha u etsa se tšoanang. Ha u bolella motsoalle eo u mo tšepang se u etsahaletseng, seo se ka u thusa hore ha nako e ntse e ea u amohele se etsahetseng ’me u imolohe.

U ka ’na ua imeloa haholo maikutlong ka mor’a hore u hlekefetsoe, kahoo, e ka ba hantle hore u kōpe thuso

Annette o ile a hlokomela hore seo ke ’nete. O re: “Ke ile ka buisana le motsoalle e mong oa ka ea haufi, ’me a nkhothalletsa hore ke buisane le baholo ba ’maloa ba phuthehong ea heso. Kea thaba hore ebe ke ile ka etsa seo. Ba ile ba buisana le ’na ka makhetlo a ’maloa ’me ba mpolella seo ke neng ke hloka ho se utloa, e leng hore se etsahetseng hase molato oa ka. Ho hang e ne e se molato oa ka.”

Natalie o ile a bolella batsoali ba hae hore o hlekefelitsoe. O re, “Ba ile ba ntšehetsa. Ba nkhothalletsa hore ke bue ka taba eo, ’me seo se ile sa nthusa hore ke se ke ka koalla bohloko ka hare.”

Natalie o ile a boela a tšelisoa ke ho rapela. O re: “Ho bua le Molimo ho ile ha nthusa, haholo-holo linakong tseo ke neng ke thatafalloa ho bua le motho leha e le ofe ka taba ena. Ha ke rapela, ke bua ke lokolohile. Seo se etsa hore maikutlo a ka a kokobele ’me ke be le khotso.”

Le uena u tla fumana ‘nako ea ho fola.’ (Moeklesia 3:3) Itlhokomele. Phomola ka ho lekaneng. Ka holimo ho tsohle, itšetlehe ka Jehova, Molimo oa matšeliso ’ohle.—2 Bakorinthe 1:3, 4.

HAEBA U SE U LOKETSE HO RATANA

Haeba u ngoanana ’me motho e mong o u qobella hore u etse boitšoaro bo litšila, ha ho phoso hore u hane u tiile u re, “U se ke ua etsa ntho eo!” kapa, “Tlosa matsoho a hao ho ’na!” U se ke ua tšaba ho hana hobane u nahana hore mohlankana oa hao o tla u lahla. Haeba a u lahla hobane u hana ho robala le eena, ha a u rate! U tla fumana mohlankana oa sebele, ea tšabang Molimo le ea tla hlompha ’mele oa hao.

LIPOTSO TSE MABAPI LE HO HLEKEFETSOA

“Ha ke le sekolong sa sekondari, bashemane ba ne ba hula bothisi ea ka ka morao, ’me ba bua lintho tse ntlotlollang, tse kang hore ke tla natefeloa ha nka robala le bona.”—Coretta.

U nahana hore bashemane bao ba ne ba etsa’ng?

  1. Ba mo bapalisa?

  2. Ba batla ho ratana le eena?

  3. Ba mo hlekefetsa?

“Ka le leng ha ke le ka beseng, moshemane e mong o ile a qala ho mpuela lintho tse litšila, eaba oa ntšoara. Ke ile ka otla letsoho la hae ’me ka le tlosa ho ’na ka ba ka mo joetsa hore a tlohe pel’a ka. O ile a ncheba joalokaha eka kea hlanya.”—Candice.

U nahana hore moshemane eo o ne a etsa’ng Candice?

  1. A mo bapalisa?

  2. A batla ho ratana le eena?

  3. A mo hlekefetsa?

“Selemong se fetileng, moshemane e mong o ne a lula a mpolella hore o batla ho ratana le ’na empa ke lula ke hana. Ka linako tse ling o ne a pholla letsoho la ka. Ke ile ka mo bolella hore a khaotse ho etsa joalo empa ha aa ka a khaotsa. Joale, eitse ha ke iname ke fasa seeta, a nkotla marao.”—Bethany.

Ho latela maikutlo a hao, moshemane eo o ne a etsa’ng?:

  1. A mo bapalisa?

  2. A batla ho ratana le eena?

  3. A mo hlekefetsa?

Karabo e nepahetseng lipotsong tseo tse tharo ke C.

Ke’ng e etsang hore ho hlekefetsa ho fapane le ho batla ho ratana le motho e mong kapa ho mo bapalisa?

Ha motho a hlekefetsa ba bang, ho khotsofala eena feela. O tsoela pele leha u mo joetsa hore a emise.

Motho ea hlekefetsang ba bang a ka qetella a betile.