Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

POTSO YA 8

Keng Seo ke Lokelang ho se Tseba ka ho Hlekefetswa ka Thobalano?

Keng Seo ke Lokelang ho se Tseba ka ho Hlekefetswa ka Thobalano?

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA?

Selemo le selemo, batho ba dimilione ba a betwa kapa ba hlekefetswa ka tsela e itseng ka thobalano, haholoholo batjha.

O NE O TLA ETSANG?

Motho ya ileng a hlasela Annette, o ile a mo lahlela fatshe pele Annete a ka hlokomela hore na ho etsahalang. Annette o re: “Ke ile ka leka sohle seo nka se kgonang ho mo lwantsha. Ka leka ho hweletsa, empa lentswe la hana ho tswa. Ke ile ka mo sutumetsa, ka mo raha, ka mo otla ka difeisi ka ba ka mo ngwapa. Yaba ke utlwa a se a ntlhaba ka thipa. Ke ile ka fellwa ke matla.”

Haeba o ne o le boemong boo, o ne o tla etsang?

NAHANISISA HANTLE!

Le hoja o ka itokisetsa boemo bona, mohlomong ka hore o be hlokolosi ha o tsamaya bosiu, bo ntse bo ka o etsahalla. Bibele e re: “Ba lebelo ha ba hlole peisong, . . . kapa hore esita le ba nang le tsebo ba fumana kamohelo; hobane bohle ba hlahelwa ke nako le ketsahalo e sa lebellwang.”—Moeklesia 9:11.

Batjha ba kang Annette, ba ile ba hlekefetswa ke batho bao ba sa ba tsebeng. Ba bang ba hlekefetswa ke batho bao ba ba tlwaetseng, kapa e mong wa lelapa. Ha Natalie a le dilemo di leshome, o ile a hlekefetswa ka thobalano ke motjha e mong ya neng a dula pela habo. Natalie o re: “Ke ne ke tshohile ke bile ke swabile hoo qalong ke sa kang ka bolella motho le ha e le ofe taba ena.”

HA SE MOLATO WA HAO

Annette o ntse a ikutlwa a le molato ka se ileng sa mo etsahalla. O re, “Ke dula ke nahana ka se ileng sa etsahala bosiung boo. Ke lakatsa eka nka be ke ile ka lwana haholwanyane ho feta ka moo ke entseng kateng. Taba ke hore ke ile ka tshoha haholo ka mora hore a ntlhabe ka thipa. Ke ne ke se ke sa kgone ho etsa letho, empa ke lakatsa eka nkabe ke ile ka etsa ho fetang hoo.”

Natalie le yena o ikutlwa a le molato. O re: “Ekare nka be ke ile ka ba sedi haholwanyane. Batswadi ba ka ba ne ba behile molao wa hore haeba ke sa bapale le ausi wa ka, ke se ke ka bapalla ka ntle, empa ha ke a ka ka mamela. Ka hoo, ke utlwa eka ke file moahisani wa rona monyetla wa hore a ntlhasele. Sena se amme ba lelapa leso haholo, mme ke ikutlwa ke le molato ka ho ba utlwisa bohloko hakaalo. Ntho ena e nkutlwisa bohloko haholo.”

Haeba o ikutlwa jwaloka Annette kapa Natalie, dula o hopola hore o qobeletswe, ha o wa kopanela ketsong eo ka ho rata. Batho ba bang ba bebofatsa taba ena ka hore ba re ke ntho e tlwaelehileng hore bashanyana ba etse jwalo, kapa ba re ke molato wa banana bao hore ebe ba betilwe. Empa ha ho motho ya lokelang ho betwa. Haeba o kile wa hlahelwa ke ketsahalo eo e bohloko, hase molato wa hao!

Ke nnete hore ho bonolo ho bala mantswe a reng “ha se molato wa hao,” empa ho ka nna ha e ba thata ho a dumela. Batho ba bang ha ba ntshe maikutlo a bona ka se ba etsahalletseng, ebe ba dula ba nyahame ka lebaka la ho inka ba le molato. Empa ha o thola, seo se tswela mang molemo—wena kapa motho ya o hlekefeditseng? E ka ba hantle hore o bue ka taba eo.

BUA KA SE O HLAHETSENG

Bibele e re ha monna ya lokileng Jobo a ne a aparetswe ke mathata, o ile a re: “Ke tla bua ka moya o utlwileng bohloko!” (Jobo 10:1) O ka rua molemo ha o etsa se tshwanang. Ha o bolella motswalle eo o mo tshepang se o etsahaletseng, seo se ka o thusa hore ha nako e ntse e ya o amohele se etsahetseng mme o imolohe.

O ka nna wa imelwa haholo maikutlong ka mora hore o hlekefetswe, ka hoo, e ka ba hantle hore o kope thuso

Annette o ile a hlokomela hore seo ke nnete. O re: “Ke ile ka buisana le motswalle e mong wa ka ya haufi, mme a nkgothalletsa hore ke buisane le baholo ba mmalwa ba phuthehong ya heso. Ke a thaba hore ebe ke ile ka etsa seo. Ba ile ba buisana le nna ka makgetlo a mmalwa mme ba mpolella seo ke neng ke hloka ho se utlwa, e leng hore se etsahetseng ha se molato wa ka. Ho hang e ne e se molato wa ka.”

Natalie o ile a bolella batswadi ba hae hore o hlekefeditswe. O re, “Ba ile ba ntshehetsa. Ba nkgothalletsa hore ke bue ka taba eo, mme seo se ile sa nthusa hore ke se ke ka kwalla bohloko ka hare.”

Natalie o ile a boela a tshediswa ke ho rapela. O re: “Ho bua le Modimo ho ile ha nthusa, haholoholo dinakong tseo ke neng ke thatafallwa ho bua le motho leha e le ofe ka taba ena. Ha ke rapela, ke bua ke lokolohile. Seo se etsa hore maikutlo a ka a kokobele mme ke be le kgotso.”

Le wena o tla fumana ‘nako ya ho fola.’ (Moeklesia 3:3) Itlhokomele. Phomola ka ho lekaneng. Ka hodimo ho tsohle, itshetlehe ka Jehova, Modimo wa matshediso ohle.—2 Bakorinthe 1:3, 4.

HAEBA O SE O LOKETSE HO RATANA

Haeba o ngwanana mme motho e mong o o qobella hore o etse boitshwaro bo ditshila, ha ho phoso hore o hane o tiile o re, “O se ke wa etsa ntho eo!” kapa, “Tlosa matsoho a hao ho nna!” O se ke wa tshaba ho hana hobane o nahana hore mohlankana wa hao o tla o lahla. Haeba a o lahla hobane o hana ho robala le yena, ha a o rate! O tla fumana mohlankana wa sebele, ya tshabang Modimo le ya tla hlompha mmele wa hao.

DIPOTSO TSE MABAPI LE HO HLEKEFETSWA

“Ha ke le sekolong sa sekondari, bashemane ba ne ba hula botisi ya ka ka morao, mme ba bua dintho tse ntlontlollang. Ba ne ba re ke tla natefelwa ha nka robala le bona.”—Coretta.

O nahana hore bashemane bao ba ne ba etsang?

  1. Ba mo bapadisa?

  2. Ba batla ho ratana le yena?

  3. Ba mo hlekefetsa?

“Ka le leng ha ke le ka beseng, moshemane e mong o ile a qala ho bua dintho tse ditshila ho nna, yaba o wa ntshwara. Ke ile ka otla letsoho la hae mme ka le tlosa ho nna ka ba ka mo jwetsa hore a tlohe pela ka. O ile a ntjheba jwalokaha eka kea hlanya.”—Candice.

O nahana hore moshemane eo o ne a etsang ho Candice?

  1. A mo bapadisa?

  2. A batla ho ratana le yena?

  3. A mo hlekefetsa?

“Selemong se fetileng, moshemane e mong o ne a dula a mpolella hore o batla ho ratana le nna empa ke dula ke hana. Ka dinako tse ding o ne a pholla letsoho la ka. Ke ile ka mo bolella hore a kgaotse ho etsa jwalo empa ha aa ka a kgaotsa. Jwale, eitse ha ke iname ke fasa seeta, a nkotla marao.”—Bethany.

Ho latela maikutlo a hao, moshemane eo o ne a etsang?:

  1. A mo bapadisa?

  2. A batla ho ratana le yena?

  3. A mo hlekefetsa?

Karabo e nepahetseng dipotsong tseo tse tharo ke C.

Keng e etsang hore ho hlekefetsa ho fapane le ho batla ho ratana le motho e mong kapa ho mo bapadisa?

Ha motho a hlekefetsa ba bang, ho kgotsofala yena feela. O tswelapele leha motho a mo jwetsa hore a emise.

Motho ya hlekefetsang ba bang a ka qetella a betile.