Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

POTSO EA 10

Bibele e ka Nthusa Joang?

Bibele e ka Nthusa Joang?

KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA?

Bibele e re “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16) Haeba sena ke ’nete, Bibele e ka u tataisa ka tsela e nepahetseng.

U NE U TLA ETSA’NG?

Nahana ka sena: David o khanna koloi sebakeng seo a sa se tsebeng. Matšoao a literata le lintho tse ling tseo a li bonang li bontša hore o sebakeng se fosahetseng. David o hlokomela hore o lahlehile. Mohlomong o ile a tjeka moo a neng a sa lokela ho tjeka teng.

Haeba e ne e le uena, u ne u tla etsa’ng?

NAHANISISA HANTLE!

U ka khetha ho etsa e ’ngoe ea lintho tsena:

  1. U ka botsa batho tsela.

  2. U ka sheba ’mapa kapa ua sebelisa GPS.

  3. U ka tsoela pele, u tšepile hore u tla fumana tsela ea moo u eang.

Ho hlakile hore ho tsoela pele u khanna ho ne ho ke ke ha u tsoela molemo.

Ho sheba ’mapa kapa ho sebelisa GPS ho molemo ho feta ho botsa batho. Lebaka ke hore u tla lula u e-na le ’mapa le GPS ha u ntse u tsamaea, ’me li tla u thusa hore u fihle moo u eang.

Bibele e ka u thusa ka tsela e tšoanang!

Buka ena e rekoang ka ho fetisisa e ka

  • u thusa ha u e-na le mathata

  • u thusa hore u itsebe le ho ntlafatsa botho ba hao

  • u thusa hore u phele bophelo bo khotsofatsang

LIKARABO TSA LIPOTSO TSA BOHLOKOA BOPHELONG

Re botsa lipotso ho tloha feela ha re qala ho bua.

  • Ke hobane’ng ha leholimo le le leputsoa?

  • Linaleli li entsoe ka eng?

Ha nako e ntse e ea, re botsa lipotso ka lintho tse etsahalang lefatšeng.

Na u ne u tseba hore haesale likarabo tsa lipotso tseo li le teng ka Bibeleng?

Batho ba bangata ba re Bibele e tletse litšōmo, e siiloe ke nako kapa ho thata ho e utloisisa. Empa na Bibele ke eona e nang le bothata kapa bothata bo ho seo batho ba se utloileng ka eona? Na ho ka etsahala hore ebe ba boleletsoe mashano?

Ka mohlala, batho ba nahana hore Bibele e re Molimo ke eena ea laolang lefatše. Empa na seo ke ’nete? Lefatše lena le tsoile taolong! Le tletse bohloko le mahlomola, ho kula le lefu, bofutsana le likoluoa. Ke joang Molimo ea lerato a ka bakang lintho tsee tsohle?

Na u ka rata ho fumana karabo? U ka ’na ua makala ha u utloa hore na Bibele e re ke mang ea laolang lefatše!

Mohlomong u hlokometse hore keletso eo bukana ena e fanang ka eona e thehiloe Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li kholisehile hore Bibele ke eona e fanang ka tataiso eo re ka e tšepang. Lebaka ke hobane ‘e bululetsoe ke Molimo ’me e molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho.’ (2 Timothea 3:16, 17) E ka ba hantle hore u hlahlobisise buka ena eo le hoja e ngotsoe khale, molaetsa oa eona o ntseng o le nakong!