Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 1

Modimo o Entse Lehodimo le Lefatshe

Modimo o Entse Lehodimo le Lefatshe

Jehova Modimo ke Yena Mmopi wa rona. O entse dintho tsohle, tse ding rea di bona empa tse ding ha re di bone. Pele a etsa dintho tseo re di bonang, o ile a etsa mangeloi a mangata. Na o a tseba hore mangeloi ke bomang? Mangeloi ke bahlanka ba Jehova mme ba tshwana le Yena. Re ke ke ra a bona, feela jwalo kaha re ke ke ra bona Modimo. Lengeloi la pele leo Jehova a le entseng le ne le tlo mo thusa. Lengeloi leo le ile la thusa Jehova ho etsa dinaledi, dipolanete le dintho tse ding kaofela. E nngwe ya dipolanete tseo ke lefatshe lena la rona le letle.

Jwale Jehova o ile a etsa hore batho le diphoofolo ba dule lefatsheng. O ile a etsa hore kganya ya letsatsi e tjhabele lefatshe. O ile a etsa le dithaba, mawatle le dinoka.

Jehova o ile a etsang ka mora moo? O ile a re: ‘Ke tlo etsa bojwang le dimela le difate.’ Yaba ho hlaha mefutafuta ya ditholwana, meroho le dipalesa. Jwale Jehova a etsa diphoofolo tsohle—diphoofolo tse fofang, tse phelang metsing le tse tsamayang fatshe. O ile a etsa tse nyenyane jwaloka mmutlanyana le tse kholo jwaloka tlou. Wena o rata phoofolo efe?

Jwale Jehova o ile a re ho lengeloi la pele: “A re etse motho.” Ba ile ba etsa hore batho ba se ke ba tshwana le diphoofolo. Batho ba ne ba tla tseba ho qapa dintho. Ba ne ba tla tseba ho bua, ho tsheha le ho rapela. Ba ne ba lokela ho hlokomela lefatshe le diphoofolo. Na o tseba lebitso la motho wa pele? A re bone.

“Tshimolohong Modimo o ile a bopa mahodimo le lefatshe.”—Genese 1:1