Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 2

Molimo o Bopile Monna oa Pele le Mosali oa Pele

Molimo o Bopile Monna oa Pele le Mosali oa Pele

Jehova o ile a lema serapa sebakeng se bitsoang Edene. Serapa seo se ne se e-na le lipalesa, lifate le liphoofolo. Ka mor’a moo, Molimo o ile a etsa motho oa pele, e leng Adama, ka lerole eaba o bululela moea linkong tsa hae. Na oa tseba hore na ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Motho o ile a phela. Jehova o ile a re Adama a hlokomele serapa sa Edene ’me a rehe liphoofolo kaofela mabitso.

Jehova o ile a fa Adama molao oa bohlokoa, a re ho eena: ‘U ka ja litholoana tsa lifate kaofela empa u se ke oa ja tsa sefate sa tsebo ea botle le bobe. Ha u ka ja tholoana ea sefate seo, u tla shoa.’

Hamorao Jehova o ile a re: ‘Ke tla etsetsa Adama mothusi.’ Eaba o robatsa Adama ’me o nka khopo ea hae o mo etsetsa mosali ka eona. Lebitso la mosali oa hae e ne e le Eva. Adama le Eva ke bona batho ba pele. Adama o ile a ikutloa joang ha a bona mosali oa hae? O ile a thaba haholo ’me a re: ‘Bona hore na Jehova o entse’ng ka khopo ea ka! Enoa ke motho joaloka ’na!’

Jehova o ile a bolella Adama le Eva hore ba be le bana ’me ba tlale lefatšeng. O ne a batla hore ba sebetse ba thabile ha ba ntse ba etsa hore lefatše e be paradeise, hape e be serapa se setle se tšoanang le sa Edene. Empa seo ha sea ka sa etsahala. Hobane’ng? Re tla tseba lebaka khaolong e latelang.

“Ea ba bopileng tšimolohong o ba entse e le e motona le e motšehali.”—Matheu 19:4