Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 2

Modimo o Bopile Monna wa Pele le Mosadi wa Pele

Modimo o Bopile Monna wa Pele le Mosadi wa Pele

Jehova o ile a lema serapa sebakeng se bitswang Edene. Serapa seo se ne se e na le dipalesa, difate le diphoofolo. Ka mora moo Modimo o ile a etsa motho wa pele Adama ka lerole yaba o budulela moya dinkong tsa hae. Na o a tseba hore ho ile ha etsahalang? Motho o ile a phela! Jehova o ile a re Adama a hlokomele serapa sa Edene, hape a re a rehe diphoofolo kaofela mabitso.

Jehova o ile a fa Adama molao wa bohlokwa. O ile a re ho Adama: ‘O ka ja ditholwana tsa difate kaofela empa o se ke wa ja ditholwana tsa sefate se le seng se kgethehileng. Ha o ka ja ditholwana tsa sefate seo, o tla shwa.’

Hamorao Jehova o ile a re: ‘Ke tlo etsetsa Adama mothusi.’ O ile a etsa hore Adama a robale, a nka kgopo ya hae yaba o mo bopela mosadi ka yona. Lebitso la hae e ne e le Eva. Adama le Eva ke bona batho ba pele. Adama o ile a ikutlwa jwang ha a bona mosadi wa hae? Adama o ile a thaba haholo a ba a re: ‘Bona hore Jehova o entseng ka kgopo ya ka! Qetellong motho ya tshwanang le nna ke enwa!’

Jehova o ile a bolella Adama le Eva hore ba be le bana e le hore batho ba be bangata lefatsheng. O ne a batla hore ba sebetse ba thabile ha ba ntse ba etsa hore lefatshe e be paradeise, hape e be serapa se setle se tshwanang le sa Edene. Empa seo ha sea ka sa etsahala. Hobaneng? Re tla tseba lebaka kgaolong e latelang.

“Ya ba bopileng tshimolohong o ba entse e le e motona le e motshehadi.”​—Matheu 19:4