Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 3

Adama le Eva ha Baa ka ba Mamela Molimo

Adama le Eva ha Baa ka ba Mamela Molimo

Ka letsatsi le leng ha Eva a setse a le mong, noha e ile ea bua le eena. E ile ea re: ‘Na ke ’nete hore Molimo o itse le se ke la ja litholoana tsa lifate kaofela?’ Eva a re: ‘O itse re ka ja litholoana tsa lifate kaofela, empa re se ke ra ja tsa sefate sa tsebo ea botle le bobe. Ha re ka ja tholoana ea sefate seo re tla shoa.’ Eaba noha e ile ea re: ‘Le ke ke la shoa. Ha le ka e ja, le tla tšoana le Molimo.’ Na e ne e bua ’nete? Che, e ne e bua leshano. Empa Eva o ile a e kholoa. Ha a ntse a sheba litholoana tsa sefate seo, o ile a li lakatsa le ho feta. Kahoo, a kha tholoana a e ja ’me a e fa Adama. Adama o ne a tseba hore ba tla shoa haeba ba sa mamele Molimo. Leha ho le joalo, o ile a e ja.

Hamorao letsatsing lona leo, Jehova o ile a bua le Adama le Eva. O ile a ba botsa hore na ke hobane’ng ha ba jele tholoana eo. Eva o ile a re ke noha e itseng a e je ’me Adama a re ke Eva ea itseng a e je. Jehova o ile a ba leleka serapeng seo hobane ba ne ba sa mo mamela. O ile a beha mangeloi le sabole e tukang ho ba thibela ho kena serapeng seo.

Jehova o ile a re o tla otla noha e thetsitseng Eva. Ha e le hantle, e ne e se noha e buang le Eva. Jehova o ne a sa bopa linoha tse tsebang ho bua. Ke lengeloi le khopo le ileng la etsa hore noha e bue. Le ne le batla ho qhekella Eva. Lengeloi leo ke Satane Diabolose. Nakong e tlang, Jehova o tla felisa Satane e le hore a se ke a hlola a qhekella batho.

“Diabolose . . . e ne e le ’molai ha a qala, ’me ha aa ka a ema a tiile ’neteng, hobane ’nete ha e eo ho eena.”—Johanne 8:44