Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 3

Adama le Eva ha Baa ka ba Mamela Modimo

Adama le Eva ha Baa ka ba Mamela Modimo

Ka tsatsi le leng ha Eva a setse a le mong, noha e ile ya bua le yena. E ile ya re: ‘Na ke nnete hore Modimo o itse le se ke la ja difate kaofela?’ Eva o ile a re: ‘Re ka ja ditholwana tsa difate kaofela empa re se ke ra ja tsa sefate se le seng feela. Ha re ka ja ditholwana tsa sefate seo re tla shwa.’ Noha e ile ya re: ‘Le ke ke la shwa. Ha le ka di ja, le tla tshwana le Modimo.’ Na e ne e bua nnete? Tjhe, e ne e bua leshano. Empa Eva o ile a e kgolwa. Ha a ntse a sheba ditholwana tsa sefate seo, o ile a di lakatsa le ho feta. O ile a ja tholwana eo, yaba o fa Adama e nngwe. Adama o ne a tseba hore ba tla shwa haeba ba sa mamele Modimo. Empa o ile a e ja.

Ha morao letsatsing lona leo, Jehova o ile a bua le Adama le Eva. O ile a ba botsa hore na ke hobaneng ha ba jele tholwana eo. Eva o ile a re ke noha e itseng a je, le Adama a re ke Eva ya itseng a je. Jehova o ile a leleka Adama le Eva serapeng seo hobane ha baa ka ba mo mamela. O ile a beha mangeloi le sabole e tukang e le hore ba se ke ba kgutlela serapeng.

Jehova o ile a re o tla otla le motho ya thetsitseng Eva. Ha e le hantle e ne e se noha e buang le Eva. Jehova ha aa bopa dinoha tse tsebang ho bua. E ne e le lengeloi le kgopo le ileng la etsa hore noha e bue. Le ne le batla ho qhekella Eva. Lengeloi leo ke Satane Diabolose. Nakong e tlang, Jehova o tla fedisa Satane e le hore a se ke a hlola a qhekella batho.

“Diabolose . . . e ne e le mmolai ha a qala, mme ha aa ka a ema a tiile nneteng, hobane nnete ha e eo ho yena.”—Johanne 8:44