Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 5

Areka ea Noe

Areka ea Noe

Ha nako e ntse e ea, batho ba ile ba ata lefatšeng. Ba bangata ba bona ba ne ba etsa lintho tse mpe. Le mangeloi a mang a ile a etsa lintho tse mpe. A ile a tloha leholimong moo a lulang teng, eaba a tla lefatšeng. Na oa tseba hore na ke hobane’ng ha a ile a tloha leholimong? E le hore a iphetole batho ’me a nyale basali.

Mangeloi ao a ile a nyala ’me a ba le bana. Bana bao ha ba hola e ile ea e-ba linatla. Ba ne ba otla batho. Jehova o ne a sa batle hore boemo bona bo tsoele pele. Kahoo, a etsa qeto ea ho felisa batho ba khopo ka moroallo.

Empa ho ne ho e-na le monna e mong ea lokileng. O ne a rata Jehova. Lebitso la hae e ne e le Noe. O ne a e-na le mosali le bara ba bararo e leng Sema, Kama le Jafeta, ’me bara ba hae ba ne ba e-na le basali. Jehova o ile a re Noe a hahe areka e le hore eena le ba lelapa la hae ba pholohe Moroallo. Areka ke lebokose le leholo le phaphamalang ka holim’a metsi. Jehova o ile a re Noe a kenye le liphoofolo tse ngata ka arekeng e le hore le tsona li pholohe Moroallo.

Noe o ile a qala ho haha areka hang-hang. Noe le ba lelapa la hae ba nkile lilemo tse ka bang 50 ba ntse ba e haha. Ba ile ba e haha hantle feela joalokaha Jehova a ba laetse. Ka nako eo, Noe o ne a ntse a bolella batho hore Moroallo oa tla. Empa ha baa ka ba mo mamela.

Nako ea ho kena arekeng e ile ea fihla. Khaolong e latelang, re tl’o utloa hore na ho ile ha etsahala’ng.

“Feela kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo.”—Matheu 24:37