Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 6

Batho ba Robedi ba a Pholoha

Batho ba Robedi ba a Pholoha

Noe, lelapa la hae le diphoofolo ba ile ba kena ka arekeng. Jehova a kwala mamati. Yaba pula e qala ho na. Ya na haholo hoo areka e ileng ya qala ho phaphamala ka hodima metsi. Qetellong lefatshe kaofela le ile la kwahelwa ke metsi. Batho ba babe kaofela ba ile ba shwa. Empa Noe le lelapa la hae ba ne ba bolokehile ka hara areka. Ba ne ba thabile haholo hore e be ba ile ba mamela Jehova.

Pula e ile ya na matsatsi a 40 bosiu le motshehare, yaba e ya emisa. Butlebutle metsi a nna a fokotseha. Qetellong areka ya dula hodima thaba. Noe le lelapa la hae ha baa ka ba tswa ka arekeng ka nako eo hobane metsi a ne a ntse a tletse hohle.

Jwale metsi a ile a nna a fokotseha. Noe le lelapa la hae ba qetile nako e fetang selemo ba le ka arekeng. Yaba Jehova o ba bolella hore ba tswe ka arekeng mme ka nako eo batho ba etsang dintho tse mpe ba ne ba se ba le siyo lefatsheng. Ba ne ba thabile hore ebe Jehova o ba pholositse, yaba ba etsetsa Jehova sehlabelo.

Jehova le yena o ile a thabela sehlabelo sena. O ile a re a ke ke a hlola a bolaya batho le diphoofolo ka morwallo. Jehova o ile a etsa mookodi ho bontsha hore a ke ke a hlola a tlisa morwallo. Na o kile wa bona mookodi?

Jwale Jehova o ile a bolella Noe le lelapa la hae hore ba be le bana ba bangata lefatsheng.

‘Noe o ile a kena ka arekeng, mme [batho] ba se ke ba elellwa ho fihlela morwallo o tla mme o ba hohola bohle.’—Matheu 24:38, 39