Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 7

Tora ya Babele

Tora ya Babele

Ka mora Morwallo, bara ba Noe le basadi ba bona ba ile ba ba le bana ba bangata. Malapa a ile a hola, yaba a ya dibakeng tse ngata tsa lefatshe, feela jwalokaha Jehova a ne a ba boleletse.

Empa batho ba bang ba ne ba sa mamele Jehova. Ba ile ba re: ‘A re haheng motse oo re tla dula ho wona. Re tla haha tora e telele e fihlang lehodimong. Re tla tsejwa ke batho ba bangata.’

Jehova o ne a sa rate ha batho bana ba haha tora, yaba o a ba thibela. Na o a tseba hore o ile a ba thibela jwang? O ile a etsa hore ba bue dipuo tse sa tshwaneng. Ka lebaka leo, ba ile ba tlohela ho haha hobane ba ne ba se ba sa utlwane. Motse oo ba neng ba o haha o ile wa bitswa Babele, e bolelang “Pherekano.” Batho ba ile ba tloha yaba ba ya dibakeng tse ding tsa lefatshe. Empa ba nna ba etsa dintho tse mpe ha ba fihla dibakeng tseo. Na batho ba ratang Jehova ba ne ba ntse ba le teng? Re tla fumana karabo kgaolong e latelang.

“E mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, empa ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”​—Luka 18:14