Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 8

Abrahama le Sara ba Ile ba Mamela Molimo

Abrahama le Sara ba Ile ba Mamela Molimo

Haufi le Babele ho ne ho e-na le motse o bitsoang Ure ’me batho ba moo ba ne ba sa rapele Jehova, empa ba rapela melimo e meng. Hona motseng oo, ho ne ho e-na le monna ea neng a rapela Jehova. Lebitso la hae ke Abrahama.

Jehova o ile a re ho Abrahama: ‘Tloha motseng oa heno, le ho batho ba heno, u ee naheng eo ke tla u bontša eona.’ Eaba Molimo o re ho eena: ‘U tla fetoha sechaba se seholo, ke tla etsetsa batho bohle lintho tse ntle ka lebaka la hao.’

Abrahama o ne a sa tsebe hore na Jehova o mo roma hokae, empa o ne a mo tšepa. Eaba Abrahama, mosali oa hae Sara, ntate oa hae Tera le Lota, ba mamela taelo ea Jehova ’me ba phutha lintho tsohle tsa bona ba kena tseleng.

Abrahama o ne a le lilemo li 75 ha eena le ba lelapa la hae ba fihla naheng eo Jehova a ba tšepisitseng eona. Naha eo e bitsoa Kanana. Ha ba le moo Molimo o ile a tšepisa Abrahama a re: ‘Naha ena eohle eo u e bonang ke tla e fa bana ba hao.’ Empa Abrahama le Sara ba ne ba se ba tsofetse ’me ba se na bana. Joale Jehova o ne a tla phethahatsa tšepiso ee joang?

“Ka tumelo Abrahama . . . o ile a mamela ka hore a tsoe ho ea kena sebakeng seo a neng a reretsoe ho se amohela e le lefa; o ile a tsoa, le hoja a ne a sa tsebe moo a neng a e-ea teng.”—Baheberu 11:8