Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 8

Abrahama le Sara ba Ile ba Mamela Modimo

Abrahama le Sara ba Ile ba Mamela Modimo

Haufi le Babele ho ne ho na le motse o bitswang Ure. Batho ba moo ba ne ba sa rapele Jehova. Ba ne ba rapela medimo e meng. Empa ho ne ho na le monna ya neng a rapela Jehova feela motseng wa Ure. Lebitso la hae ke Abrahama.

Jehova o ile a re ho Abrahama: ‘Tloha motseng wa heno, le ho batho ba heno, o ye naheng eo ke tla o bontsha yona.’ Yaba Modimo o re ho yena: ‘O tla fetoha setjhaba se seholo, ke tla etsetsa batho kaofela lefatsheng dintho tse ntle ka lebaka la hao.’

Abrahama o ne a sa tsebe hore na Jehova o mo roma hokae, empa o ile a tshepa Jehova. Yaba Abrahama, mosadi wa hae Sara, le ntate wa hae Tera, le ngwana abuti wa hae ya bitswang Lota, ba mamela taelo ya Jehova. Ba ile ba nka dintho tsohle tsa bona yaba baa tsamaya.

Abrahama o ne a le dilemo di 75 ha yena le ba lelapa la hae ba fihla naheng eo Jehova a ba isitseng ho yona. Naha eo e bitswa Kanana. Ha ba le moo Modimo o ile a tshepisa a re: ‘Naha ena kaofela eo o e bonang ke tla e fa bana ba hao.’ Jehova o ne a tla fa bana ba Abrahama naha eo jwang hobane yena le Sara ba ne ba se ba tsofetse hape ba se na bana?

“Ka tumelo Abrahama . . . o ile a mamela ka hore a tswe ho ya kena sebakeng seo a neng a reretswe ho se amohela e le lefa; o ile a tswa, le hoja a ne a sa tsebe moo a neng a e ya teng.”—Baheberu 11:8