Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 9

Abrahama le Sara ba ba le Mora

Abrahama le Sara ba ba le Mora

E se e le lilemo tse ngata Abrahama le Sara ba nyalane. Ba ne ba tlohile motseng oa habo bona o ruileng oa Ure ’me joale ba lula litenteng. Empa Sara o ne a sa belaele ka seo, kaha o ne a tšepile Jehova.

Sara o ne a batla ngoana hoo a ileng a re ho Abrahama: ‘Haeba Hagare mosebeletsi oa ka a ka ba le ngoana, ho tla tšoana leha e le oa ka.’ Ha nako e ntse e ea, Hagare o ile a ba le mora. Lebitso la hae e ne e le Ishmaele.

Ha Abrahama a le lilemo li 99 ’me Sara a le lilemo li 89, ba ile ba e-ba le baeti ba bararo. Abrahama o ile a re ba lule tlas’a sefate ’me a ba fa lijo. Na oa tseba hore baeti bao e ne e le bo-mang? E ne e le mangeloi! A ile a re ho Abrahama: ‘Selemong se tlang ka eona nako ena, uena le mosali oa hao le tla ba le mora.’ Sara o ne a le ka tenteng a mametse ha mangeloi a ntse a bua. O ile a tšeha ’me a re ka pelong: ‘Na kannete nka ba le ngoana empa ke tsofetse tjee?’

Selemong se latelang Sara o ile a ba le mora feela joalokaha lengeloi la Jehova le ne le boletse. Abrahama o ile a mo reha Isaka, e bolelang “Litšeho.”

Ha Isaka a le lilemo li ka bang hlano, Sara o ile a hlokomela hore Ishmaele o soma Isaka. O ne a batla ho sireletsa mora oa hae. Kahoo, a kopa Abrahama hore a leleke Hagare le mora oa hae Ishmaele. Qalong, Abrahama o ne a sa batle ho ba leleka. Empa Jehova o ile a re ho Abrahama: ‘Mamela seo Sara a se buang. Ke tla hlokomela Ishmaele. Ha e le hantle, ke tla sebelisa Isaka ho phethahatsa litšepiso tsa ka.’

“Ka tumelo le eena Sara o ile a amohela matla a ho emola peō, . . . kaha o ile a nka hore ea neng a tšepisitse oa tšepahala.”—Baheberu 11:11