Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 9

Qetellong ba ba le Mora!

Qetellong ba ba le Mora!

E se e le dilemo tse ngata Abrahama le Sara ba nyalane. Ba ne ba tlohile ntlong ya bona e ntle kwana motseng wa Ure mme jwale ba se ba dula tenteng. Leha ho le jwalo Sara o ne a ntse a thabile hobane o ne a tshepa Jehova.

Sara o ne a batla ngwana hoo a ileng a re ho Abrahama: ‘Haeba Hagare mosebeletsi wa ka a ka ba le ngwana, ho tla tshwana leha e le wa ka.’ Ha nako e ntse e ya, Hagare o ile a ba le mora. Lebitso la hae e ne e le Ishmaele.

Ha Abrahama a le dilemo di 99, mme Sara a le dilemo di 89, ba ile ba ba le baeti ba bararo. Abrahama o ile a re ba dule tlasa sefate mme a ba fa dijo. Na o a tseba hore baeti bao e ne e le bomang? E ne e le mangeloi! A ile a re ho Abrahama: ‘Selemong se tlang ka yona nako ena, wena le mosadi wa hao le tla ba le mora.’ Sara o ne a le ka tenteng a mametse ha mangeloi a ntse a bua. O ile a tsheha mme a re ka pelong: ‘Na kannete nka ba le ngwana empa ke tsofetse tjee?’

Selemong se latelang Sara o ile a ba le mora feela jwalokaha lengeloi la Jehova le ne le boletse. Abrahama o ile a mo reha Isaka, e bolelang “Ditsheho.”

Ha Isaka a le dilemo di ka bang hlano, Sara o ile a hlokomela hore Ishmaele o tshehisa ka Isaka. O ne a batla ho sireletsa mora wa hae, kahoo a kopa Abrahama hore a leleke Hagare le mora wa hae Ishmaele. Qalong, Abrahama o ne a sa batle ho ba leleka. Empa Jehova o ile a re ho Abrahama: ‘Mamela seo Sara a se buang. Ke tla hlokomela Ishmaele. Ha e le hantle, ke tla sebedisa Isaka ho phethahatsa ditshepiso tsa ka.’

“Ka tumelo le yena Sara o ile a amohela matla a ho emola [ngwana], . . . kaha o ile a nka hore ya neng a tshepisitse o a tshepahala.”—Baheberu 11:11