Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 10

Hopolang Mosali oa Lota

Hopolang Mosali oa Lota

Lota o ne a lula le rangoane oa hae Abrahama naheng ea Kanana. Ha nako e ntse e ea, Abrahama le Lota ba ile ba e-ba le liphoofolo tse ngata haholo ’me makhulo a haella. Abrahama o ile a re ho Lota: ‘Re ke ke ra khona ho lula ’moho. Ke kopa u khethe sebaka seo u batlang ho ea ho sona. ’Na ke tla nka sebaka se setseng.’ Na oa bona hore Abrahama o ne sa batle hore e be eena ea khethang pele?

Lota o ile a bona sebaka se setle haufi le motse oa Sodoma. Se ne se e-na le metsi a mangata le joang bo botala. O ile a khetha ho ea sebakeng seo ’me a lula ho sona le ba lelapa la hae.

Batho ba Sodoma le ba motseng o mong o haufi le moo oa Gomora, ba ne ba etsa lintho tse mpe. Ba ne ba le babe hoo Jehova a ileng a khetha ho ba felisa. Molimo o ne a batla ho sireletsa Lota le ba lelapa la hae. Kahoo, a romela mangeloi a mabeli hore a re ho bona: ‘Balehang! Tsoang motseng ona! Jehova o tl’o o felisa.’

Lota ha aa ka a tsamaea hang-hang. O ile a lieha. Eaba mangeloi a tšoara Lota, mosali oa hae le barali ba hae ka matsoho a ba ntšetsa ka ntle ho motse, a re: ‘Balehang! Le se ke la hetla morao. Ha le ka hetla, le tla shoa!’

Ha ba fihla motseng oa Zooare, Jehova o ile a felisa motse oa Sodoma le oa Gomora ka mollo le sebabole. Mosali oa Lota ha aa ka a mamela Jehova. O ile a hetla eaba o fetoha sefika sa letsoai. Empa Lota o ile a sireletseha hammoho le barali ba hae, kaha ba ile ba mamela Jehova. E tlameha ebe o ile a utloa bohloko hore ebe mosali oa hae o ile a hetla ’me barali ba hae le bona ba utloa bohloko. Empa ba ne ba thabile hore ebe ba mametse Jehova.

“Hopolang mosali oa Lota.” —Luka 17:32