Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 10

Hopolang Mosadi wa Lota

Hopolang Mosadi wa Lota

Lota o ne a dula le rangwane wa hae Abrahama naheng ya Kanana. Ha nako e ntse e ya, Abrahama le Lota ba ile ba ba le diphoofolo tse ngata haholo empa ho ne ho se na sebaka se lekaneng. Abrahama o ile a re ho Lota: ‘Re ke ke ra kgona ho dula mmoho. Ke kopa o kgethe sebaka seo o batlang ho ya ho sona, nna ke tla nka sebaka se setseng.’ Na o a bona hore Abrahama o ne a sa batle hore e be yena ya kgethang pele?

Lota o ile a bona sebaka se setle haufi le motse wa Sodoma. Se ne se e na le metsi a mangata le jwang bo botala. O ile a kgetha ho ya sebakeng seo mme a dula ho sona le ba lelapa la hae.

Batho ba Sodoma le ba motseng o mong o haufi le moo wa Gomora, ba ne ba etsa dintho tse mpe. Ba ne ba le babe hoo Jehova a ileng a kgetha ho ba bolaya. Modimo o ne a batla ho sireletsa Lota le ba lelapa la hae, yaba o romela mangeloi a mabedi hore a re ho bona: ‘Balehang! Tswang motseng ona! Jehova o tlo o fedisa.’

Lota ha aa ka a tsamaya hanghang. O ile a dieha. Yaba mangeloi a tshwara Lota, mosadi wa hae le baradi ba hae ka matsoho a ba ntshetsa ka ntle ho motse, a re: ‘Balehang! Le se ke la sheba morao. Ha le ka sheba morao, le tla shwa!’

Ha ba fihla motseng wa Zoware, Jehova o ile a fedisa motse wa Sodoma le wa Gomora ka mollo le sebabole. Mosadi wa Lota ha aa ka a mamela Jehova, o ile a sheba morao yaba o fetoha sefika sa letswai! Empa Lota o ile a sireletseha hammoho le baradi ba hae, kaha ba ile ba mamela Jehova. E tlameha ebe o ile a utlwa bohloko hore ebe mosadi wa hae o ile a sheba morao, mme baradi ba hae le bona ba utlwa bohloko. Empa ba ne ba thabile hore e be ba mametse Jehova.

“Hopolang mosadi wa Lota.” —Luka 17:32