Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 11

Abrahama o ne a E-na le Tumelo

Abrahama o ne a E-na le Tumelo

Abrahama o ile a ruta mora oa hae Isaka hore a rate Jehova le hore a tšepe litšepiso tsohle tsa Jehova. Empa ha Isaka a le lilemo li ka bang 25, Jehova o ile a re Abrahama a etse ntho eo ho neng ho le thata hore a e etse. O ile a re a etse’ng?

Molimo o ile a re ho Abrahama: ‘Ke kopa hore u nke mora oa hao ea mong u mo etse sehlabelo thabeng ea Moria.’ Abrahama o ne a sa tsebe hore na ke hobane’ng ha Jehova a ne a re a etse joalo. Empa o ile a etsa seo Jehova a itseng a se etse.

Hoseng ha letsatsi le latelang, Abrahama o ile a kena tseleng le Isaka le bahlanka ba hae ba babeli, ba ea thabeng ea Moria. Ka mor’a matsatsi a mararo, ba bonela thaba eo hole. Abrahama o ile a re bahlanka ba hae ba sale moo, ha eena le Isaka ba il’o etsa sehlabelo. Abrahama o ile a fa Isaka patsi ’me eena a nka thipa. Isaka o ile a botsa ntate oa hae a re: ‘E kae phoofolo eo re il’o etsa sehlabelo ka eona?’ Abrahama a re: ‘Mora oa ka, Jehova o tla re fa eona.’

Qetellong ha ba fihla thabeng eo, ba haha aletare. Eaba Abrahama o tlama Isaka maoto le matsoho, o mo beha holim’a aletare.

Abrahama o ile a ntša thipa. Hang-hang lengeloi la Jehova la hoeletsa Abrahama le le leholimong, la re: ‘Abrahama! U se ke oa bolaea mora oa hao! Joale kea tseba hore u na le tumelo ho Molimo hobane ha oa hana ho etsa sehlabelo ka mora oa hao.’ Abrahama o ile a bona nku e le har’a sehlahla. Eaba o fasolla Isaka maoto le matsoho, ’me a etsa nku sehlabelo ho e-na le Isaka.

Ho tloha letsatsing leo, Jehova o ile a bitsa Abrahama motsoalle oa hae. Na oa tseba hore na ke hobane’ng? Abrahama o ne a etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a neng a re a e etse, leha a ne a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Jehova a re a e etse.

Jehova o ile a pheta tšepiso ea hae ho Abrahama, a re: ‘Ke tla u hlohonolofatsa ’me bana ba hao ba tla ba bangata.’ Sena se bolela hore Jehova o ne a tla sebelisa lelapa la Abrahama ho hlohonolofatsa batho bohle ba lokileng.

“Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a le mong, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16