Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 11

Teko ya Tumelo

Teko ya Tumelo

Abrahama o ile a ruta mora wa hae Isaka hore a rate Jehova le hore a tshepe ditshepiso tsohle tsa Jehova. Empa ha Isaka a le dilemo di ka bang 25, Jehova o ile a re Abrahama a etse ntho eo ho neng ho le thata hore a e etse. O ile a re a etseng?

Modimo o ile a re ho Abrahama: ‘Ke kopa hore o nke mora wa hao ya mong o mo etse sehlabelo Thabeng ya Moria.’ Abrahama o ne a sa tsebe hore na ke hobaneng ha Jehova a ne a re a etse jwalo. Empa o ile a etsa seo Jehova a itseng a se etse.

Hoseng ha letsatsi le latelang, Abrahama o ile a kena tseleng le Isaka le bahlanka ba hae ba babedi, ba ya Thabeng ya Moria. Ka mora matsatsi a mararo, ba bonela thaba eo hole. Abrahama o ile a re bahlanka ba hae ba sale moo, ha yena le Isaka ba ilo etsa sehlabelo. Abrahama o ile a fa Isaka patsi, mme yena a nka thipa. Isaka o ile a botsa ntate wa hae a re: ‘E kae phoofolo eo re ilo etsa sehlabelo ka yona?’ Abrahama a re: ‘Mora wa ka, Jehova o tla re fa yona.’

Qetellong ha ba fihla thabeng eo, ba haha aletare. Yaba Abrahama o tlama Isaka maoto le matsoho, o mo beha hodima aletare.

Abrahama o ile a ntsha thipa. Hanghang lengeloi la Jehova la hweletsa Abrahama le le lehodimong, la re: ‘Abrahama! O se ke wa bolaya mora wa hao! Jwale ke a tseba hore o na le tumelo ho Modimo hobane ha o wa hana ho etsa sehlabelo ka mora wa hao.’ Abrahama o ile a bona nku e le hara sehlahla. Yaba o fasolla Isaka maoto le matsoho, mme a etsa sehlabelo ka nku e seng ka Isaka.

Ho tloha letsatsing leo, Jehova o ile a bitsa Abrahama motswalle wa hae. Na o wa tseba hore na ke hobaneng? Abrahama o ne a etsa ntho e nngwe le e nngwe eo Jehova a neng a re a e etse, le ha a ne a sa utlwisise hore na ke hobaneng ha Jehova a re a e etse.

Jehova o ile a bua hape le Abrahama a re: ‘Ke tla o hlohonolofatsa, mme bana ba hao ba tla ba bangata.’ Sena se bolela hore Jehova o ne a tla sebedisa lelapa la Abrahama ho hlohonolofatsa batho bohle ba lokileng.

“Modimo o ratile lefatshe haholo hoo a ileng a fana ka Mora wa hae ya tswetsweng a le mong, e le hore e mong le e mong ya bontshang tumelo ho yena a se ke a timetswa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16