Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 12

Jakobo o Fuwa Lefa

Jakobo o Fuwa Lefa

Isaka o ne a le dilemo di 40 ha a nyala Rebeka. O ne a mo rata haholo. Ha nako e ntse e ya, ba ile ba ba le mafahla a bashanyana.

Lefahla le leholo e ne e le Esau, le lenyenyane e le Jakobo. Esau o ne a rata ho ya naheng le ho tsoma. Empa Jakobo o ne a rata ho dula hae.

Mehleng eo, ha ntate a hlokahala mora wa hae e moholo o ne a fuwa setsha se seholo le tjhelete e ngata. Ho ne ho thwe o fuwa lefa. Lelapeng la Isaka, seo se ne se bolela hore Esau o tla fuwa dintho tseo Jehova a neng a di tshepisitse Abrahama. Esau o ne a se na taba le ditshepiso tseo tsa Jehova, empa Jakobo yena o ne a tseba hore ke tsa bohlokwa.

Ka le leng Esau o ile a fihla a kgathetse haholo ha a tswa tsoma. O ile a utlwa ho nkga dijo tse monate tseo Jakobo a di phehileng, yaba o re: ‘Ke shwele ke tlala! A ko mphe setjhu seo ke se je!’ Jakobo a re: ‘Ke tla o fa, empa ntshepise pele hore o tla mpha lefa la hao.’ Esau a re: ‘Ha ke na taba le lefa! Le nke. Nna ke batla feela ho ja.’ Na o nahana hore Esau o entse ntho e ntle? Tjhe, ha aa etsa ntho e ntle. Esau o ile a fana ka ntho ya bohlokwa haholo ka lebaka feela la setjhu.

Ha Isaka a se a tsofetse, ho ile ha fihla nako ya hore a fe lefahla le leholo lefa. Empa Rebeka o ile a thusa Jakobo hore e be yena ya fuwang lefa. Esau o ile a tseba ka taba ena, mme a kwata haholo hoo a ileng a rera ho bolaya ngwanabo. Isaka le Rebeka ba ne ba batla ho sireletsa Jakobo, yaba ba re ho yena: ‘Tsamaya o ilo dula le malome wa hao Labane, ho fihlela bohale ba Esau bo fedile.’ Jakobo o ile a mamela keletso ya batswadi ba hae yaba o a baleha.

“Ho na le molemo ofe ha motho a rua lefatshe lohle mme a lahlehelwa ke moya wa hae? Ka sebele, ke eng seo motho a neng a tla fana ka sona e le phapanyetsano bakeng sa moya wa hae?”—Mareka 8:36, 37