Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 13

Jakobo le Esau ba Bopa Khotso

Jakobo le Esau ba Bopa Khotso

Jehova o ile a bolella Jakobo hore o tla mo sireletsa joalokaha a ile a sireletsa Abrahama le Isaka. Jakobo o ile a lula sebakeng se bitsoang Harane ’me ha a le moo, a nyala, a ba le lelapa le leholo ’me a rua haholo.

Ha nako e ntse e ea, Jehova o ile a re ho Jakobo: ‘Khutlela naheng ea heno.’ Kahoo, Jakobo a kena leetong le lelelele le ba lelapa la hae a khutlela naheng ea habo. Ha a le tseleng a kopana le batho ba ileng ba re ho eena: ‘Mor’eno Esau o tseleng, o tla le banna ba 400!’ Jakobo o ile a tšoha a nahana hore Esau o batla ho mo loantša le ba lelapa la hae. O ile a rapela Jehova a re: ‘Ke kopa u mpholose ho mor’eso.’ Letsatsing le latelang Jakobo o ile a romella Esau linku, lipoli, likhomo, likamele le litonki e le mpho.

Bosiung boo, ha Jakobo a ntse a le mong, o ile a bona lengeloi. Lengeloi leo le ile la qala ho loana le eena. Ba ile ba loana ho fihlela hoseng. Jakobo o ile a loana, le hoja a ne a tsoile kotsi. Lengeloi le ile la re: ‘Ntlohele ke tsamaee.’ Jakobo a re: ‘Ntlhohonolofatse pele.’

Qetellong lengeloi leo le ile la hlohonolofatsa Jakobo. Kahoo, Jakobo a tseba hore Jehova a ke ke a lumella Esau hore a mo ntše kotsi.

Hoseng hoo Jakobo o ile a bona Esau le banna ba 400 ba sa le hole. Jakobo a tsamaella pele ho ba lelapa la hae ’me ha a fihla ka pel’a Esau a inama ka makhetlo a supileng. Eaba Esau o mathela ho Jakobo o fihla a mo haka. Ba ile ba lla ’me ba bopa khotso. U nahana hore Jehova o ile a ikutloa joang ka tsela eo Jakobo a entseng lintho ka eona?

Esau o ile a khutlela ha hae. Jakobo le eena a ea ha hae. Jakobo o ne a e na le bara ba 12. Mabitso a bona ke Rubene, Simeone, Levi, Juda, Dane, Nefthali, Gade, Ashere, Isakare, Zabulone, Josefa le Benjamine. Jehova o ile a sebelisa e mong oa bona, e leng Josefa, ho sireletsa batho ba hae. Na oa tseba hore na o ile a mo sebelisa joang? A re bone.

“Tsoelang pele ho rata lira tsa lona le ho rapella ba le hlorisang; e le hore le ka ba bara ba Ntat’a lona ea leng maholimong.”—Matheu 5:44, 45