Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 13

Jakobo le Esau ba Bopa Kgotso

Jakobo le Esau ba Bopa Kgotso

Jehova o ile a bolella Jakobo hore o tla mo sireletsa jwalokaha a ile a sireletsa Abrahama le Isaka. Jakobo o ile a dula sebakeng se bitswang Harane, mme ha a le moo a nyala, a ba le lelapa le leholo, mme a rua haholo.

Ha nako e ntse e ya, Jehova o ile a re ho Jakobo: ‘Kgutlela naheng ya heno.’ Kahoo, Jakobo a kena leetong le lelelele le ba lelapa la hae a kgutlela naheng ya habo. Ha a le tseleng a kopana le batho ba ileng ba re ho yena: ‘Esau o tseleng, o tla le banna ba 400!’ Jakobo o ile a tshoha. O ne a nahana hore Esau o batla ho mo lwantsha le ba lelapa la hae. O ile a rapela Jehova a re: ‘Ke kopa o mpholose ho Esau.’ Letsatsing le latelang Jakobo o ile a romella Esau dinku, dipodi, dikgomo, dikamele le ditonki e le mpho.

Bosiung boo, ha Jakobo a ntse a le mong, o ile a bona lengeloi! Lengeloi leo le ile la qala ho lwana le yena. Ba ile ba lwana ho fihlela hoseng. Jakobo o ile a lwana, le hoja a ne a lemetse. Lengeloi le ile la re: ‘Ntlohele ke tsamaye.’ Jakobo a re: ‘Ntlhohonolofatse pele.’

Qetellong lengeloi leo le ile la hlohonolofatsa Jakobo. Kahoo, Jakobo a tseba hore Jehova a ke ke a dumella Esau hore a mo ntshe kotsi.

Hoseng hoo Jakobo o ile a bona Esau le banna ba 400 ba sa le hole. Jakobo a tsamaella ka pele ho ba lelapa la hae, mme ha a fihla ka pela Esau a inama ka makgetlo a supileng. Yaba Esau o mathela ho Jakobo o fihla a mo haka. Ba ile ba lla mme ba bopa kgotso. O nahana hore Jehova o ile a ikutlwa jwang ka tsela eo Jakobo a entseng dintho ka yona?

Esau o ile a kgutlela ha hae, Jakobo le yena a ya ha hae. Jakobo o ne a na le bara ba 12. Mabitso a bona ke Rubene, Simeone, Levi, Juda, Dane, Nefthali, Gade, Ashere, Isakare, Zabulone, Josefa le Benjamine. Jehova o ile a sebedisa e mong wa bona, e leng Josefa, ho sireletsa batho ba hae. Na o a tseba hore na o ile a mo sebedisa jwang? A re bone.

“Tswelang pele ho rata dira tsa lona le ho rapella ba le hlorisang; e le hore le ka ba bara ba Ntata lona ya leng mahodimong.”—Matheu 5:44, 45