Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 14

Lekhoba le Ileng la Mamela Molimo

Lekhoba le Ileng la Mamela Molimo

Josefa e ne e le e mong oa bara ba Jakobo. Banab’abo ba ne ba tseba hore ntate oa bona o mo rata haholo. U nahana hore ba ne ba ikutloa joang? Ba ne ba le mona ebile ba mo hloile. Josefa o ile a lora litoro tse sa tloaelehang ’me a li bolella banab’abo. Ba ile ba nahana hore litoro tseo li bolela hore ka le leng ba tla lokela ho mo khumamela. Kahoo, ba mo hloea le ho feta!

Ka letsatsi le leng, banab’abo Josefa ba ne ba lisitse linku haufi le motse oa Shikeme. Eaba Jakobo o roma Josefa hore a e’o ba sheba hore na ba ntse ba le hantle. Ba ile ba bona Josefa a sa tla le hole, eaba ba re: ‘Moshanyana eane ea ratang ho lora ke eo. A re mo bolaeeng!’ Ba mo tšoara, ba mo lahlela ka sekoting se tebileng. Empa abuti oa hae e mong ea bitsoang Juda a re: ‘A re se keng ra mo bolaea. A re mo rekiseng hore e il’o ba lekhoba.’ Kahoo, ba mo rekisetsa bahoebi ba Bamidiane ka lichelete tse 20 tsa silevera.

Eaba bo-abuti ba Josefa ba kenya seaparo sa hae ka maling a poli, ba se isa ho ntate oa bona ’me ba re: ‘Na seaparo see hase sa mora oa hao?’ Jakobo o ne a nahana hore Josefa o bolailoe ke liphoofolo tse hlaha. Kahoo, a utloa bohloko haholo. Ho ne ho se na motho ea ka khonang ho mo tšelisa.

Josefa o ile a rekisetsoa molaoli oa Egepeta ea bitsoang Potifaro. Empa Jehova ha aa ka a lahla Josefa. Potifaro o ile a bona hore Josefa o sebetsa ka thata le hore oa tšepahala. Kahoo, a mo beha hore a hlokomele lintho tsohle tsa ntlo ea hae.

Mosali oa Potifaro o ile a bona hore Josefa o motle ebile o matla. Eaba o kopa Josefa hore a robale le eena. Josefa o ile a etsa’ng? O ile a hana, a re: ‘Nke ke ka robala le uena! Ke ntho e fosahetseng. Potifaro oa ntšepa ’me uena u mosali oa hae. Haeba ke robala le uena, ke tla be ke entse sebe mahlong a Molimo!’

Ka letsatsi le leng, mosali oa Potifaro a leka ho qobella Josefa hore a robale le eena. A mo tšoara ka liaparo, empa Josefa a baleha. Ha Potifaro a fihla hae, mosali oa hae a re Josefa o mo hlekefelitse. O ne a sa bue ’nete. Potifaro a halefa haholo, eaba o koalla Josefa teronkong. Empa Jehova ha aa ka a lebala Josefa.

“Le ikokobetse tlas’a letsoho le matla la Molimo, e le hore a ka le phahamisa nakong e loketseng.”—1 Petrose 5:6