Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 14

Lekgoba le Ileng la Mamela Modimo

Lekgoba le Ileng la Mamela Modimo

Josefa e ne e le e mong wa bara ba Jakobo. Banababo ba ne ba tseba hore ntate wa bona o mo rata haholo. O nahana hore ba ne ba ikutlwa jwang? Ba ne ba mo jella mona ebile ba mo hloile. Josefa o ile a lora ditoro tse sa tlwaelehang, mme a di bolella banababo. Ba ile ba nahana hore ditoro tseo di bolela hore ka le leng ba tla lokela ho mo kgumamela. Kahoo, ba mo hloya le ho feta!

Ka letsatsi le leng, banababo Josefa ba ne ba disitse dinku haufi le motse wa Shikeme. Yaba Jakobo o roma Josefa hore a eo ba sheba hore na ba ntse ba le hantle. Ba ile ba bona Josefa a sa tla le hole, yaba ba re: ‘Moshanyana yane ya ratang ho lora ke eo. A re mo bolayeng!’ Ba mo tshwara, ba mo lahlela ka sekoting se tebileng. Empa abuti wa hae e mong ya bitswang Juda a re: ‘A re se keng ra mo bolaya! A re mo rekiseng hore e ilo ba lekgoba.’ Kahoo, ba mo rekisetsa bahwebi ba Bamidiane ka ditjhelete tse 20 tsa silevera.

Yaba bo abuti ba Josefa ba kenya seaparo sa hae ka mading a podi, ba se isa ho ntate wa bona, mme ba re: ‘Na seaparo see hase sa mora wa hao?’ Jakobo o ne a nahana hore Josefa o jelwe ke diphoofolo tse hlaha. Kahoo, a utlwa bohloko haholo. Ho ne ho se motho ya kgonang ho mo tshedisa.

Josefa o ile a rekisetswa molaodi wa Egepeta ya bitswang Potifaro. Empa Jehova ha aa ka a lahla Josefa. Potifaro o ile a bona hore Josefa o sebetsa ka thata le hore o a tshepahala. Kahoo, a mo beha hore a hlokomele dintho tsohle tsa ntlo ya hae.

Mosadi wa Potifaro o ile a bona hore Josefa o motle ebile o matla. Tsatsi le leng le le leng o ne a kopa Josefa hore a robale le yena. Josefa o ile a etsang? O ile a hana, a re: ‘Nke ke ka robala le wena! Ke ntho e fosahetseng. Potifaro o a ntshepa, mme wena o mosadi wa hae. Haeba ke robala le wena, ke tla be ke entse sebe mahlong a Modimo!’

Ka letsatsi le leng, mosadi wa Potifaro a leka ho qobella Josefa hore a robale le yena. A mo tshwara ka diaparo, empa Josefa a baleha. Ha Potifaro a fihla hae, mosadi wa hae a re Josefa o mo hlekefeditse. O ne a sa bue nnete. Potifaro a halefa haholo, yaba o kwalla Josefa teronkong. Empa Jehova ha aa ka a lebala Josefa.

“Le ikokobetse tlasa letsoho le matla la Modimo, e le hore a ka le phahamisa nakong e loketseng.”—1 Petrose 5:6