Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 15

Jehova ha aa ka a Lebala Josefa

Jehova ha aa ka a Lebala Josefa

Ha Josefa a ntse a le teronkong, morena wa Egepeta ya bitswang Faro, o ile a lora ditoro tseo ho neng ho se motho ya ka di hlalosang. Mohlanka e mong wa Faro a mo bolella hore Josefa a ka kgona ho hlalosa ditoro tseo. Yaba Faro o re Josefa a bitswe hanghang.

Faro a mo botsa, a re: ‘Na o ka kgona ho hlalosa ditoro tsa ka?’ Josefa a re ho Faro: ‘Egepeta e tla ba le dijo tse ngata ka dilemo tse supileng, mme ka mora moo ho be le tlala ka dilemo tse ding tse supileng. Kgetha motho ya bohlale hore a bokelle dijo e le hore setjhaba sa hao se se ke sa bolawa ke tlala.’ Faro a re: ‘Ke kgetha wena! O tla ba motho ya phahameng haholo mona Egepeta!’ Josefa o tsebile jwang hore na ditoro tsa Faro di bolelang? O ne a thusitswe ke Jehova.

Josefa o ile a qeta dilemo tse supileng tse latelang a ntse a bokella dijo. Ka mora moo, ha e ba le tlala hohle, feela jwalokaha a buile. Batho ba tswang dibakeng tse ding ba tla ho tla reka dijo ho yena. Jakobo, ntate wa Josefa, o ne a utlwetse hore ho na le dijo Egepeta, yaba o roma bara ba hae ba leshome hore ba ilo di reka.

Bara ba Jakobo ba ile ba ya ho Josefa, mme hanghang a bona hore ke banababo. Empa bona ba ne ba sa tsebe hore ke Josefa. Ba mo kgumamela, feela jwalo ka ha Josefa a ne a lorile ha a sa le monyenyane. Josefa o ne a batla ho bona hore na banababo ba ntse ba le pelo e mpe kapa tjhe. Yaba o re ho bona: ‘Le dihlwela. Le batla ho bona hore na naha ya rona e fokola hokae.’ Ba re: ‘Tjhe! Re tswa Kanana ebile re bana ba motho; ha re felletse re 12. Ngwanabo rona e mong o shwele, athe e monyenyane o setse hae le Ntate.’ Josefa a re ho bona: ‘Ha ke le kgolwe, tloong le yena ke mo bone.’ Kahoo, ba kgutlela hae ho ntate wa bona.

Ha dijo tseo di fela, Jakobo a boela a roma bara ba hae Egepeta. Lekgetlong lena ba tsamaya le Benjamine, ngwanabo bona e monyenyane. E le ho ba leka, Josefa a pata lebekere la hae la silevera ka mokotleng wa Benjamine, mme a re banababo ba le utswitse. Ba ile ba tshoha ha bahlanka ba Josefa ba fumana lebekere leo ka mokotleng wa Benjamine. Ba kopa Josefa hore a mpe a fe bona kotlo ho e na le ho e fa Benjamine.

Jwale Josefa a bona hore banababo ba fetohile. O ne a se a sa kgone ho itshwara. A qala ho lla haholo mme a re: ‘Ke nna Josefa, ngwanabo lona. Na Ntate o ntse a phela?’ Banababo ba makala haholo. A re ho bona: ‘Le se ke la utlwa bohloko ka seo le nkentseng sona. Modimo o ntlisitse mona hore ke kgone ho le thusa. Jwale potlakang mme le tle le Ntate.’

Ba kgutlela hae, ba bolella ntate wa bona sohle se etsahetseng, mme ba ya le yena Egepeta. Ka mora dilemo tse ngata, Josefa le ntate wa hae ba boela ba kopana.

“Haeba le sa tshwarele batho ditshito tsa bona, le Ntata lona a ke ke a le tshwarela ditshito tsa lona.”​—Matheu 6:15