Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 16

Jobo e ne e le Mang?

Jobo e ne e le Mang?

Naheng ea Utse, ho ne ho e-na le monna ea rapelang Jehova. Lebitso la hae e ne e le Jobo. O ne a ruile ’me a e-na le lelapa le leholo. O ne a le mosa a bile a rata ho thusa mafutsana, basali ba shoetsoeng ke banna le bana ba se nang batsoali. Kaha Jobo o ne a etsa lintho tse ntle, na see se bolela hore o ne a sa tl’o ba le mathata?

Jobo o ne a sa tsebe hore Satane Diabolose o mo shebile. Jehova o ile a re ho Satane: ‘Na u bone mohlanka oa ka Jobo? Ha ho ea joaloka eena lefatšeng. Oa ’mamela ebile o etsa lintho tse lokileng.’ Satane a araba, a re: ‘E, oa u mamela. U mo sirelelitse, u mo hlohonolofalitse ebile u mo file masimo le liphoofolo. Empa ha u ka tlosa lintho tseo kaofela, a ke ke a hlola a u rapela.’ Jehova a re: ‘U ka li tlosa. Empa u se ke oa mo bolaea.’ Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella Satane hore a leke Jobo? O ne a kholisehile hore Jobo o tla lula a tšepahala.

Satane o ile a bakela Jobo mathata a mangata. A qala ka ho romela batho ba bitsoang Basabea hore ba utsoe likhomo le litonki tsa Jobo. Ka mor’a moo, mollo oa bolaea linku tsa Jobo kaofela. Batho ba bang ba bitsoang Bakalde ba ile ba utsoa likamele tsa hae ’me ba bolaea batho ba neng ba hlokometse liphoofolo tseo. Ka mor’a moo, ha etsahala ntho e mpe le ho feta. Bana bohle ba Jobo ba shoa ha ntlo eo ba leng ka ho eona e ba oela holimo. Jobo o ile a utloa bohloko, empa ha aa ka a tlohela ho sebeletsa Jehova.

Satane o ile a etsa hore Jobo a be le liso hohle ’meleng hobane a batla ho mo utloisa bohloko. Jobo o ne a opeloa haholo. O ne a sa tsebe hore na ke hobane’ng ha a etsahalloa ke lintho tsena. Leha ho le joalo, Jobo o ile a tsoela pele ho sebeletsa Jehova. Molimo o ne a bona lintho tsena kaofela ’me a thaba ha a bona hore Jobo oa tšepahala.

Ka mor’a moo, Satane o ile a romella banna ba bararo hore ba leke Jobo. Eaba ba re ho eena: ‘E tlameha ebe u patile sebe seo u se entseng. Joale Molimo oa u otla.’ Jobo a re: ‘Ha kea etsa letho le lebe.’ Empa o ile a qala ho nahana hore ke Jehova ea mo bakelang mathata ana kaofela ’me a re Molimo ha a na toka.

Mohlankana e mong ea bitsoang Elihu o ne a ntse a mametse ha ba bua. Eaba o re ho bona: ‘Lintho tseo le li buang ha se ’nete. Jehova o lokile. A ke ke a etsa bokhopo. O bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me o thusa batho ha ba na le mathata.’

Joale Jehova a bua le Jobo a re: ‘U ne u le hokae ha ke bopa leholimo le lefatše? Hobane’ng ha u re ha ke na toka? Ha u tsebe hore na ke hobane’ng ha lintho tsena li etsahala.’ Jobo o ile a lumela phoso ea hae ’me a re: ‘Ke fositse. Ke ile ka utloela ka uena, empa joale kea u tseba. Ha ho letho le ka u hlolang. Ke kopa u ntšoarele.’

Ka mor’a liteko tsena, Jehova o ile a folisa Jobo ’me a mo fa maruo a fetang ao a neng a e-na le ’ona pele. Jobo o ile a phela hamonate nako e telele. Jehova o ile a mo hlohonolofatsa hobane a ile a mamella leha ho ne ho le thata. Na le uena u tla lula u tšepahalla Jehova joaloka Jobo ho sa tsotellehe se ka ’nang sa u hlahela?

“Le utloile ka mamello ea Jobo ’me le bone phello eo Jehova a ileng a fana ka eona.”—Jakobo 5:11