Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 16

Jobo e ne e le Mang?

Jobo e ne e le Mang?

Naheng ya Utse, ho ne ho e na le monna ya rapelang Jehova. Lebitso la hae ke Jobo. O ne a ruile mme a e na le lelapa le leholo. A le mosa, a bile a rata ho thusa mafutsana, basadi ba shwetsweng ke banna le bana ba se nang batswadi. Kaha Jobo o ne a etsa dintho tse ntle, na see se bolela hore o ne a sa tlo ba le mathata?

Jobo o ne a sa tsebe hore Satane Diabolose o mo shebile. Jehova o ile a re ho Satane: ‘Na o bone mohlanka wa ka Jobo? Ha ho ya jwaloka yena lefatsheng. O a mmamela ebile o etsa dintho tse lokileng.’ Satane a araba, a re: ‘E, o a o mamela. O mo sireleditse ebile o mo hlohonolofaditse. Wa mo fa masimo le diphoofolo. Empa ha o ka tlosa dintho tseo kaofela a ke ke a hlola a o rapela.’ Jehova a re: ‘O ka nna wa leka Jobo. Empa o se ke wa mo bolaya.’ Ke hobaneng ha Jehova a ile a dumella Satane hore a leke Jobo? O ne a kgodisehile hore Jobo o tla dula a tshepahala.

Satane o ile a tlisetsa Jobo mathata a mangata. A qala ka ho romela batho ba bitswang Basabea hore ba utswe dikgomo le ditonki tsa Jobo. Ka mora moo, mollo wa bolaya dinku tsa Jobo kaofela. Batho ba bang ba bitswang Bakalde ba utswa dikamele tsa hae. Ba bolaya batho ba neng ba hlokometse diphoofolo tseo. Ka mora moo, ha etsahala ntho e mpe le ho feta. Bana bohle ba Jobo ba shwa ha ntlo eo ba leng ka ho yona e ba wela hodimo. Jobo o ile a utlwa bohloko, empa ha aa ka a tlohela ho sebeletsa Jehova.

Satane o ile a etsa hore Jobo a be le diso hohle mmeleng, hobane a batla ho mo utlwisa bohloko. Jobo o ne a opelwa haholo. O ne a sa tsebe hore na ke hobaneng ha a etsahallwa ke dintho tsena. Leha ho le jwalo, Jobo o ile a tswela pele ho sebeletsa Jehova. Modimo o ne a bona dintho tsena kaofela, mme a thabiswa ke botshepehi ba Jobo.

Ka mora moo, Satane o ile a romela banna ba bararo hore ba leke Jobo. Ba re ho yena: ‘E tlameha ebe o patile sebe seo o se entseng. Jwale Modimo o a o otla.’ Jobo a re: ‘Ha ke a etsa letho le lebe.’ Empa a qala ho nahana hore ke Jehova ya mo bakelang mathata ana kaofela, mme a re Modimo ha a na toka.

Mohlankana e mong ya bitswang Elihu o ne a ntse a mametse ha ba bua. O ile a re ho bona: ‘Dintho tseo le di buang hase nnete. Jehova o lokile. A ke ke a etsa bokgopo. O bona ntho e nngwe le e nngwe mme o thusa batho ha ba na le mathata.’

Jwale Jehova a bua le Jobo a re: ‘O ne o le hokae ha ke bopa lehodimo le lefatshe? Hobaneng ha o re ha ke na toka? Ha o tsebe hore na ke hobaneng ha dintho tsena di etsahala.’ Jobo o ile a dumela phoso ya hae mme a re: ‘Ke fositse. Ke ile ka utlwa ho buuwa ka wena, empa jwale ke a o tseba. Ha ho letho le ka o hlolang. Ke kopa o ntshwarele.’

Ka mora diteko tsena, Jehova o ile a fodisa Jobo, mme a mo fa maruo a fetang ao a neng a e na le ona pele. Jobo o ile a phela hamonate nako e telele. Jehova o ile a mo hlohonolofatsa hobane a ile a mamela le ha ho le thata. Na le wena o tla dula o rapela Jehova jwaloka Jobo, ho sa tsotellehe se ka nnang sa o hlahela?

“Le utlwile ka mamello ya Jobo mme le bone phello eo Jehova a ileng a fana ka yona.”​——Jakobo 5:11