Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 17

Moshe o Khetha ho Sebeletsa Jehova

Moshe o Khetha ho Sebeletsa Jehova

Ba lelapa la Jakobo ba ne ba tsejoa ka hore ke Baiseraele ha ba le Egepeta. Ka mor’a hore Jakobo le Josefa ba shoe, Faro e mong o ile a qala ho busa. O ne a tšaba hore Baiseraele ba tla ba matla ho feta Baegepeta. Kahoo, Faro a etsa Baiseraele makhoba. A ba qobella hore ba etse litene le hore ba sebetse ka thata masimong. Baiseraele ba ’na ba eketseha ka palo le hoja Baegepeta ba ne ba ba sebelisa ka thata. Faro ha aa ka a thabela seo. Kahoo, a laela hore masea ’ohle a bashemane a Baiseraele a bolaoe. Ak’u nahane feela hore na Baiseraele ba ile ba tšoha hakaakang!

’Mè e mong oa Moiseraele ea bitsoang Jokebede o ile a ba le ngoana oa moshemane ea motle. A mo kenya ka basketeng, eaba o mo pata mahlakeng a Nokeng ea Nile. Miriame o ne a lula a shebile baskete eo e le hore a bone hore na ho tla etsahala’ng ka ngoan’abo.

Ha morali oa Faro a tla nokeng ho tla tola, a bona baskete eo. Ha a e bula a fumana ngoana ea ntseng a lla, eaba o mo utloela bohloko. Miriame a mo botsa a re: ‘U batla ke u fumanele motho ea ka hlokomelang ngoana eo?’ Morali oa Faro o ile a lumela, eaba Miriame o bitsa ’mè oa hae Jokebede. Morali oa Faro a re ho eena: ‘Nka ngoana enoa, u ntlhokomelle eena. Ke tla u patala.’

Ha ngoana a se a holile, Jokebede o ile a mo khutlisetsa ho morali oa Faro. O ile a mo reha Moshe ’me a mo holisa e le mora oa hae. Moshe o ile a hola e le ngoana oa morena, a e-na le ntho e ’ngoe le ’ngoe eo a e batlang. Empa Moshe ha aa ka a lebala Jehova. O ne a tseba hore ha se Moegepeta, empa ke Moiseraele. Kahoo, a khetha ho sebeletsa Jehova.

Ha Moshe a le lilemo li 40, o ile a etsa qeto ea ho thusa batho ba habo. Moshe o ile a bona Moegepeta a otla Moiseraele. Kahoo, a otla Moegepeta eo a ba a mo bolaea. Moshe a pata setopo sa Moegepeta eo lehlabatheng. Faro ha a utloa ka seo, a leka ho bolaea Moshe. Empa Moshe a baleha, a ipata naheng ea Midiane. Ha a le moo, Jehova a mo hlokomela.

“Ka tumelo Moshe . . . o ile a hana ho bitsoa mora oa morali oa Faro, a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo.”—Baheberu 11:24, 25