Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 17

Moshe o Kgetha ho Sebeletsa Jehova

Moshe o Kgetha ho Sebeletsa Jehova

Ba lelapa la Jakobo ba ne ba tsejwa ka hore ke Baiseraele ha ba le Egepeta. Ka mora hore Jakobo le Josefa ba shwe, Faro e mong o ile a qala ho busa. O ne a tshaba hore Baiseraele ba tla ba matla ho feta Baegepeta. Kahoo, Faro a etsa Baiseraele makgoba. A ba qobella hore ba etse ditene le hore ba sebetse ka thata masimong. Baiseraele ba nna ba eketseha ka palo le hoja Baegepeta ba ne ba ba sebedisa ka thata. Faro ha aa ka a thabela seo, kahoo a laela hore masea ohle a bashemane a Baiseraele a bolawe. A ko nahane feela hore na Baiseraele ba ile ba tshoha hakaakang!

Mme e mong wa Moiseraele ya bitswang Jokebede o ile a ba le ngwana wa moshemane e motle. A mo kenya ka basketeng, yaba o mo pata mahlakeng a Nokeng ya Nile. Miriame, e leng ausi wa lesea leo, o ne a dula a shebile baskete eo e le hore a bone se tla etsahala ka ngwanabo.

Ha moradi wa Faro a tla nokeng ho tla tola, a bona baskete eo. Ha a e bula a fumana ngwana ya ntseng a lla, yaba o mo utlwela bohloko. Miriame a mo botsa a re: ‘O batla ke o fumanele motho ya ka hlokomelang ngwana eo?’ Moradi wa Faro o ile a dumela, yaba Miriame o bitsa mme wa hae Jokebede. Moradi wa Faro a re ho yena: ‘Nka ngwana enwa, o mo hlokomele, ke tla o patala.’

Ha ngwana a se a hodile, Jokebede o ile a mo kgutlisetsa ho moradi wa Faro, yaba moradi wa Faro o mo reha Moshe mme a mo hodisa e le mora wa hae. Moshe o ile a hola e le ngwana wa morena, a e na le ntho e nngwe le e nngwe eo a e batlang. Empa Moshe ha aa ka a lebala Jehova. O ne a tseba hore hase Moegepeta, empa ke Moiseraele. Kahoo, a kgetha ho sebeletsa Jehova.

Ha Moshe a le dilemo di 40, o ile a etsa qeto ya ho thusa batho ba habo. Moshe o ile a bona Moegepeta a otla Moiseraele, kahoo a otla Moegepeta eo, a ba a mo bolaya. Moshe a pata setopo sa Moegepeta eo lehlabatheng. Faro ha a utlwa ka seo, a leka ho bolaya Moshe. Empa Moshe a baleha, a ipata naheng ya Midiane. Ha a le moo, Jehova a mo hlokomela.

“Ka tumelo Moshe . . . o ile a hana ho bitswa mora wa moradi wa Faro, a kgetha ho tshwarwa hampe hammoho le setjhaba sa Modimo.”—Baheberu 11:24, 25