Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 18

Sehlahla se Tukang

Sehlahla se Tukang

Moshe o ile a dula Midiane ka dilemo tse 40. Ha a le moo, a nyala mme a ba le bana. Ka letsatsi le leng, ha a ntse a hlokometse dinku tsa hae pela Thaba ya Sinai, o ile a bona ntho e makatsang. Sehlahla sa meutlwa se ne se tuka, empa se sa tjhe! Ha Moshe a atamela ho bona hore na ho etsahalang, a utlwa lentswe le tswa sehlahleng mme le re: ‘Moshe! O se ke wa atamela moo. Rola dieta tsa hao hobane sebaka seo o emeng ho sona sea halalela.’ Ke Jehova ya neng a bua a sebedisa lengeloi.

Moshe o ile a tshoha, yaba o ipata sefahleho. Lentswe la re: ‘Ke bone tsela eo Baiseraele ba sotlehileng ka yona. Ke tla ba ntsha Egepeta ke ba ise naheng e ntle. Ke wena ya tla ba etella pele.’ Na ha o nahane hore seo se ile sa makatsa Moshe?

Moshe a botsa a re: ‘Ke tla reng ha batho ba mpotsa hore na ke ronngwe ke mang?’ Modimo a re: ‘O tla re Jehova, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaka le Modimo wa Jakobo ke yena ya o rommeng.’ Jwale Moshe a re: ‘Ke tla etsang haeba ba sa mmamele?’ Jehova a mo fa bopaki ba hore o tla mo thusa. A re Moshe a lahlele molamu wa hae fatshe. Yaba molamu oo o fetoha noha! Ha Moshe a tshwara noha eo ka mohatla, ya boela ya fetoha molamu. Jehova a re: ‘Pontsho ena e tla ba bopaki ba hore ke nna ya o rommeng.’

Moshe a re: ‘Ha ke tsebe ho bua hantle.’ Yaba Jehova o re ho yena: ‘Ke tla o bolella seo o lokelang ho se bua, mme ke tla romela abuti wa hao Arone hore a tlo o thusa.’ Moshe o ne a tseba hore Jehova o na le yena, kahoo a nka mosadi wa hae le bana mme ba kgutlela Egepeta.

“Le se ke la tshwenyeha ka hore na le tla bua jwang kapa eng; kaha seo le tla se bua le tla se fuwa ka hora eo.”—Matheu 10:19