Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 19

Dikotlo Tsa Pele Tse Tharo

Dikotlo Tsa Pele Tse Tharo

Baiseraele ba ile ba qobellwa hore ba sebetse ka thata e le makgoba. Jehova o ile a roma Moshe le Arone ho Faro, a re ba re ho yena: ‘Tlohela setjhaba sa ka hore se tsamaye se ilo ntshebeletsa lefeelleng.’ Faro a araba ka boikgohomoso a re: ‘Ha ke na taba hore na Jehova o reng, nke ke ka lokolla Baiseraele.’ Yaba Faro o ba sebedisa ka thata le ho feta. Jehova o ne a sa rate seo a se etsang. Na o a tseba hore na o ile a etsang? O ile a tlisetsa Baegepeta Dikotlo Tse Leshome. Yaba Jehova o re ho Moshe: ‘Faro ha a mmamele. Hoseng o tlo ya Nokeng ya Nile. E ya o mo bolelle hore kaha ha a batle ho lokolla batho ba ka, metsi a Noka ya Nile a tla fetoha madi.’ Moshe o ile a mamela yaba o ya ho Faro. Arone a otla metsi a Noka ya Nile ka molamu, yaba a fetoha madi Faro a ntse a shebile. Metsi a Noka ya Nile a qala ho nkga, mme ditlhapi tsa shwa le batho ba hloka metsi ao ba a nwang. Empa Faro a nna a hana ho lokolla Baiseraele.

Ka mora matsatsi a supileng, Jehova a re Moshe a kgutlele ho Faro, a re ho yena: ‘Haeba o sa tlohelle batho ba ka hore ba tsamaye, naha yohle ya Egepeta e tla tlala dinqanqana.’ Yaba Arone o phahamisa molamu wa hae, mme dinqanqana tsa tlala hohle. Tsa kena ka matlong, dibetheng le ka dijaneng. E le tsona feela hohle mona! Faro a re Moshe a kope Jehova hore a tlose dinqanqana tseo. A tshepisa hore o tla lokolla Baiseraele. Kahoo, Jehova a fedisa kotlo eo, mme Baegepeta ba bokella dinqanqana tse shweleng, ba di etsa diqubu tse ngata. Naha ya qala ho nkga. Empa Faro a boela a hana ho lokolla Baiseraele.

Jehova a re ho Moshe: ‘E re Arone a otle fatshe ka molamu wa hae, mme mobu o tla fetoha menwang e lomang ha bohloko.’ Hanghang menwang ya tlala hohle. Yaba Baegepeta ba bang ba re ho Faro: ‘Kotlo ena e tswa ho Modimo.’ Empa Faro ha aa ka a dumella Baiseraele hore ba tsamaye.

“Ke tla etsa hore ba tsebe letsoho la ka le matla a ka, mme ba tla lokela ho tseba hore lebitso la ka ke Jehova.”​—Jeremia 16:21